“Ka Melomo ea Bana”
HA SAMUELE esale moshanyana, o ile a emela melao-motheo e lokileng ka tieo ho sa tsotellehe bokhopo ba bara ba Eli, Moprista ea Phahameng. (1 Samuele 2:22; 3:1) Mehleng ea Elisha, motšoaruoa e monyenyane oa Moiseraele ea neng a le Syria o ile a fana ka bopaki bo sebete ho mofumahali oa hae. (2 Marena 5:2-4) Ha Jesu a le lilemo li 12, o ile a buisana ka sebete le baruti ba Iseraele, a botsa lipotso le ho fana ka likarabo tse ileng tsa makatsa bashebelli. (Luka 2:46-48) Ho pholletsa le histori Jehova o ’nile a sebeletsoa ka botšepehi ke barapeli ba hae ba bacha.
Na kajeno bacha ba bontša moea o tšoanang joalo oa botšepehi? E, ka sebele! Litlaleho tse tsoang liofising tsa Mokhatlo oa Watch Tower li bontša hore bacha ba bangata-ngata ba lumelang ba “itlhahisa ka ho rata” tšebeletsong ea Jehova. (Pesaleme ea 110:3, NW) Liphello tse ntle tsa boiteko ba bona li khothatsa Bakreste bohle, ba bacha le ba baholo, hore ba se ke ba “khathala ke ho etsa hantle.”—Ba-Galata 6:9.
Mohlala o motle ke Ayumi, ngoananyana oa Japane ea ileng a fetoha mohoeletsi ha a ne a le lilemo li tšeletseng ’me a ho etsa pakane ea hae ho pakela e mong le e mong tlelaseng ea hae. O ile a fumana tumello ea ho beha lingoliloeng tse ngatanyana laebraring ea phaposi ea borutelo, a itokisetsa ho araba lipotso leha e le life tseo bao a kenang sekolo le bona ba neng ba ka li botsa. Hoo e ka bang bohle bao a kenang tlelaseng le bona hammoho le tichere ba ile ba tloaelana le lingoliloeng tseo. Nakong ea lilemo tse tšeletseng tsa ho kena ha hae sekolo sa mathomo, Ayumi o ile a lokisetsa lithuto tsa Bibele tse 13. O ile a kolobetsoa ha a le sehlopheng sa bone, ’me e mong oa metsoalle ea hae eo a neng a ithutile le eena o ile a kolobetsoa sehlopheng sa botšelela. Ho phaella moo, ’mè oa seithuti sena sa Bibele le barali babo ba baholoanyane ba babeli le bona ba ile ba ithuta ’me ba kolobetsoa.
Boitšoaro bo Botle bo Fana ka Bopaki
Moapostola Petrose o itse: “Bolokang boitšoaro ba lōna bo le botle har’a lichaba,” ’me Bakreste ba bacha ba nka taelo ena ka ho teba. (1 Petrose 2:12, NW) Ka lebaka leo, hangata boitšoaro ba bona bo botle bo fana ka bopaki bo botle. Naheng ea Afrika ea Cameroon, monna e mong o ne a tla lekhetlo la bobeli sebokeng sa phutheho sa Lipaki tsa Jehova ’me ha etsahala hore a lule pel’a ngoanana e monyenyane. Ha sebui se mema bamameli hore ba shebe karolo e itseng Bibeleng, monna eo o ile a hlokomela hore ngoanana enoa e monyenyane o ne a fumana temana kapele Bibeleng ea hae le hore o ne a latela ka hloko ha ho baloa. Boitšoaro ba hae bo ile ba khahla monna eo hoo qetellong ea seboka, a ileng a ea ho sebui ’me a re: “Ngoananyana enoa o nkentse hore ke batle ho ithuta Bibele le uena.”
Afrika Boroa ho na le sekolo moo liithuti tse 25 e leng Lipaki tsa Jehova. Boitšoaro ba tsona bo botle bo felletse ka botumo bo botle bo emelang Lipaki tsa Jehova. Tichere e ’ngoe e ile ea bolella motsoali oa Paki lekunutung hore ha e utloisise hore na ke joang Lipaki li khonang ho koetlisa bana ba tsona hantle hakaalo, haholo-holo kaha kereke ea eona e ne e ipakile e hlōleha ho thusa bacha. Tichere e ncha e ile ea tla ho tla thusa sekolong seo ’me kapele-pele e ile ea hlokomela boitšoaro bo botle ba bana ba Lipaki. E ile ea botsa e mong oa bashemane ba Lipaki hore na e tla lokela ho etsa joang hore e fetohe e mong oa Lipaki tsa Jehova. O ile a hlalosa hore o lokela ho ba le thuto ea Bibele, ’me o ile a lokisetsa hore batsoali ba hae ba latelle thahaselle eo.
Costa Rica, Rigoberto o ile a hlokomela ’nete ha bana ba babeli bao a kenang tlelaseng le bona ba ne ba sebelisa Bibele ho arabela lipotso tsa hae ka Boraro-bo-bong, moea, le mollo oa lihele. Seo ba ileng ba se bua se ile sa ba le tšusumetso e ntle ho eena eseng feela ka lebaka la ho khona ha bona ho sebelisa Mangolo empa hape hobane boitšoaro ba bona bo babatsehang bo ne bo fapane haholo le seo a neng a se bone likerekeng tsa Bokreste-’mōtoana. Ho sa tsotellehe khanyetso ea lelapa, Rigoberto o hatela pele hantle thutong ea hae ea Bibele.
Spain, Lipaki tse peli tsa Jehova—e ’ngoe ea tsona e le lilemo li robong—li ile tsa etela monna ea bitsoang Onofre. Le hoja Paki ea motho e moholo e ne e le eona e buang haholo, Paki e nyenyane e ne e bala Mangolo e khutsitse ’me e qotsa litemana tse ling tsa Bibele ka hlooho. Onofre o ile a khahloa. O ile a etsa qeto ea hore o batla ho ithuta Bibele sebakeng seo ho sona moshanyana eo a ithutileng ho sebelisa Mangolo hantle hakaalo. Kahoo, esale hoseng ka Sontaha se latelang, o ile a ea Holong ea ’Muso. O ile a tlameha ho leta kantle ho fihlela motšehare oa mantsiboea, ha Lipaki li e-tla sebokeng sa tsona. Ho tloha mohlang oo ho ea pele, o ile a hatela pele hantle ’me haufinyane tjena o tšoantšelitse boinehelo ba hae ka kolobetso ea metsing.
Lipaki tse Nyenyane tse Atlehang
E, Jehova o sebelisa ba bacha hammoho le batho ba baholo ho finyella ba lipelo li bonolo. Seo se ile sa bonoa ka ho eketsehileng phihlelong e tsoang Hungary. Mono, mooki oa sepetlele o ile a hlokomela hore neng le neng ha baeti ba e-tla ho tla bona mokuli ea itseng ea lilemo li leshome, ba ne ba mo tlisetsa ntho e baloang hammoho le lijo. A thahaselletse, o ne a ipotsa hore na ke eng seo ngoanana e monyenyane a neng a ka se bala ’me o ile a fumana hore e ne e le Bibele. Mooki o ile a buisana le eena ’me hamorao a re: “Li sa tloha feela, o ne a hlile a nthuta.” Ha ngoanananyana eo a tloha sepetlele, o ile a memela mooki eo ho ba teng kopanong, empa mooki o ile a hana. Leha ho le joalo, hamorao, o ile a lumela ho ba teng Kopanong ea Setereke ea “Puo e Hloekileng.” Kapele ka mor’a moo, o ile a qala thuto ea Bibele, ’me selemo hamorao o ile a kolobetsoa—sena sohle e le phello ea hore ngoanana e monyenyane a sebelise nako ea hae sepetlele ho bala lingoliloeng tsa Bibele.
El Salvador, Ana Ruth o ne a le selemong sa hae sa bobeli sekolong se phahameng. O ne a e-na le tloaelo ea ho tlohela lingoliloeng tsa Bibele deskeng ea hae hore ba bang ba li bale haeba ba batla. Ha a hlokomela hore lingoliloeng li ne li nyamela ebe lia hlaha ka mor’a nako e itseng, Ana Ruth o ile a fumana hore ngoana eo a kenang sekolo le eena, Evelyn, o ne a li bala. Ka mor’a nakoana, Evelyn o ile a lumela ho ithuta ’me a qala ho ba teng libokeng tsa phutheho. Qetellong, o ile a kolobetsoa, ’me hona joale o sebeletsa e le pula-maliboho e thusang ea kamehla. Ana Ruth ke pula-maliboho ea kamehla.
Panama, khaitseli o ile a qalisa thuto le mosali eo monna oa hae a ileng a qala ho hanyetsa ’nete ho isa bohōleng ba hore thuto e batle e khaotsa. Leha ho le joalo, butle-butle boikutlo ba monna bo ile ba nolofala. Nako e itseng hamorao, moholoan’ae, eo eleng Paki, o ile a mo kōpa hore a mo kenyetse alamo ea masholu ntlong ea hae. Ha a ntse a kenya alamo, ngoana oa moholoan’ae ea lilemo li robong o ile a fihla lapeng a bonahala a soabile haholo. O ile a mo botsa hore na molato ke eng, eaba o re eena le morali’abo e moholoanyane ba ne ba il’o khanna thuto ea Bibele empa motho eo o ne a le sieo lapeng, kahoo o ne a sa khona ho etsetsa Jehova letho letsatsing leo. Rangoan’ae a re: “Ke hobane’ng u sa nthute? Joale u tla etsetsa Jehova ntho e itseng.” Ngoana moholoan’ae o ile a matha ka thabo ho ea lata Bibele ea hae, ’me ho ile ha qaloa thuto.
’M’ae (mosali’a moholoane oa monna eo) o ne a mametse. O ne a nahana hore thuto eo e mpa feela e le bosoasoi, empa nako eohle eo monna eo a neng a e-tla ntlong ea hae, o ne a kōpa ngoana eo oa moholoan’ae hore a mo rute Bibele. Ha ’Mè a hlokomela hore ngoan’abo monna oa hae o ne a tiile ebile a na le lipotso tse itseng tse thata, o ile a etsa qeto ea ho khanna thuto eo ka boeena morali oa hae a le teng. O ile a qala ho ithuta habeli ka beke ’me a hatela pele ka potlako. Qetellong, o ile a ba a fihlela boinehelo ’me a kolobetsoa le mosali oa hae kopanong e le ’ngoe—ka lebaka la boikutlo bo botle ba ngoana eo oa moholoan’ae e monyenyane.
Sebete sa Bacha se Fana ka Bopaki bo Botle
Bibele e re: “U itšepele Jehova, u be [sebete, NW] matla, pelo ea hao e tiee! U itšepele Jehova.” (Pesaleme ea 27:14) Mantsoe ana a sebetsa ho bahlanka bohle ba Molimo, ’me bacha hammoho le batho ba baholo ba ile ba a sebelisa selemong se fetileng. Australia, ha ngoananyana ea lilemo li hlano a ne a qala ho ea sekolong se secha, ’m’ae o ile a ea ho tichere ho hlalosa litumelo tsa Lipaki tsa Jehova. Tichere e ile ea re: “Ke se ke tseba seo le se lumelang. Morali oa hao o ntlhaloselitse ntho e ’ngoe le e ’ngoe.” Ngoananyana enoa o ne a sa ka a ba boi ho atamela tichere ea hae ka boeena ho hlalosa tumelo ea hae.
Romania, Andrea ea lilemo li hlano le eena o ile a bontša sebete. Ha ’m’ae a tlohela tumelo ea Orthodox a fetoha Paki, baahisani ba hae ba ile ba hana ho mo mamela. Ka letsatsi le leng Thutong ea Buka ea Phutheho, Andrea o ile a utloa molebeli oa tšebeletso a hatisa tlhokahalo ea ho bolela ho baahisani ba motho. O ile a nahana ka ho teba ka sena, eare ha a le lapeng a re ho ’m’ae: “’Mè, ka mor’a hore u ee mosebetsing, ke tla tsoha, ke kenye libuka mokotlaneng oa ka joalokaha u etsa, ’me ke tla rapela Jehova hore a nthuse ho bua ka ’nete ho baahisani.”
Letsatsi le latelang Andrea o ile a etsa seo a neng a se tšepisitse. Joale, o ile a iteta sefuba ’me a letsa tšepe ea lemati la moahisani. Ha moahisani a arabela, ngoananyana enoa o ile a re: “Kea tseba hore haesale ’Mè a fetoha Paki, ha le mo rate. O lekile ho buisana le lōna ka makhetlo a ’maloa, empa ha lea ka la batla ho mo mamela. Sena se mo utloisa bohloko, empa ke batla le tsebe hore rea le rata.” Joale Andrea a tsoela pele ho fana ka bopaki bo botle. Ka letsatsi le leng, o ile a aba libuka tse tšeletseng, limakasine tse tšeletseng, libukana tse ’nè, le lipampitšana tse ’nè. Ho tloha ka nako eo, o ’nile a ba tšebeletsong ea tšimo kamehla.
Rwanda, baena ba rōna ba ile ba tlameha ho bontša sebete se seholo ka lebaka la ntoa e sebakeng seo. Ketsahalong e ’ngoe lelapa la Lipaki le ile la behoa ka phaposing moo masole a neng a lokiselitse ho ba bolaela teng. Lelapa leo le ile la kōpa tumello ea ho rapela pele. Ba ile ba lumelloa ho etsa joalo, ’me bohle ntle ho morali, Deborah, ba ile ba rapela ba khutsitse. Ho ea ka tlaleho, Deborah o ile a rapela ka lentsoe le phahameng: “Jehova, bekeng ena ’na le Ntate re nehelane ka limakasine tse hlano. Re tla khutlela ho batho baa joang hore re ba rute ’nete le ho ba thusa hore ba fumane bophelo? Ntle ho moo, ke tla kolobetsoa joang joale? Ke ne ke batla ho kolobetsoa e le hore ke u sebeletse.” Ha le utloa sena, lesole le ile la re: “Re ke ke ra le bolaea ka lebaka la ngoanana enoa e monyenyane.” Deborah o ile a arabela: “Kea leboha.” Lelapa le ile la bolokeha.
Ha Jesu a ne a kena Jerusalema ka tlhōlo haufi le ho fela ha bophelo ba hae ba lefatšeng, o ile a amoheloa ke matšoele a maholo, a thabileng. Matšoele ao e ne e le a bana hammoho le batho ba baholo. Ho ea ka tlaleho, bashanyana ‘ba ne ba hooa ka tempeleng ba re: Hosanna ho mor’a Davida!’ Ha baprista ba ka sehloohong le bangoli ba ipelaetsa ka sena, Jesu o ile a araba: “Na ha le e-so ho ka le bala taba e reng: U tumisitse lithoko tsa hao ka melomo ea bana le ea ba anyang, na?”—Mattheu 21:15, 16.
Na hase ho hlollang ho bona hore esita le kajeno mantsoe a Jesu ke ’nete? “Ka melomo ea bana le ea ba anyang”—’me re eketse ka bacha ba lilemong tse ka tlaase ho 20 le bahlankana le baroetsana—Jehova o tumisitse lithoko. Ka sebele, mabapi le ho rorisa Jehova, ha ho na ea leng monyenyane haholo lilemong.—Joele 2:28, 29.