Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w87 4/1 maq. 15-20
  • Tšireletseho Lefatšeng Lohle Tlas’a “Morena oa Khotso”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tšireletseho Lefatšeng Lohle Tlas’a “Morena oa Khotso”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Moeletsi ea Makatsang” le “Ra-bo-sa-feleng”
  • Puso ea Borena ea “Morena oa Khotso”
  • Bolotsana ba Kajeno bo Tla Senngoa
  • Ho Emela Borena ba Bokahohleng ba Jehova ka Sebete
  • Tsoalo e Khōlōhali ea Ngoana Lefatšeng e Etella Pele Tšireletseho ea Lefatše Lohle
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Ke Mang ea Tla Isa Batho Khotsong?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Ha e le Hantle Khotso e sa Feleng e Tla Tla Neng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Batla Khotso ea ’Nete ’me U e Phehelle!
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
w87 4/1 maq. 15-20

Tšireletseho Lefatšeng Lohle Tlas’a “Morena oa Khotso”

“Hore a holise ’muso, le ho tlisa khotso e sa feleng teroneng ea Davida le ’musong oa hae; o tla o tiisa, a o tšehetse ka toka, le ka ho loka joale le ka ho sa feleng. Cheseho ea Jehova oa makhotla e tla etsa hoo.”—ESAIA 9:7.

1, 2. (a) Ho tsoaloa ha ’Muso oa Molimo e ne e tla ba ketsahalo ea eng, ’me tsoalo eo e etsahetse neng? (b) Molao-motheo oa Machaba a Kopaneng o fa mokhatlo oo eng, empa ke eng seo selekane sa ’Muso se se fileng Jesu Kreste? (c) Re tseba joang hore Jehova o tla tšoarella a sa hlōlehe selekaneng sa ’Muso?

JOALOKAHA ho tsoaloa ha Jesu, moshemane ea phethahetseng, e bile ketsahalo ea thabo e khōlōhali, ho joalo le ka ho tsoaloa ha ’Muso oa hae oo e neng e le khale o tšepisitsoe e ne e tla ba ketsahalo e thabisang haholo. (Pesaleme ea 96:10-12) Ho latela linnete tsa histori ea kajeno, ’muso oo o beiloe mahetleng a Jesu ea tlotlisitsoeng ka 1914. Boteng ba mokhatlo oa Machaba a Kopaneng kajeno ha bo shanofatse ’nete eo. Ha ho lea mong ho babusi ba litho tse 159 tsa Machaba a Kopaneng eo e leng oa ntlo ea Davida. Leha ho le joalo, molao oa motheo oa bolotsana boo bo reroang ke lefatše o li abela mosebetsi oa ho finyella khotso ea lefatše lohle le tšireletseho bakeng sa batho.

2 Empa selekane sa Jehova bakeng sa ’Muso ha ho mohla se kileng sa hlakoloa. Ho Esaia 9:7 poleloana “teroneng ea Davida” e tiisa selekane seo Molimo o se entseng le Davida bakeng sa ’muso o sa feleng. Ho feta moo, Jehova o hlapantse hore se tla phethahala ka katleho. Hore Jehova o tla tšoarella selekaneng sena ho hlakisoa ho Pesaleme ea 89:3, 4, 35, 36: “Ke entse selekane le mokhethoa oa ka, ke hlapantse ho Davida, mohlanka oa ka, ka re: Ke tla tiisa leloko la hao ka ho sa eeng kae, ke tiise terone ea hao ho isa melokong eohle. Ke hlapantse ho hong khalalelong ea ka, ka re: Nke ke ka iketsa ea leshano ho Davida! Moloko oa hae o tla ’ne o be teng ka ho sa feleng, terone ea hae e tla ’ne e be teng pel’a ka joale ka letsatsi.” Selekane seo, hammoho le tlotla “Morena oa khotso,” li abela Jesu Kreste mosebetsi oa ho tlisa tšireletseho ea lefatše lohle.

3. Ke hobane’ng ha nako ea hore “Morena oa khotso” a qale puso ea hae e ne e se nako ea khotso bakeng sa leholimo kapa lefatše?

3 Leha ho le joalo, nako ea hore Jehova Molimo a bee puso mahetleng a Morena oa hae ea roetseng moqhaka e ne e sa lokela ho ba ka selemo sa khotso e-bang ke leholimong le holimo kapa lefatšeng le tlaase. Ho latela Tšenolo khaolo ea 12, ho tsoaloa ha ’Muso oa hae ho ne ho tla lateloa ke ntoa leholimong. Satane Diabolose le bademona ba hae ba loantša ’muso o hlomiloeng bocha, ’me Morena ea beiloeng teroneng bocha le mangeloi a hae a halalelang ba loantša makhotla ao a bademona. Phello e bile hore Satane le bademona ba hae ba ntšoe maholimong ’me ba liheloe sebakeng sa lefatše la rōna. Ka baka leo, ha utloahala mohoo: “Ho malimabe lōna ba ahileng lefatšeng le leoatleng; hobane Diabolose o theohetse ho lōna a halefile hampe, ka ho tseba hobane nako ea hae ha e sa le ekae.” (Tšenolo 12:12) Ha e sa le Diabolose a theoloa maemong, lefatše la rōna ka masoabi le fetohile sebaka sa pefo le ntoa tseo ho seng tse tšoanang le tsona. Batho ba hloka puso ea “Morena oa khotso” hakaakang, hobane e tla fella ka tšireletseho ea lefatše lohle!

4. Ke hobane’ng ha tlotla “Molimo o matla” e sa lokela ho ferekanngoa le Molimo o matla ’ohle?

4 Ho latela Esaia 9:6, tlotla, “Morena oa khotso,” e ne e tla phaelloa ka litlotla tse ling lebitsong le khanyang la Jesu Kreste. E ’ngoe ea litlotla tsena e ne e tla ba “Molimo o matla.” O ne a sa tl’o bitsoa Molimo o Matla ’ohle, joalokaha eka ke setho sa melimo ea boraro-bo-bong se lekanang le tse ling. Esita le letsatsing leo a tsohileng ka lona, o ile a tsebahatsa hore o ntse a le ka tlaase ho Jehova. A itlhahisa ho Maria Magdalena ’me a mo roma ho barutuoa ba hae ba tsielehileng ho ea ba tsebisa hore o khutlela ho Ntate oa bona le Ntate oa hae, ho Molimo oa bona le Molimo oa hae. (Johanne 20:17) Ho tla fihlela kajeno, o ntse a etella pele pōpo eohle ho rapeleng “Molimo oa melimo,” Jehova. (Daniele 11:36) E, Jesu Kreste o na le Molimo ’me Molimo oo hase Jesu empa ke Ntate oa leholimo Jehova. “Morena oa khotso” o sebeletsa hantle hakaakang e le selelekela sa khotso le tšireletseho tsa kamehla bokahohleng!

5. Ke hobane’ng ha Jesu Kreste e le eena ea tšoanelehang haholo ho etella libōpuoa tse bohlale pele borapeling ba Molimo oa ’nete le o phelang, Jehova?

5 Ka ho sa feleng, Mora ea tlotlisitsoeng oa Molimo o tla tsoela pele ho etella pele libōpuoa tse bohlale borapeling ba Molimo ona o le mong le oa ’nete o phelang, Jehova. Mora ea phahamisitsoeng oa Molimo ka ho phahameng o tšoanelehela sena. Har’a libōpuoa tsohle tse leholimong le lefatšeng, Mora ea tlotlisitsoeng oa Molimo ke eena ea tsebileng Jehova halelele haholo hape a le haufi-ufi. Ho 1 Ba-Korinthe 2:11 moapostola Pauluse o re: “Hobane motho ke ofe ea tsebang tsa motho, ha e se moea oa motho o leng ka ho eena?” Ho joalo le tabeng ea Jesu Kreste. Le hoja a sebelisitsoe ke Jehova Molimo ho bōpa motho, e bile taba e ’ngoe ho eena hore a hle a fetohe motho ka boeena, a potolohuoe ke maemo oohle a lefatše ’me a be a latsoe boikutlo ba motho. Ke kahoo ho ngotsoeng hore “leha e ne e le Mora, o ithutile kutlo ka tse bohloko tse mo hlahetseng” joaloka motho mona lefatšeng. (Ba-Heberu 5:8) Ruri o ipakile a tšoaneleha hore a ka tšepeloa “borena bohle leholimong le lefatšeng” le hore a be le tlotla “Molimo o matla.”—Mattheu 28:18; bapisa Ba-Filippi 2:5-11.

“Moeletsi ea Makatsang” le “Ra-bo-sa-feleng”

6. Jesu Kreste o ’nile a sebeletsa e le “Moeletsi ea makatsang” joang, hona “bongata bo boholo ba batho” bo ruile molemo joang keletsong ea hae e makatsang?

6 Ka mabaka ana oohle a utloahalang, Morena oa leholimo oa Molimo a ka khona ka ho feletseng ho sebeletsa batho e le “Moeletsi ea makatsang.” (Esaia 9:6) Kamehla keletso ea hae ke e bohlale, e phethahetseng le e sa foseng. Joaloka ’Muelli pakeng tsa Jehova Molimo le ba nketsoeng selekaneng se secha, ka sebele o sebelelitse e le moeletsi ea makatsang ka lilemo tsena tse fetileng tse makholo a 19. Hona joale, ho tloha ka 1935, “bongata bo boholo ba batho” ba “linku tse ling” tsa hae bo ’nile ba habola boeletsi ba hae bo makatsang ’me bo fumana taeo le tataiso tse ntle ka ho fetisisa. (Tšenolo 7:9-17; Johanne 10:16) Bakeng sa boemeli mosebetsing ona oa ho eletsa, ‘mehleng ena ea bofelo ea tsamaiso ena ea lintho’ o hlahisitse sehlopha se tšepisitsoeng sa “mohlanka ea khabane, ea bohlale” ’me o se entse moalosi oa thepa eohle ea hae ea lefatše kapa lithahasello tsa borena. (Mattheu 24:3, 45-47; Luka 12:42-44) “Bongata bo boholo ba batho” hona joale bo amohela keletso ea moea eo ka sebele e leng e makatsang le e tšepahalang hobane e theiloe Lentsoeng la Molimo le senotsoeng.

7. Ke hobane’ng ha Satane Diabolose e se e se molimo o matla ho batho ba Jehova?

7 Ka lebaka la ho arabela ha bona keletsong eo, Satane Diabolose, “molimo oa lefatše lena,” ha e sa le molimo o matla holim’a rōna joaloka batho ba Jehova. (2 Ba-Korinthe 4:4) Ka kutlo re tsoile Babylona e Moholo, ’muso oa lefatše oa bolumeli ba bohata, ’me ha re sa kopanela libeng tsa eona tse sisimosang. Re eme re tiile ka lehlakoreng la Eo Jehova Molimo a beileng ’muso oa hae mahetleng a hae.

8. (a) Ke hobane’ng ha tlotla “Ra-bo-sa-feleng” e ipiletsa haholo ho “bongata bo boholo ba batho”? (b) Ho tla etsahala’ng ka ba lumellang Satane Diabolose hore e be ntate oa bona oa moea?

8 Tlotla “Ra-bo-sa-feleng” e mo etsa ea ratehang haholo. “Bongata bo boholo ba batho” ba “linku tse ling” bo hlile bo ananela lentsoe lena haholo. Bontate ba Satane Diabolose ha boa ipiletsa ho bona. Baa thothomela ha ba hopola baeta-pele ba bolumeli ba Bajode ba ileng ba hanyetsa Jesu ’me a re ho bona: “Le tsoa ho ntat’a lōna, e leng Diabolose, ’me le rata ho phetha litakatso tsa ntat’a lōna. Eena ke ’molai ha e sa le ho qaleng; ha a lule ’neteng, hobane ha ho ’nete ho eena. Ha a bolela leshano, o ipuella tsa hae; hobane ke eena ea leshano, le ntate oa ea leshano.” (Johanne 8:44) “Bongata bo boholo ba batho” bo tsoile har’a bana bao ba moea ba Satane Diabolose, eo bontate ba hae holim’a batho ba oeleng e ke keng ea e-ba ba ka ho sa feleng. Ba mo lumellang hore e be ntate oa bona oa moea ba tla timela le eena. Timetso e feletseng, e tšoantšetsoang ka “mollo o sa feleng” oa Mattheu 25:41, e emetse Diabolose le batho bohle ba sa baleheng tlas’a bontate ba hae.—Mattheu 25:41-46.

9. “Bongata bo boholo ba batho” bo latsoa esale pele joang bontate ba “Ra-bo-sa-feleng”?

9 Ka lehlakoreng le leng, “bongata bo boholo ba batho” bo latsoa e sa le pele bontate ba “Ra-bo-sa-feleng.”a Joang? Ka ho mamela lentsoe la hae le ka ho ba “linku tse ling” tsa hae le ka ho kopanela le masala a Iseraele oa moea. Kamano ena e mofuthu ea lelapa e bolela khotso. Ha a ngola tlas’a pululelo, moapostola Pauluse o buile ka Jehova ho Ba-Roma 16:20 e le “Molimo oa khotso.” Ke ho loketseng hakaakang, he, hore Mora ea tsoetsoeng a ’notši oa hae a bitsoe “Morena oa khotso”! Ha a ntse a khutlisetsa khotso bokahohleng bohle, “Morena oa khotso,” a ke ke a hlōleha ho phelela bohlokoa ba tlotla ea hae e khōlō.

Puso ea Borena ea “Morena oa Khotso”

10, 11. Hoba a profete tsoalo ea ngoana e fetang tsohle, Esaia o ile a tsoela pele ho re’ng, hona mantsoe a hae a bolela eng?

10 Hoba Esaia a profete ka tsoalo ea ngoana e khōlōhali e kileng ea etsahala—e, ea Mora oa Molimo ea neng a tla hlomphuoa ka tlotla “Morena oa khotso”—moprofeta a susumetsoa ka moea oa Jehova hore a re: “Hore a holise ’muso, le ho tlisa khotso e sa feleng . . . Cheseho ea Jehova oa makhotla e tla etsa hoo.”—Esaia 9:7.

11 Ka hore “a holise ’muso,” boprofeta bo bontša hore sebaka sa “Morena oa khotso” se ke ke sa haelloa ke ho akaretsa lefatše lohle. Ho ke ke ha e-ba le meeli lefatšeng e tla lekanyetsa puso ea hae. E tla aparela qitikoe eohle. Ho feta moo, lefatšeng la Paradeise le tlang, khotso e ke ke ea fela. Ho ke ke ha hlola ho e-ba le mefere-fere kae kapa kae. Khotso e tla atolohela lefatšeng lohle ’me kamehla e tla ’ne e ate. (Pesaleme ea 72:7) Khotso tabeng ena e bolela ho hoholo ho feta bosieo ba pefo le ntoa. E akarelletsa toka le ho loka, hobane Esaia o boletse hore puso ea morena e tla tšehetsoa “ka toka le ka ho loka, joale le ka ho sa feleng.” Ho tla ba le mahlohonolo a mangata bakeng sa batho. ’Me cheseho e sa khathaleng ea Jehova Molimo e tla a finyella nakong ea rōna.

12. Puso e mahetleng a “Morena oa khotso” e emeloa joang lefatšeng lohle?

12 Le hona joale, puso ena e mahetleng a “Morena oa khotso” e na le baemeli lefatšeng lohle. Ho amohela puso ea hae ea borena ea leholimo ho ata ka potlako. Masala a barutuoa ba tsoetsoeng ka moea ba Jesu Kreste a bokeletsoe ka botlalo ho tsoa lichabeng. Ho phaella moo, “bongata bo boholo ba batho” bo bokelloa linaheng tse fapaneng tse fetang 200. Hona joale ho na le Lipaki tsa Jehova tse 3 229 022 ’me mosebetsi o thabisang oa ho bokella o sa ntsane o tla phethoa. ‘Bongata bona bo boholo ba batho’ bo hooa ’Muso o mahetleng a “Morena oa khotso.” Litho tsa bona li leboha ka ho fetisisa hore e be ke bafo ba puso eo le ho ba baemeli ba eona lefatšeng lohle, kamanong le “manģosa a Kreste,” masala a tlotsitsoeng.—2 Ba-Korinthe 5:20.

Bolotsana ba Kajeno bo Tla Senngoa

13. (a) Baemeli ba ’Muso ba leka ho etsa eng har’a bona? (b) Molimo o talima Machaba a Kopaneng joang?

13 Baemeli bana ba ’Muso ba boetse ba boloka khotso har’a bona. Ba ‘tiile matla ho boloka bonngoe ba moea ka tlamo ea khotso.’ (Ba-Efese 4:3) Hona ba ho etsa ho sa tsotellehe morusu oohle o ntseng o biloha lefatšeng ka kakaretso. Puso ea lichaba kahare le kantle ho mokhatlo oa Machaba a Kopaneng ha e le hantle e khahlanong le puso ea “Morena oa khotso.” Kamoo Molimo o o talimang kateng, mokhatlo oa Machaba a Kopaneng ke morero o moholo oa bolotsana oa lefatše. Hobane’ng? Hobane o ipolela hore o itlhomeletse ho finyella lipakane tseo Molimo o li beileng hore li finyelloe feela ke “Morena oa khotso” oa oona. ’Me o biletsa batho ba lichaba tsohle hore ba o tšehetse ho thea tšireletseho ea lefatše lohle ka boiteko ba motho. O bile oa phatlalatsa selemo sa 1986 hore ke “Selemo sa Machaba sa Khotso.” Kahoo a ipaka hore ke bolotsana bo ntseng bo reroa khahlanong le “Morena oa khotso” le khahlanong le selekane sa Jehova le eena bakeng sa ’Muso o sa feleng.

14. Moprofeta Esaia o ile a lemosa bohle ba hanyetsang Jehova le selekane sa ’Muso sa hae joang?

14 Ka lebaka le kang leo, morao koo moprofeta Esaia o ile a hlokomelisa Morena Akaze le bafo ba hae ka ho se batle khotso le tšireletseho ka ho kena selekaneng le ’Muso oa Lefatše oa Assyria. Temoso eo e fumanoa ho Esaia 8:9, 10. Ka puo ea bokheleke, moprofeta o hlokomelisa bohle ba hanyetsang Jehova le selekane sa hae sa ’Muso: “Hlabang mokhosi, lōna lichaba; le tla robakoa likoto. Sekehang litsebe, lōna bohle ba ahileng linaheng tse hole; itlameng matheka, le tla robakoa likoto; itlameng matheka, le tla robakoa likoto. Rerang taba, e tla fetoha lefeela: laelang taba, e ke ke ea hlaha, hobane Molimo o na le rōna.”

15. Ho tla etsahala eng ka bolotsana bo khahlanong le selekane sa ’Muso kajeno, joalokaha bo bontšitsoe ke bolotsana ba mehleng ea Morena Akaze?

15 Kahoo lichaba tse tlas’a morena oa lefatše lena, Satane Diabolose, a li ke li rere bolotsana khahlanong le selekane sa ’Muso le Mojalefa le ’Musi oa sona oa bohosana. Bolotsana bo reroang bo tla robakoa likoto, joalokaha ho bile joalo ka bolotsana bo ileng ba reroa mehleng ea Morena Akaze. Morena Retsine oa Syria le Morena Peka oa Iseraele ha baa ka ba tšaba Jehova oa makhotla empa ba rera bolotsana khahlanong le selekane sa hae bakeng sa ’Muso. Ha e le hantle, bolotsana boo ba ileng ba bo rera bo ile ba robakoa likoto. Ka ho tšoanang, Morena Akaze oa Juda ha a ka a tšaba Jehova empa a kena morerong oa bolotsana le ’muso oa lefatše oa Assyria. Hona ha hoa ka ha thusa Akaze hakaalo le ho mo tlisetsa khotso le tšireletseho. Ha tlisa mahlomola le litlamo. Ho hobe ka ho fetisisa, ha ntša Akaze mohaung oa Jehova.

16. Jehova o ile a utolla bolotsana ba Assyria khahlanong le selekane sa ’Muso joang, ’me hoo ho ne ho tšoantšetsa eng bakeng sa mehla ea rōna?

16 Kamorao ho lefu la Akaze le mehleng ea mora oa hae Ezekiase, Jehova oa makhotla a qhala bolotsana bo reriloeng ke Baassyria khahlanong le selekane sa ’Muso. Morena oa Assyria a tlameha ho checha naheng ea Juda kamor’a hore lengeloi la Jehova le timetse masole a hae a 185 000. Sera ha sea ka sa fumana le monyetla oa ho phosa motsu leha o le mong feela khahlanong le Jerusalema. (Esaia 37:33-36) Bolotsana ba lefatše bo reroang kajeno khahlanong le selekane sa Jehova sa ’Muso le “Morena oa khotso” bo tla hlōloa joalo, hobane Molimo o na le Morena Emmanuele oa hae le bohle ba mo rokang.

Ho Emela Borena ba Bokahohleng ba Jehova ka Sebete

17. (a) Haufinyane litho tsa bopolotiki li tla tloha li etsa eng ho Babylona e Moholo, ’me batho ba Jehova ba tla hloka eng ’me ba e amohele? (b) Kamor’a ho felisa Babylona e Moholo, babusi ba sa lumeleng boteng ba Molimo joale ba tla etsa eng, ba susumetsa Jehova hore a nke bohato bofe?

17 Haufinyane mekha ea bopolotiki e ke ke ea lebisa tlhokomelo ea eona khahlanong le Bokreste-’mōtoana feela empa le khahlanong le Babylona eohle e Moholo, ’muso oohle oa lefatše oa bolumeli ba bohata, ho o felisa ho hang. Ntlheng eo e thata, tšireletso ea bomolimo ea batho ba Jehova e tla tlameha hore e kenelle ka tekanyo e sa tloaelehang. Babusi ba sa lumeleng hore Molimo o teng, ba susumelitsoe ke tlhōlo e tšollang mali holim’a Babylona e Moholo, ka mabifi ba tla retelehela ho ba ka lehlakoreng la Molimo ka Jesu Kreste. Joale Jehova o tla sebelisa “Morena oa khotso” oa hae ho loana “ntoa ea letsatsi le leholo la Molimo o matla ’ohle.” (Tšenolo 16:14) Jesu Kreste o tla ipaka ho ba Mohlabani ea sa hlōloeng eo puso ea hae e ke keng ea kokobela. O tla ipaka ho ba “Molimo o matla” tlas’a Molimo o Matla ’Ohle o hlōlang, Jehova. ‘Molimo ona o matla’ o tla phethahatsa mosebetsi oa oona o khanyang ka tlhōlo ea Harmagedone e tla utloahala ka ho sa feleng le kamehla. Thoriso eohle e lebisoa tlhōlong eo ho seng e tšoanang le eona!

18. Li tobane le bolotsana ba kajeno khahlanong le selekane sa ’Muso, Lipaki tsa Jehova li ikemiselitse ho etsa eng, hona ka phello efe?

18 Ka hona, he, e se eka lōna Lipaki tsohle tsa Jehova le ka tsoela pele ho ea botumong bo boholoanyane ba lefatše ho feta neng kapa neng ka tšepo e feletseng ho Molimo oa lōna le Morena oa oona ea busang, “Morena oa khotso”! Bontšang hore ho hang ha le tšabe bolotsana bo reroang lefatšeng hona joale. Ka ho bolela ha lōna hohle molaetsa oa ’Muso le tlhōlo ea oona e tlang holim’a bolotsana bohle bo reroang ba lefatše ka Harmagedone, bohle le be lipontšo le mehlolo tlotlisong ea Jehova. Ha Diabolose a etsa hore babusi ba lefatše ba retelehele ho rōna, hopolang, tlhōlo e tla ba ka lehlakoreng la ba emelang ’Muso oa Emmanuele, “Morena oa khotso,” kannete le ka botšepehi, hobane “Molimo o Na le Rōna.” (Mattheu 1:23; bapisa Esaia 8:10.) ’Me e se eka mangeloi ’ohle a leholimo le batho bohle ba tšepahalang ba lefatšeng ba ka re “Amen” ho tumisoeng ha borena ba Jehova holim’a lintho tsohle tse bōpiloeng tse leholimong le tse lefatšeng, ka tšireletseho e ke keng ea hlola e fela.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bakeng sa puisano e qaqileng ea mosebetsi oa Jesu Kreste e le “Ra-bo-sa-feleng,” bona khaolo ea 20 ea buka Tšireletseho Lefatšeng Lohle Tlas’a “Morena oa Khotso,” e hatisitsoeng ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

Lipotso tse Akaretsang

◻ Tlotla “Molimo o matla” e sebetsa joang ho Jesu Kreste?

◻ Jesu o ’nile a sebeletsa e le “Moeletsi ea makatsang” joang?

◻ Re lokela ho batla bontate ba mang, ’me re lokela ho hana ba mang?

◻ Ha e le hantle Machaba a Kopaneng ke eng?

◻ Ho tla etsahala eng ka bolotsana ba kajeno khahlanong le selekane sa ’Muso le Mojalefa oa sona, “Morena oa khotso”?

[Setšoantšo se leqepheng la 16, 17]

Bokahohle bohle bo tla kopanngoa borapeling bo nang le khotso ba Morena oa Bokahohle

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela