Tšebeletso ea Bopula-maliboho—Na e U Loketse?
1 “Ha ke nahane ho e-na le ntho e ’ngoe eo nka e etsang. Ka sebele ha ho ntho eo ke nahanang hore e ka ntlisetsa thabo e tšoanang.” Ke mang ea buileng joalo? E mong oa ba likete tse makholo ba Lipaki tsa Jehova ba ileng ba etsa tšebeletso ea nako e tletseng mosebetsi oa bona o thabisang oa bophelo. Na ka thapelo u kile ua nahanela hore na tšebeletso ea bopula-maliboho e u loketse kapa che? Ka ho inehela ho Jehova re sa itšiele letho, ka sebele re lokela ho nahana hore na re ka kopanela ka botlalo haholoanyane ho haseng litaba tse molemo tsa ’Muso kapa che. Bakeng sa ho finyella seo, ka kōpo nahana ka lipotso tse ling tseo ba bangata ba li botsang ka tšebeletso ea bopula-maliboho.
POTSO EA 1: “Ba bang ba bolela hore bopula-maliboho hase ba e mong le e mong. Ke tseba joang hore na bo ntoketse?”
2 Karabo e itšetlehile ka maemo a hao le boikarabelo ba hao ba Mangolo. Ho na le ba bangata bao bophelo ba bona le maemo bophelong li sa ba lumelleng ho sebetsa lihora tse 90 ka khoeli tšebeletsong. Nka mohlala o le mong oa baralib’abo rōna ba bangata ba tšepahalang bao e leng basali ba Bakreste le bommè. Ba kopanela tšebeletsong hangata kamoo maemo a bona a ba lumellang kateng. Ha menyetla e lumela, e e-ba bo-pula-maliboho ba thusang khoeli e le ’ngoe kapa ho feta selemo le selemo, ba latsoa thabo e tlang ka lebaka la ho kopanela tšebeletsong. (Bagal. 6:9) Le hoja maemo a bona a ke ke a ba lumella ho sebeletsa e le bo-pula-maliboho ba kamehla hona joale, ba buella moea oa bopula-maliboho ’me ke tlhohonolofatso phuthehong joaloka baboleli ba litaba tse molemo ba chesehang.
3 Ka lehlakoreng le leng, bara le barali babo rōna ba bangata ba se nang boikarabelo bo bokaalo ba khonne ho etsetsa tšebeletso ea bopula-maliboho sebaka ka ho fetola lintho tsa bona tse tlang pele. Ho thoe’ng ka uena? Na u mocha ea sa tsoa qeta sekolong? Na u mosali eo monna oa hae a khonang ho fana ka litlhoko tse lekaneng bakeng sa lelapa? Na u nyetsoe empa u se na bana? Na u pensheneng? Hore na u tla ba pula-maliboho kapa u ke ke oa ba eona ke qeto eo motho ka mong a lokelang ho iketsetsa eona. potso ke hore, Na u ka khona ho etsetsa bopula-maliboho sebaka bophelong ba hao?
4 Satane o sebelisa tsamaiso ea hae ea lintho ho tlatsa bophelo ba rōna ka litšitiso le ho re metsa tseleng ea boithati ea bophelo. Haeba re ikemiselitse ho lula re se karolo ea lefatše, Jehova o tla re thusa ho etelletsa lithahasello tsa ’Muso pele, ho hahamalla le ho fumana litokelo tsohle tsa tšebeletso ea puso ea Molimo tse leng teng bakeng sa rōna. Haeba u ka khona ho fetola maemo a hao e le hore u sebeletse joaloka pula-maliboho, ke hobane’ng ha u sa etse joalo?
POTSO EA 2: “Nka kholiseha joang hore ke tla khona ho itjara licheleteng tšebeletsong ea nako e tletseng?”
5 Ke ’nete hore linaheng tse ngata lihora tse hlokahalang tsa mosebetsi oa boipheliso beke le beke bakeng sa ho fumana lintho tse talingoang e le tse hlokahalang bophelong li eketsehile lilemong tse fetileng. Leha ho le joalo, ba bangata e bile bo-pula-maliboho ka lilemo tse mashome ’me Jehova o tsoela pele ho ba tšehetsa. Bakeng sa hore motho a atlehe joaloka pula-maliboho, ho hlokahala tumelo le moea oa boitelo. (Mat. 17:20) Ho Pesaleme ea 34:10 re na le tiisetso ea hore ‘ba batlang Jehova ha ba haelloe ke letho le molemo.’ Leha e le mang ea kenelang tšebeletso ea bopula-maliboho a etse joalo ka kholiseho ea hore Jehova o tla mo hlokomela. Ke sona seo a hlileng a se etsetsang bo-pula-maliboho ba tšepahalang hohle! (Pes. 37:25) Ha e le hantle, tumellanong le melao-motheo e ho 2 Bathesalonika 3:8, 10 le 1 Timothea 5:8, bo-pula-maliboho ha baa lebella hore ba bang ba ba hlokomele licheleteng.
6 Leha e le ofe ea nahanang ka tšebeletso ea bopula-maliboho o lokela ho etsa joalokaha Jesu a boletse: ‘Lula fatše pele ’me u bale litšenyehelo.’ (Luka 14:28) Ho etsa joalo ho bontša bohlale bo sebetsang. Buisana le bao e kileng ea e-ba bo-pula-maliboho ba atlehileng ka lilemo tse ngata. Ba botse hore na Jehova o ba tšehelitse joang. Molebeli oa lōna oa potoloho ke pula-maliboho ea nang le phihlelo ’me o tla thabela ho u neha litlhahiso mabapi le kamoo u ka atlehang tšebeletsong ea nako e tletseng.
7 Motho a ke ke a latsoa bonnete ba tšepiso ea Jesu e ho Matheu 6:33 ka botlalo ho fihlela a ipeha liatleng tsa Jehova. Pula-maliboho e mong ea tšepahalang o itse: “Ha ’na le molekane oa ka re fihla kabelong e ncha joaloka bo-pula-maliboho, re ne re e-na le meroho e fokolang feela, pakete ea majarine ’me re se na chelete. Re ile ra qeta lijo tseo tsa mantsiboea ’me ra re, ‘Joale ha re na letho bakeng sa hosane.’ Re ile ra rapela ka sena ’me eaba rea robala. Esale ka malungoalungoana hoseng ha letsatsi le latelang Paki ea sebakeng seo e ile ea fihla ’me ea itsebisa ka hore, ‘Ke ile ka rapela hore Jehova a romelle bo-pula-maliboho. Joale nka khona ho tsamaea le lōna boholo ba letsatsi, empa kaha ke lula sebakeng sa mahaeng, ke tla lokela ho ja lijo tsa motšehare le lōna, ka lebaka leo ke tlile le lijo tsena bakeng sa rōna kaofela.’ E ne e le nama e ngata ea khomo le meroho.” Hase feela Jesu a ileng a re tiisetsa hore re ‘khaotse ho tšoenyeha ka meea ea rōna’! O ile a phaella: “Ke mang ho lōna eo ka ho tšoenyeha a ka eketsang nako ea bophelo ba hae ka setsoe se le seng?”—Mat. 6:25, 27.
8 Lefatše le re potolohileng le ntse le rata lintho tse bonahalang ka ho eketsehileng. Re ntse re hatelloa ka ho eketsehileng hore re tšoane le lona. Leha ho le joalo, ho ba le kananelo e ikokobelitseng bakeng sa tšebeletso ea nako e tletseng ho etsa hore re khotsofale ka lintho tse bonahalang tse fokolang. (1 Tim. 6:8) Bo-pula-maliboho ba bolokang bophelo ba bona e le bo itekanetseng ebile bo laolehile ba na le nako e ngata bakeng sa tšebeletso le ho fumana thabo e ngata le matla a moea a fumanehang ka lebaka la ho ruta ba bang ’nete. Le hoja ba sa leke ho phela bophelo ba ho itšoara ka thata-thata, katamelo ea bona e leka-lekaneng maemong a moruo e ba nolofalelitse ho thabela litlhohonolofatso tsa bopula-maliboho.
9 Haeba ka sebele u hlokomela hore re phela matsatsing a ho qetela le hore lefatše lena le khopo le ntse le felloa ke nako, u tla susumelletseha moeeng ho etsa boitelo bo hlokahalang ho bolela litaba tse molemo ha monyetla o mong le o mong o hlaha. Ka ho hlahlobisisa boemo ba hao ba moruo le ho siea taba matsohong a Jehova, u tla hlokomela hore u ka mo sebeletsa ka nako e tletseng. Esita le haeba u ka tela lintho tse itseng tse bonahalang tseo u li batlang hore u bule maliboho, u tla thabela litlhohonolofatso tsa Jehova tse enneng.—Pes. 145:16.
POTSO EA 3: “Joaloka mocha, ke hobane’ng ha ke lokela ho nahanisisa ka tšebeletso ea bopula-maliboho joaloka mosebetsi?”
10 Nakong ea lilemo tsa hao tsa ho qetela sekolong, ka tloaelo u nahana ka bokamoso. U batla bokamoso bo sireletsehileng, bo thabileng le bo nang le morero. Baeletsi sekolong ba ka leka ho u susumelletsa hore u nke mosebetsi o lefang chelete e ngata o tla hloka lilemo tse ngata tsa thuto ea koleche. Letsoalo la hao le koetlisitsoeng hantle la Bokreste le o bolella hore u lokela ho qala ho lokisetsa ho sebeletsa Jehova ka botlalo kamoo ho ka khonehang. (Moek. 12:1) U ka boela ua nahana ka hore qetellong u kene lenyalong le ho ba le lelapa. U tla etsa’ng?
11 Qeto eo u e etsang nakong ena bophelong ba hao ke eona e tla laola bokamoso ba hao bohle. Haeba u se u le Paki ea Jehova e inehetseng le e kolobelitsoeng, u inehetse ka ho feletseng ho Jehova. (Baheb. 10:7) Monyetla oa pele oo u nang le oona, leka bopula-maliboho bo thusang ka khoeli e le ’ngoe kapa tse peli. Sena se tla u neha tatso ea thabo le boikarabelo bo tlisoang ke bopula-maliboho ba kamehla, ’me pono ea hao ka seo o lokelang ho se etsa ka bophelo ba hao ntle ho pelaelo e tla hlaka haholoanyane. Joale, ho e-na le hore mesebetsi ea pele e nkeloe sebaka ke mosebetsi oa boipheliso oa kamehla ka mor’a hore u qete sekolong, ke hobane’ng ha u sa leke bopula-maliboho ba kamehla? Ba bang ba ileng ba leta ho fihlela hamorao bophelong bakeng sa ho thabela tšebeletso ea bopula-maliboho baa ikoahlaea hore na ke hobane’ng ha ba ne ba sa qalise pejana.
12 Joaloka mocha, sebelisa hamolemo menyetla ea ho phehella bosoha le ho thabela melemo eo bo fanang ka eona mosebetsing oa boboleli oa kamehla. Haeba e le takatso ea hao hore ka letsatsi le leng u kene lenyalong, ha ho motheo o molemo oa lenyalo o ka raloang ho feta ho sebeletsa pele joaloka pula-maliboho oa kamehla. Ha u ntse u hōla moeeng, u ka khetha bopula-maliboho joaloka mosebetsi hammoho le molekane oa hao ea nang le monahano o tšoanang. Banyalani ba bang ba ileng ba bula-maliboho hammoho ba kene mosebetsing oa potoloho kapa oa boromuoa. Ka sebele bona ke bophelo bo khotsofatsang!
13 Ho sa tsotellehe hore na u tsoela pele ka bopula-maliboho ka nako e kae, nakong eo u qetang thuto ea hao ka eona, u tla be u fumane koetliso ea bohlokoa eo ho seng mosebetsi leha e le ofe lefatšeng o ka fanang ka eona. Bopula-maliboho bo ruta ho itaea, tlhophiso ea botho, tsela ea ho sebelisana le batho, ho itšetleha ka Jehova, le mokhoa oa ho hlaolela mamello le mosa—e leng litšoaneleho tse tla u hlomella hamolemo bakeng sa boikarabelo bo boholoanyane.
14 Ha ho mohla bophelo e kileng ea e-ba bo tsitsitseng bakeng sa batho. Hase lintho tse ngata tseo ka sebele li tšoarellang ka ho sa feleng ntle ho lintho tseo Jehova a li tšepisitseng. Kaha bokamoso bo namme ka pel’a hao, ke nako efe e molemo ho feta ea hona joale ea hore u nahane ka botebo ka seo u tla se etsa ka bophelo ba hao lilemong tse tlang? Lekanyetsa monyetla oa bopula-maliboho ka hloko. U ke ke ua ikoahlaela ho khetha tšebeletso ea bopula-maliboho joaloka mosebetsi.
POTSO EA 4: “Na motho ha a lule a Ie tlas’a khatello ea ho finyella lihora tse hlokahalang? Ho thoe’ng haeba ke salla morao ka lihora tse batlehang?”
15 Ha u tlatsa foromo ea bopula-maliboho ba kamehla, u lokela ho arabela potso ena: “Na u hlophisitse litaba tsa hao hore u khone ho finyella lihora tse 1000 tse hlokahalang ka selemo?” Hore u li finyelle, u tla hloka karolelano ea lihora tse tharo ka letsatsi tšebeletsong. Ha e le hantle, sena se hloka ho ba le kemiso e ntle le ho itaea. Bo-pula-maliboho ba bangata ba etsa kemiso e sebetsang nakong ea likhoeli tse ’maloa.
16 Leha ho le joalo, Moeklesia 9:11 (NW) ka nepo e re, ‘Nako le ketsahalo e sa lebelloang li ba oela bohle.’ Ho kula ho tebileng kapa maemo leha e le afe a sa lebelloang li ka etsa hore pula-maliboho a salle morao lihoreng tse hlokahalang. Haeba bothata bona e se ba nako e telele ’me bo etsahala mathoasong a selemo, kemiso e eketsang mosebetsi e ka hlokahala bakeng sa ho lefella nako e lahlehileng. Empa ho thoe’ng haeba bothata bo tebileng bo hlaha nakong ea likhoeli tse seng kae feela tsa selemo sa tšebeletso ’me pula-maliboho a hlōleha ho finyella lihora?
17 Haeba u kula ka nakoana ea likhoeli li se kae kapa ho hlaha lebaka le leng le ka holimo ho matla a hao u hlōleha ho finyella lihora, u ka atamela setho sa Komiti ea Tšebeletso ea Phutheho le ho hlalosa bothata. Haeba baholo bana ba nahana hore ho tla ba bohlale ho tsoela pele tšebeletsong ea bopula-maliboho ntle le ho tšoenyeha ka nako e lahlehileng, ba ka etsa qeto e joalo. Mongoli o tla ngola sena ho Tlaleho ea Mohoeletsi ea Phutheho ho bontša hore ha ho hlokahale ho lefella nako e lahlehileng. Ena hase nako ea ho ba sieo mosebetsing, empa ho e-na le hoo, ke ho nahanela mabaka a hao a khethehileng.—Bona kenyelletso ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea August 1986, serapeng sa 18.
18 Bo-pula-maliboho ba nang le phihlelo ba ba le lihora tse eketsehileng mathoasong a selemo sa tšebeletso. Tšebeletso ea bona ea bopula-maliboho e nka boemo ba pele, ka lebaka leo, ka linako tse ling ba ho fumana ho hlokahala hore ba thibele mesebetsi e meng eo e seng ea bohlokoa. Haeba pula-maliboho a salla morao ka lebaka la kemiso e mpe kapa a haelloa ke ho itaea ho khomarela kemiso eo, o lokela ho ikutloa e le boikarabelo ba hae ho sebeletsa nako e haellang ’me a se lebelle ho nahaneloa ka tsela e khethehileng.
19 Ho na le linako tseo ka tsona pula-maliboho a bang le phetoho e ke keng ea qojoa maemong a hae. A ka ’na a fumana hore o hlōleha ho finyella lihora tse hlokahalang ka nako e telele ka lebaka la bothata bo tsoelang pele ba bophelo, boikarabelo bo eketsehileng ba lelapa, joalo-joalo. Boemong bo joalo, tsela e bohlale e tla ba ho ba mohoeletsi hape ’me neng kapa neng ha ho loketse a kopanele tšebeletsong ea bopula-maliboho bo thusang. Ha ho na tokisetso ea kamehla e lumellang motho ho lula lethathamong la bopula-maliboho haeba maemo a hae a se a sa mo lumelle ho finyella lihora tse hlokahalang.
20 Re tšepa hore tokisetso ea ho nahanela ka ho khethehileng ba tšoanelehang e tla khothalletsa ba eketsehileng ho ngolisa bakeng sa tšebeletso ea bopula-maliboho ntle ho ho tšoenyeha ka ho sa hlokahaleng. Ho tla boela ho khothatsa ba seng ba ntse ba le tšebeletsong ea nako e tletseng ho tsoela pele ho bula maliboho. Re batla hore bo-pula-maliboho ba atlehe tšebeletsong ea bona ea nako e tletseng.
POTSO EA 5: “Ho na le ntho eo ke batlang ho e finyella le ho thabela ho e etsa. Na tšebeletso ea bopula-maliboho e tla nkhotsofatsa?”
21 Thabo ea sebele e itšetlehile haholo ka ho ba le kamano e haufi ea botho le Jehova le kholiseho ea hore re mo sebeletsa ka botšepehi. Jesu o ile a mamella thupa ea tlhokofatso “ka lebaka la thabo e neng e behiloe ka pel’a hae.” (Baheb. 12:2) O ile a thabisoa ke ho etsa thato ea Molimo. (Pes. 40:8) Tsamaisong ea joale ea lintho, re ka latsoa thabo ea sebele haeba boholo ba mesebetsi ea rōna bophelong bo amana le borapeli ba rōna ho Jehova. Ho phehella lintho tsa moea ho re neha morero hobane botebong ba lipelo tsa rōna rea tseba hore re etsa se lokileng. Thabo e tlisoa ke ho fana, ’me ha ho tsela e molemo ho feta ea ho fana ka rōna ka borōna ea ho ruta ba bang kamoo ba ka fumanang bophelo bo sa feleng lefatšeng le lecha la Molimo.—Lik. 20:35.
22 Pula-maliboho ea qotsitsoeng serapeng sa pele o ho hlalositse tjena: “Na ho ka ba le thabo e fetang ea ho bona motho eo u ithutang le eena e e-ba mororisi oa Jehova ea mafolofolo? Ke ho thabisang le ho matlafatsang tumelo ho bona kamoo Lentsoe la Molimo le leng matla kateng ha le susumelletsa batho ho etsa liphetoho bophelong ba bona e le hore ba thabise Jehova.” (Bona Molula-Qhooa oa October 15, 1997, leqepheng la 18-23.) Kahoo, ke eng se u tlisetsang thabo? Haeba ho e-na le hore u thabele thabo ea nakoana e fanoang ke lefatše, u talima lipakane tsa ka ho sa feleng, bopula-maliboho bo tla u neha boikutlo bo babatsehang ba ho finyella ho itseng e leng sona se tla hle se u thabise.
POTSO EA 6: “Haeba e se bona bo tla etsa hore ke fumane bophelo bo sa feleng, na hase tabeng ea ka hore na ke bula maliboho kapa che?”
23 Ke ’nete hore qeto ea ho bula maliboho e tlameha ho ba ea hao. Ke Jehova feela ea ka ahlolang maemo a hao a botho bophelong. (Baroma 14:4) Ka ho loketseng o lebeletse hore u mo sebeletse ka pelo eohle, moea oohle, kelello eohle le matla ’ohle a hao. (Mar. 12:30; Bagal. 6:4, 5) O rata motho ea fanang a nyakaletse, ea mo sebeletsang ka thabo, eseng ka lekhonono kapa ka ho qobelloa. (2 Bakor. 9:7; Bakol. 3:23) Lebaka la hore u sebeletse ka nako e tletseng e lokela ho ba ho rata Jehova le batho ba leng tšimong eo. (Mat. 9:36-38; Mar. 12:30, 31) Haeba ke kamoo u ikutloang kateng, joale u lokela ho nahanela tšebeletso ea bopula-maliboho ka ho teba.
24 Re tšepa hore se boletsoeng mona se tla u thusa ho leka-lekanya litebello tsa hao tsa bopula-maliboho. Na u ka khona ho fetola maemo a hao hore u be pula-maliboho oa kamehla? Ka tlaase mona ho na le almanaka e nang le sehlooho se reng “Kemiso ea Ka ea Beke le Beke ea Tšebeletso ea Bopula-maliboho.” Bona hore na u ke ke ua itlatsetsa kemiso e sebetsang e tla u lumella hore ka karolelano u etse lihora tse 23 beke e ’ngoe le e ’ngoe tšebeletsong. Joale, ebe u beha tumelo ea hao e feletseng ho Jehova le ho mo tšepa. Ka thuso ea hae u ka atleha! O tšepisitse: ‘Ke tla le tšollela hlohonolofatso ka tekanyo e fetisisang.’—Mal. 3:10.
25 Kahoo rea botsa, “Tšebeletso ea bopula-maliboho—na e u loketse?” Haeba u ka re “E,” ipehele letsatsi leo u tla qala ho bula maliboho ka lona haufinyane ’me u kholisehe hore Jehova u tla u hlohonolofatsa ka bophelo bo thabileng!
[Chate e leqepheng la 6]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
Kemiso ea ka ea Beke le Beke ea Tšebeletso ea Bopula-maliboho
MANTAHA: Hoseng tšebeletso ea tšimo
LABOBELI: Hoseng tšebeletso ea tšimo
LABORARO: Hoseng tšebeletso ea tšimo
LABONE: Hoseng tšebeletso ea tšimo
LABOHLANO: Hoseng tšebeletso ea tšimo
MOQEBELO: Hoseng tšebeletso ea tšimo
SONTAHA: Hoseng tšebeletso ea tšimo
MANTAHA: Thapama tšebeletso ea tšimo
LABOBELI: Thapama tšebeletso ea tšimo
LABORARO: Thapama tšebeletso ea tšimo
LABONE: Thapama tšebeletso ea tšimo
LABOHLANO: Thapama tšebeletso ea tšimo
MOQEBELO: Thapama tšebeletso ea tšimo
SONTAHA: Thapama tšebeletso ea tšimo
MANTAHA: Mantsiboea tšebeletso ea tšimo
LABOBELI: Mantsiboea tšebeletso ea tšimo
LABORARO: Mantsiboea tšebeletso ea tšimo
LABONE: Mantsiboea tšebeletso ea tšimo
LABOHLANO: Mantsiboea tšebeletso ea tšimo
MOQEBELO: Mantsiboea tšebeletso ea tšimo
SONTAHA: Mantsiboea tšebeletso ea tšimo
Sebelisa pentšele ho tlaleha kemiso ea hao letsatsi le leng le le
leng la beke.
Etsa kemiso ea lihora tse ka bang 23 ka kakaretso ka beke e ’ngoe le e ’ngoe tšebeletsong ea tšimo.
Kakaretso ea lihora tsa bekele beke tse entsoeng kemisong ․․․․․․․․․․․․․․․․․․․․