Ho Buella Moloko oa Batho o Batla Molimo
1 Kajeno batho ba bangata ba ikutloa hore ho khetha bolumeli ke taba ea botho. Ka hona, ke phephetso ho buisana le baahisani ba rōna ka taba ena. Empa hona joale re na le buka Moloko oa Batho o Batla Molimo, e ipakileng ho ba thuso ea bohlokoahali ha re bolela ho batho ba limelo tse fapa-fapaneng tsa bolumeli.
2 U tla re’ng ho tsosa thahasello ea mong’a ntlo ea ho bala buka ee? Ke lintlha kapa litšobotsi life tseo u tla li totobatsa tse tla ipiletsa ho ba ipolelang hore ke Bakreste? ho ba nang le litumelo tseo e seng tsa Bokreste? kapa ho ba se nang tumelo? Litlhahiso tse latelang li tla re thusa hore re itokisetse ho bontša baahisani ba rōna hore ho hlokahala hore re ‘batle Jehova’ le hore re “mo rapele ha a sa le haufi.” (Esa. 55:6) Litlhahiso tsena li ka etsoa hore li lokele maemo a sebaka sa lōna.
3 Ke Hobane’ng ha ho Hlokahala Hore re Hlahlobe Seo re Tla se Bua?: Kaha batho ba bangata ba ipolela hore ba khotsofatsoa ke bolumeli ba bona le hore ha ba thahaselle ho bo fetola, ho ka hlokahala hore re lokise kenyelletso ea rōna hore re thuse mong’a ntlo hore a hlahlobe seo re tla se bua ka mohopolo o bulehileng.
4 Ka mor’a tumeliso e loketseng, u ka re:
◼ “Ha re ntse re buisana le baahisani ba rōna, re fumana hore batho ba bangata ba khotsofatsoa ke bolumeli ba bona ’me ha ba lakatse ho bo fetola. Empa haeba batho ba ka ipha nako ea ho hlahloba tumelo ea ba bang, na u nahana hore see se ka etsa hore batho ba utloisisane haholoanyane ’me lehloeo le fokotsehe lefatšeng? [Emela hore mong’a ntlo a arabe.] Hlokomela se boleloang ke Bibele ka batho ba ratang Molimo le kamoo ba lokelang ho ikutloa ka teng ka batho ba bang.” Ka mor’a ho bala Liketso 17:26, 27, lebisa tlhokomelo ho lirapa 15 le 16 ho leqephe 10 bukeng ea Moloko oa Batho o batla Molimo.
5 Ba bangata ba hlokometse hore ho phetla khaolo e buang ka bolumeli ba mong’a ntlo ka bukeng ho tla hapa thahasello ea hae. Hlokomela hore na sena se ka etsoa joang.
6 Ka mor’a ho ipolela, mohlomong u ka re:
◼ “Kaha ho na le malumeli a mangata hakana kajeno, na u kile ua ipotsa hore na re ka tseba joang haeba bolumeli ba rōna bo amoheloa ke Molimo?” Ka mor’a litlhaloso tsa mong’a ntlo, lebisa tlhokomelo ea hae lebokoseng le ho leqephe 377 bukeng ea Moloko oa Batho o Batla Molimo, le bontšang litsela tse leshome tsa ho khetholla bolumeli ba ’nete, haholo-holo le hlokomele ntlha ea bo7. Botsa mong’a ntlo hore na o lumellana le hore motho ea sebelisang bolumeli ba ’nete o lokela ho ikutloa ka tsela eo ka batho ba merabe le bochaba bo bong. Haeba nako e lumela, shebang mangolo a mararo a boletsoeng. Joale u qetelle ka ho bolela hore mabaka a mang a robong a fanoeng a tšehetsoa ke Mangolo ka ho tšoanang.
7 Litšobotsi Tse Ling Tse Thusang: Le tlhahlamano ea lihlooho tsa taba e pharalletseng e leng qetellong ea buka e ka sebelisoa. Ka mohlala, ho thoe’ng haeba batho ba bangata tšimong ea lōna ba ikutloa hore bolumeli bohle ke feela litsela tse sa tšoaneng tse eang ho Molimo? Joale sheba sehlooho “Bolumeli” moo ho nang le sehlooho se senyenyane se reng “‘malumeli ’ohle aa lekana’: 12.” Sena se bontša kamoo tlhahlamano ea lihlooho e ka re thusang ka teng ho fumana lintlha tsa bohlokoa. Ha re buisana le batho ba sa lumeleng ho Molimo, mohlomong re ka ba bontša lirapa 1 le 2 ho leqephe 329, tse buang ka taba ea ho hloka tumelo ha kajeno. “Lipotso Tse Hlokang Karabo” tse hlano tse ho maqephe 17-18 li ka ’na tsa thahasellisa haholo-holo batho ba nang le pelaelo ea hore na ebe Bibele e ruta se rutoang ke malumeli a mangata.
8 Ka ho sebelisa likenyelletso tse atlehang ha re buella buka Moloko oa Batho o Batla Molimo, re ka ’na ra khona ho thusa batho bao re buisanang le bona hore ba batle Molimo o le mong oa ’nete, Jehova.