Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha
“Halalelang”
TAELO ea Molimo ho Bakreste ke hore ‘ba se ee ka litakatso tseo ba neng ba e-na le tsona pele mehleng ea ho se tsebe ha bona. Empa joale ka ha ea ba bitsitseng a halalela, le bona ba halalele metsamaong ea bona eohle; kamoo ho ngoliloeng, ho thoe: Halalelang, hobane kea halalela.’ (1 Petrose 1:14-16) Boitšoaro bo halalelang joalo hangata ke bopaki bo botle ho ba bang. (1 Petrose 2:12) Hohle lefatšeng, joalokaha liphihlelo tse latelang li bontša, batho ba tiileng ba etsa liphetoho tse hlokahalang hore boitšoaro ba bona bo lumellane le keletso ena.
◻ Ecuador monna e mong o ile a emisa thuto ea hae ea Bibele ha Paki e neng e ithuta le eena e khaoloa ka lebaka la boitšoaro bo bobe. Tlala ea hae ea moea ea mo etsa hore a batlisise malumeling a mang. A tsitsa bolumeling ba Boevangeli ’me a tsoela pele ho isa ntlheng ea ho ba moruti oa kereke ea hae. Leha ho le joalo, letsoalo la hae la mo tšoenya, kaha o ne a sa nyala mosali eo a neng a lula le eena. Ha a buisana le baruti ba likereke tse ling, ba mo tiisetsa hore hona hase bothata. Leha ho le joalo, a ikutloa hore hona ha hoa nepahala, kaha Paki e neng e ithuta le eena e ile ea khaoleloa boitšoaro bo bobe. O ne a sitoa ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha kereke ea hae e sa mo khalemele. Hamorao, nyatsi ena ea hae ea teana le Lipaki tsa Jehova ’me ea qala ho ithuta le tsona. Monna enoa a qala ho ithuta le mosali enoa. Ka bobeli hona joale ba ba teng libokeng, ba tsoela pele tsebong ea melao-metheo ea Bibele, ’me ba nkile mehato ea hore ba nyalane e le hore ba ka sebeletsa Jehova ka tsela e hloekileng le e amohelehang,
◻ Phihlelong e ’ngoe ea Ecuador, Paki e pheta hore: “Ka Tlhakola 1984, mosali ea lilemong tse bohareng o ile a re kōpa hore re ithute le eena.” Kōpo ee e ne e susumetsoa ke eng? Khaitseli ea mosali enoa o ne a fetohile e mong oa Lipaki tsa Jehova, ’me o ne a khahliloe haholo ke boitšoaro ba hae bo botle. Nakong ea thuto ea bobeli ea Bibele, ba fihla tabeng ea ho tsuba, hoo e neng e le bo bong ba mathata a mosali enoa. Leha ho le joalo, thutong e latelang beke hamorao, ka motlōtlō a bolela hore ha e sa le a ithuta maikutlo a Bibele ka ho tsuba ha a s’o ame sakarete! O ne a e-na le bothata bo bong—ntlo ea hae e ne e tletse litšoantšo tsa bolumeli. Empa ha a bala Deuteronoma 7:26, e reng: “U se ke ua kenya ntho e manyala tlung ea hao, . . . Hobane ke anathema,” a li chesa kaofela.
Ho tloha ka nako eo, o ile a qala ho ba teng libokeng ’me ha a s’o fose le se seng haesale. Nakoana kamorao, ho moo o ile a khona ho hlōla tšitiso ea hae e matla ka ho fetisisa—a qhala kamano ea bofebe le monna e mong ea nyetseng. Joale, ka lekhetlo la pele bophelong, ba hae o bile le hona ho latsoa thabo ea ’nete, kaha joale o tsebile ho sebeletsa Jehova ka letsoalo le hloekileng. O kolobelitsoe ka ’Mesa 1985 ’me ka nako eo o ne a tsamaisetsa ba bang ba bane lithuto tsa Bibele. Pakane ea hae e latelang ke hore e be pula-maliboho, kaha o ikutloa hore ena ke tsela e molemohali eo ka eona a ka bontšang kananelo ea hae ho Jehova, ea mo lokolotseng “bophelong ba lefeela le ba boitšoaro bo bobe.”
◻ Litholoana tse ntle tsa boitšoaro ba bomolimo li ile tsa bonoa sekolong sa banana seo ba lulang ho sona Kenya, moo boitšoaro bo botle ba Paki bo ileng ba hlokomeleha ka tsela e totobetseng. Matichere a robong a banna, a neng a akarelletsa e mong oa Lipaki tsa Jehova, a ile a hiroa ke sekolo. Empa a lokela ho lelekoa ka bonngoe ka lebaka la boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate le barutoana. Kamorao ho nako a le mong feela ho ba robong a siuoa—tichere eo e neng e le e mong oa Lipaki tsa Jehova!
Ka sebele, ho bonolo hore batho ba ileng ba phela bophelo ba boitšoaro bo bobe ba fetohe. Ha re fetoha ba ‘halalelang liketsong tsohle tsa rōna,’ ha re beele ba bang bopaki bo botle feela empa hape re thabisa pelo ea Jehova. Kahoo, re ipea moleng oa bophelo bo sa feleng.—Liproverbia 27:11.
[Lebokose le leqepheng la 21]
“Hobane ke ’na Jehova, Molimo oa lōna; le tšoanetse ho ikhetha, le be le halalele, hobane kea halalela.”—Levitike 11:44.
[Lebokose le leqepheng la 21]
“A re ke re itlhatsoeng litšila tsohle tsa nama le tsa moea.”—2 Ba-Korinthe 7:1.