Bacha ba Khanyang e le Maseli
1. Bibele e bontša joang hore Bakreste ba ne ba tla bonahala ka ho hlakileng, ’me mantsoe aa a phethahala joang ho bacha ba Bakreste kajeno?
1 Jesu o ile a re ho barutuoa ba hae: “Le leseli la lefatše.” (Mat. 5:14, 16) Joaloka motse o lutseng qhooeng, o phatsimang ha o chabeloa ke letsatsi, ba ne ba tla bonahala ka ho hlakileng. Kajeno, bacha ba bangata ba Bakreste ba ‘khanya e le maseli lefatšeng’ ka boitšoaro ba bona bo botle le ka ho bolela ka mafolofolo.—Bafil. 2:15; Mal. 3:18.
2. Litsela tse ling tseo ka tsona u ka pakelang matichere le bana bao u leng sehlopheng se le seng le bona ke life?
2 Sekolong: U ka pakela ba bang joang ha u le sekolong? Ha re li otla mabala-nkoe, bacha ba bang ba ile ba sebelisa menyetla eo ba e fumanang ha lihlopha tsa bona li tšohla litaba tse kang lithethefatsi, thuto ea ho iphetola ha lintho le moea oa ho rata naha. Morali e mong oabo rōna o ne a fuoe mosebetsi oa ho ngola moqoqo o buang ka bokhukhuni eaba o sebelisa monyetla oo ho paka hore ’Muso oa Molimo ke oona feela oo moloko oa batho o ka tšepang hore ka sebele o tla rarolla mathata a oona. Tichere ea hae e ne e hloletsoe ke tlaleho eo e hlophisitsoeng hantle, ’me seo se ile sa bula monyetla oa ho fana ka bopaki bo eketsehileng.
3. Ka boitšoaro ba hao, u ka khantša leseli la hao joang sekolong?
3 Tsela e ’ngoe eo ka eona le ka khanyang le le maseli ke ka boitšoaro ba lōna le ka ho apara le ho itlhopha ka tsela e bontšang boitlhompho. (1 Bakor. 4:9; 1 Tim. 2:9) Ha bana ba sekolo le matichere ba bona hore boitšoaro ba lōna bo fapane le ba bana ba bang, ba bang ba ka ’na ba khahloa ke ’nete ka lebaka la boitšoaro ba lōna bo botle ’me seo sa le fa monyetla oa ho ba bolella linnete tsa Bibele. (1 Pet. 2:12; 3:1, 2) Ho ka ’na ha se ke ha e-ba bonolo hore u itšoare ka tsela e bontšang hore u motho ea tšabang Molimo, empa Jehova o tla u hlohonolofatsa haholo ha u etsa joalo. (1 Pet. 3:16, 17; 4:14) Ho tsosa thahasello ea ba bang mabapi le litaba tse molemo, u ka ’na ua bala sengoliloeng se buang ka Bibele nakong ea khefu kapa ua se siea moo ba bang ba ka se bonang.
4. Melemo e meng ea ho paka sekolong ke efe?
4 Ho khantša leseli la hao sekolong ho tiisa tumelo ea hao ebile ho u thusa hore ruri u be motlotlo ka hore u sebeletsa Jehova. (Jer. 9:24) Hape ho ka u sireletsa. Morali e mong oabo rōna o ile a re, “Molemo o mong oa ho bua ka tumelo ea ka ke hore liithuti tse ling ha li leke ho nqobella hore ke etse lintho tse khahlanong le seo Bibele e se buang.”
5. (a) Bacha ba bang ba atolosa tšebeletso ea bona joang? (b) Lipakane tsa hao tsa moea ke life?
5 Ho Atolosa Tšebeletso: Tsela e ’ngoe eo ka eona bacha ba bangata ba khanyang e le maseli ke ka ho atolosa tšebeletso ea bona. Ka mor’a ho qeta sekolong se phahameng, mor’abo rōna e mong o ile a fallela sebakeng se seng ho ea sebeletsa moo ho hlokahalang baboleli ba ’Muso ba eketsehileng. E ne e le setho sa phutheho e nyenyane e neng e e-na le moholo a le mong feela. O ile a ngolla motsoalle oa hae tjena: “Monate oa mona ke o tsoang ka litsebe. Tšebeletso e khatholla haholo! Re bua metsotso e ka bang 20 ntlong e ’ngoe le e ’ngoe hobane batho ba batla ho utloa sohle seo re ka ba bolellang sona.” O ile a eketsa ka ho re: “Ke lakatsa eka mocha e mong le e mong a ka etsa se tšoanang ’me a utloe seo ke se utloang. Ha ho ntho e molemo ho feta ho sebeletsa Jehova ka sohle seo re nang le sona.”
6. Ke eng e etsang hore le be motlotlo ka bacha ba phutheho ea habo lōna?
6 Ka sebele re motlotlo ka lōna bacha ba khanyang le le maseli lefatšeng. (1 Bathes. 2:20) Ha le ntse le sebeletsa Jehova ka pelo eohle, ka moea oohle, ka kelello eohle le ka matla ’ohle a lōna, le tla kotula “halekholo hona joale nakong ena . . . ’me tsamaisong ea lintho e tlang [le] fumane bophelo bo sa feleng.”—Mar. 10:29, 30; 12:30.