Bopula-maliboho—Pontšo ea Lerato
1 Ho rata Jehova le batho ba bang ke hona ho re susumelletsang ho kopanela ka botlalo mosebetsing oa boboleli. Ha lerato la rōna ho Jehova le ho batho le ntse le hōla, re susumelletsoa hore re lokisetse ho kopanela haholoanyane tšebeletsong. Lerato la rōna lea atoloha ha “tsebo e nepahetseng” ea Lentsoe la Molimo eo re nang le eona e hōla. (Ba-Fil. 1:9, 10, NW) Ha re ithuta thato ea Jehova ka ho eketsehileng, re tla utloisisa haholoanyane hore linako tseo re phelang ho tsona li potlakile. Sena se matlafatsa kameho ea rōna ka batho ba bang. Batho ba bangata ba bontša kameho ea bona e lerato ka ho kenela tšebeletso ea bopula-maliboho.
2 Na u ka etsa liphetoho tse hlokahalang bakeng sa ho ba pula-maliboho ea thusang kapa oa ka mehla? Rea lumela hore, re ke ke ra khona ho bula maliboho kaofela ha rōna. Empa e mong le e mong oa rōna o lokela ho seka-seka maemo a hae ka thapelo.
3 Ke Bakreste ba ’maloa ba iphumanang ba na le nako e lokolohileng ea ho bula maliboho; ka hona, ho hlokahala hore ‘re reke nako e loketseng’ linthong tseo e seng tsa bohlokoa tseo hona joale li qetang nako ea rōna. (Ba-Ef. 5:15-17) Lerato la rōna ho Molimo le ho batho le lokela ho etsa hore re ikemisetse ho tela litakatso tse ling tsa rōna tsa botho le mabotho-botho e le hore re bontše lerato la rōna ka ho felletseng haholoanyane. (Mar. 12:33) Bongata ba lintho tseo re bang le tsona, ’me mohlomong tseo re ikutloang hore li tloaelehile, li ka nkoa e le lintho tsa bophelo bo mabotho-botho likarolong tse ling tsa lefatše.
4 Batsoali ba ka etsa eng ho thusa bana ba bona hore ba nahane ka tsela ee e bontšang hore ba tsamaisoa ke Molimo? Batsoali ba lokela ho behela bana ba bona lipakane tsa puso ea Molimo ba sa le banyenyane. Na bana ba sehlopheng sa matriki ba nahana ka lipakane tsa lefatše kapa tsa moea? Na ba ke ke ba etsa bopula-maliboho ba ka mehla pakane ea bona hang ha ba qeta sekolong? Re batla ho thusa bacha ba rōna hore ba latsoe melemo ea nako e telele ea ho kenela tšebeletso ea bopula-maliboho ba sa le banyenyane. Hona ke ho ipokellela matlotlo leholimong. (Matt. 6:19-21) Ho thabisa Molimo ’me ho fana ka bopaki ba botšepehi le boinehelo ba rōna ho oona. ’Me ho boloka bophelo ba batho ba bang.
5 Ke thato ea Molimo hore ‘batho ba mefuta eohle ba bolokehe.’ (1 Tim. 2:4, NW) Na re ka bontša hore le rōna re rata ha ho ba joalo? Re ka etsa joalo haeba re ikemiselitse ho beha lithahasello tsa ’Muso pele. Re ka boetse ra etsa sena ka ho ba le kholiseho ea hore Jehova o tla fana ka lintho tse hlokahalang bophelong. (Matt. 6:31-33) Maemo a moruo a ka ’na a mpefala, empa tšepiso ea Jehova ea hore o tla re hlokomela ha ho mohla e tla fetoha.—Pes. 37:25.
6 Ho ikitlaetsa ho kopanela tšebeletsong ea tšimo ka hohle kamoo maemo a rōna a re lumellang ka teng ke pontšo ea lerato la rōna. Ho ba bang sena se tla bolela ho ba pula-maliboho oa ka mehla. Ke hobane’ng ha u sa etse sohle seo u ka se etsang hore u bo qale ka September 1, 1992?