Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 1/01 leq. 1
  • “Leseli la Lōna a le Khanye”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Leseli la Lōna a le Khanye”
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Leseli la Lōna le ke le Khanye”
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2011
  • “Leseli la Lōna le ke le Khanye” e le Hore le Tlotlise Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
  • Leseli la Molimo le Leleka Lefifi!
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Latela Leseli la Lefatše
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
km 1/01 leq. 1

“Leseli la Lōna a le Khanye”

1 Lefatše le re potolohileng le lefifing boitšoarong le moeeng. Leseli la ’nete le senola ‘mesebetsi e sa beheng’ ea lefifi e le hore ho ka qojoa litšitiso tsena tse bolaeang tse khopang. Ke ka lebaka leo moapostola Pauluse a ileng a khothatsa Bakreste tjena: “Tsoelang pele ho tsamaea joaloka bana ba leseli.”—Baef. 5:8, 11.

2 “Litholoana tsa leseli” li fapane ka ho feletseng le lefifi la lefatše lena. (Baef. 5:9) Hore re hlahise litholoana tsena ho hlokahala hore re be mehlala e ikhethang bophelong ba Bokreste, mofuta oa batho ba amoheloang ke Jesu. Hape re tlameha ho bontša litšoaneleho tse kang tsa ho ba ka pelo eohle, botšepehi le ho chesehela ’nete. Ho hlokahala hore litholoana tsena li bonahatsoe bophelong ba rōna ba letsatsi le letsatsi le tšebeletsong ea rōna.

3 Khanyang ha Monyetla o Mong le o Mong o Hlaha: Jesu o ile a bolella barutuoa ba hae ho re: “Leseli la lōna a le khanye ka pel’a batho.” (Mat. 5:16) E le ha re etsisa Jesu, re bonahatsa leseli la Jehova ka ho bolela ka ’Muso oa Molimo le merero ea hae. Re khanya re le maseli ha re etela mahae a batho le ha re hasa ’nete mosebetsing, sekolong, har’a baahelani ba rōna, kapa kae le kae moo re nang le monyetla oa ho etsa joalo.—Bafil. 2:15.

4 Jesu o ile a re ba bang ba ne ba tla hloea leseli. (Joh. 3:20) Kahoo ha re nyahame ha boholo ba batho bo hana hore “khanya ea litaba tse molemo tse khanyang tse mabapi le Kreste” e ba khanyetse. (2 Bakor. 4:4) Jehova o bala lipelo tsa batho ’me ha a batle hore basebetsi ba bokhopo ba be har’a batho ba hae.

5 Ha re latela litsela tsa Jehova ’me re thabela leseli la moea, re ka khantšetsa ba bang. Haeba ba hlokomela ka boitšoaro ba rōna hore re ‘na le leseli la bophelo,’ mohlomong le bona ba tla susumelletseha ho etsa liphetoho tse hlokahalang e le hore e ka ba bajari ba leseli.—Joh. 8:12.

6 Ka ho etsa hore leseli la rōna le khanye, re tlisetsa ’Mōpi oa rōna thoriso ’me re thusa ba tšepahalang hore ba mo tsebe le ho fumana tšepo ea bophelo bo sa feleng. (1 Pet. 2:12) Kaha re na le leseli, a re le sebeliseng ho thusa ba bang hore ba bone tsela ea ho tsoa lefifing la moea ’me ba hlahise mesebetsi ea leseli.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela