Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 4/03 leq. 1
  • ‘Ho Khanya le le Maseli’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ‘Ho Khanya le le Maseli’
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bacha ba Khanyang e le Maseli
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
  • Ho Khantša Leseli la Rōna ka ho Tsoelang Pele
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
  • “Leseli la Lōna a le Khanye”
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2001
  • Mesebetsi e Metle e Tlotlisang Jehova
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
km 4/03 leq. 1

‘Ho Khanya le le Maseli’

1 Har’a lefifi la moea le la boitšoaro la tsamaiso ena ea lintho, barapeli ba limilione li tšeletseng ba Molimo oa ’nete, Jehova, ba ‘khanya e le maseli’ linaheng tse 234 lefatšeng ka bophara. (Bafil. 2:15) Sena se etsa hore re khethollehe. Re ka khantša leseli la bohlokoa la ’nete le tsoang ho Jehova joang?—2 Bakor. 3:18.

2 Liketso Tsa Rōna: Batho ba hlokomela boitšoaro ba rōna kapele. (1 Pet. 2:12) Mosali e mong o ile a hlokomela hore Paki e ’ngoe eo a sebetsang le eona e mosa ’me e molemo ebile ha e bue puo e litšila kapa ho tšeha mesoaso e mebe. Ha ba bang ba qholotsa Paki eo ka ho bua puo e litšila, e ile ea itholela feela ’me ea ema e tiile bakeng sa se nepahetseng. See se bile le phello efe ho mosali eo? Oa hopola: “Boitšoaro ba eona bo ile ba nkhahla hoo ke ileng ka qala ho botsa lipotso tsa Bibele. Ke ile ka qala ho ithuta Lentsoe la Molimo ’me hamorao ka kolobetsoa.” O phaella ka ho re: “Boitšoaro ba eona bo ile ba ntšusumelletsa ho hlahloba seo Lipaki Tsa Jehova li se lumelang.”

3 Boikutlo ba rōna ka balaoli, pono ea rōna ka mekhoa ea lefatše le puo ea rōna e hloekileng li etsa hore Lipaki Tsa Jehova li khethollehe e le batho ba phelang ka litekanyetso tse phahameng tsa Bibele. Mesebetsi e joalo e metle e ka tlotlisa Jehova ’me ea hulela ba bang borapeling ba hae.

4 Lipuo Tsa Rōna: Ho hlakile hore ba bonang boitšoaro ba rōna bo botle ba ka ’na ba se ke ba tseba hore na ke hobane’ng ha re fapane ntle le hore re ba bolelle seo re se lumelang. Na bao u sebetsang le bona kapa bao u kenang sekolo le bona baa tseba hore u e mong oa Lipaki Tsa Jehova? Na u batla menyetla ea ho paka moqoqong o tloaelehileng? Na u ikemiselitse ho ‘khantša leseli la hao ka pel’a batho’ ha monyetla o mong le o mong o hlaha?—Mat. 5:14-16.

5 Ho phetha thōmo ea rōna re le bajari ba leseli ho hloka hore re be le boikutlo ba ho itela. Ho ba le boikutlo ba ho etsa lintho ka moea oohle ho tla re thusa hore re tele lintho tseo e seng tsa bohlokoa hakaalo e le hore re ka etsa sohle seo re ka se khonang mosebetsing oa ho bolela le ho etsa barutuoa.—2 Bakor. 12:15.

6 E se eka re ka tsoela pele ho khanya re le maseli ka lipuo le liketso tsa rōna. Haeba re etsa joalo, ba bang ba ka ’na ba susumelletseha ho ikopanya le rōna ho tlotliseng Jehova.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela