Ho Paka ka Boitšoaro bo Botle
1 Mokhatlong oa batho oa kajeno o lumellang ntho e ’ngoe le e ’ngoe, bacha ba bangata ka ho se tsotelle ba senya bophelo ba bona ka lithethefatsi, boitšoaro bo bobe, borabele le pefo. Ho fapana le hoo, boitšoaro bo behang mohlala ba bacha ba bangata ka phuthehong ea Bokreste boa khatholla ’me ka sebele ke ntho e ntle mahlong a Jehova. Bo sebeletsa e le bopaki bo matla bo ka ’nang ba hulela ba bang ’neteng.—1 Pet. 2:12.
2 Liphihlelo tse ngata li bontša hore boitšoaro bo botle ba bacha ba Bakreste bo bile le tšusumetso e ntle ho bashebelli. Tichere e ’ngoe ha e bua ka mocha oa Paki eo e neng e le morutoana oa eona, e ile ea bolella tlelase eohle hore Molimo oa ngoanana enoa, Jehova, ke Molimo oa ’nete. E boletse sena hobane ka linako tsohle boitšoaro ba ngoanana enoa e ne e le bo bontšang tlhompho. Tichere e ’ngoe e ile ea ngolla Mokhatlo, ’me ea re: “Ke lakatsa ho le babatsa ka bacha ba batle bao le nang le bona bolumeling ba lōna. . . . Ka sebele bacha ba lōna ke mohlala. Ba hlompha batho ba baholo, ba mekhoa e metle ’me ba apara ka bokhabane. Ba tseba Bibele ea bona hantle! Ka sebele ke kamoo bolumeli bo lokelang ho ba kateng!”
3 Tichere e ’ngoe e ile ea khahloa ke boitšoaro bo botle ba Paki e lilemo li supileng ka tlelaseng ea eona. E ile ea khahloa ke botho ba moshanyana enoa bo bonolo le bo khahlisang, e leng bona bo ileng ba mo khetholla ho bashanyana ba bang. E ile ea khahloa ke boikutlo ba hae bo tiileng ka litumelo tsa hae tsa bolumeli—a sa hlajoe ke lihlong ka ho ba ea fapaneng ka lebaka la seo a se lumelang. Tichere e ile ea hlokomela hore letsoalo la moshanyana enoa le ne le koetlisitsoe le hore o ne a khona ho “khetholla ka bobeli se nepahetseng le se fosahetseng.” (Baheb. 5:14) Qetellong, ’mè oa moshanyana enoa o ile a etela tichere eo ’me ho ile ha qalisoa thuto ea Bibele. Ha nako e ntse e tsamaea, tichere ena e ile ea kolobetsoa ’me hamorao ea e-ba pula-maliboho oa kamehla!
4 Mohlankana e mong e mocha o ile a susumetsoa ke boitšoaro bo botle ba ngoanana oa Paki sekolong. O ne a hlile a fapane—o ne a le mekhoa e metle e le kannete, e le ea ithutang ka matla ’me ka linako tsohle o ne a apara ka mokhoa o itekanetseng; hape, ho fapana le banana ba bang, ha ho mohla a neng a bapala ka maikutlo a lerato a bashemane. O ile a hlokomela hore ka sebele o ne a phela ka melao-motheo ea Bibele. Mohlankana enoa e mocha o ile a mo botsa lipotso mabapi le litumelo tsa hae ’me o ile a khahloa haholo ke seo a ithutileng sona. O ile a qala ho ithuta, ’me kapele-pele o ile a kolobetsoa, qetellong o ile a kopanela tšebeletsong ea bopula-maliboho hammoho le tšebeletsong ea Bethele.
5 Haeba u mocha oa Mokreste ea lakatsang ho fana ka bopaki bo botle ho ba bang, hlokomela boitšoaro ba hao ka litsela tsohle. Le ka mohla u se ke ua ba le tšekamelo ea boikutlo ba lefatše ba ho lumella ntho e ’ngoe le e ’ngoe, ua lumella maikutlo a lona kapa mekhoa ea lona ea bophelo. Beha mohlala o motle puong ea hao, moaparong le boitlhophong, eseng feela ha u ntse u kopanetse tšebeletsong ea tšimo le libokeng tsa phutheho empa hape le nakong eo u leng sekolong ka eona le nakong ea boikhathollo. (1 Tim. 4:12) U tla ba le thabo ea sebele ha u bona motho e mong a thahasella ’nete kahobane u ile ua ‘khantša leseli la hao’ ka boitšoaro ba hao bo botle.—Mat. 5:16.