Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 4/93 maq. 3-8
  • Na U ka Etsa ho Eketsehileng ho Tlotlisa Jehova?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U ka Etsa ho Eketsehileng ho Tlotlisa Jehova?
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mahlohonolo a Tšebeletso ea Bopula-maliboho
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Tšebeletso ea Bopula-maliboho—Na e U Loketse?
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
  • Bo-pula-maliboho Ba Fana ka Mahlohonolo Ebile Baa Amohela
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Ho Bontša Hore re Tšehetsa Bo-pula-maliboho
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
km 4/93 maq. 3-8

Na U ka Etsa ho Eketsehileng ho Tlotlisa Jehova?

1 Ena ke potso ea bohlokoa hore kaofela ha rōna re nahane ka eona. Joaloka baetsisi ba tšepahalang ba Monghali oa rōna, Jesu Kreste, kajeno re tlotlisa Molimo ka ho bolela lebitso la hae phatlalatsa. Bona ke boikarabelo boo re tlamehang ho bo jara e le hore re amoheloe ke Molimo. (Mar. 13:10; Luka 4:18; Lik. 4:20; Ba-Heb. 13:15) Ke tokelo e ke keng ea hlalosoa hakaakang—e, tlotliso—ea ho isa litaba tse molemo ho ba setseng ba “linku” tse qhalakaneng tseo e ka ’nang ea ba karolo ea mohlape oa Jehova oa bokahohle!—Joh. 10:16.

2 Na uena le bana ba hao le ka etsa ho eketsehileng ho tlotlisa Jehova ka ho eketsa mosebetsi oa lōna tšebeletsong? Ka palo e ntseng e eketseha lefatšeng ka bophara, baena le bo-khaitseli ba lōna ba kenela tšebeletso ea bopula-maliboho. Khoeling ea April 1992, ba 12 555 ba ile ba kenela tšebeletso ea bopula-maliboho bo khethehileng, ba ka mehla, kapa bo thusang Afrika Boroa. Na uena ka bouena u nahanne ka ho teba ka ho bula maliboho? Na u khothaletsa bana ba hao hore ba phehelle mosebetsi oa nako eohle tšebeletsong ea nako e tletseng?

3 Ke hobane’ng ha u sa hlahlobe maikutlo a hao a botho ka tšebeletso ea bopula-maliboho? Nako le nako ha ho buuoa ka bona, na ka potlako u etsa qeto ea hore ho hang maemo a hao ha a u lumelle ho ba mosebeletsi oa pula-maliboho? Ke ’nete hore hase e mong le e mong ea ka bulang maliboho. Boikarabelo ba Mangolo le litšitiso tse ling li thibela ba bangata hore ba sebeletse ka nako e tletseng. (1 Tim. 5:8) Empa na morao tjee u kile ua nahanisisa taba ee ka thapelo? Na le buisane le le lelapa ho bona haeba bonyane setho se le seng se ka bula maliboho? Tokollo ea Molula-Qhooa oa June 1, 1983, leqepheng 23 e ile ea bolela mantsoe ana a etsang hore motho a nahane ka ho teba: “Ka sebele, mohlanka e mong le e mong oa Mokreste o lokela hore ka thapelo a nahane hore na a ka bula maliboho kapa che. Banyalani ba babeli ba Afrika Boroa ba neng ba butse maliboho ka lilemo tse leshome le metso e mehlano ba itse: ‘Ke hobane’ng ha re bula maliboho? Na re ne re ka ikemela ho Jehova haeba re sa ho etse?’ Ba bangata bao e seng bo-pula-maliboho ke hantle ha ba ipotsa potso e amanang le eo: ‘Na kannete nka ikemela pel’a Jehova hore na ke hobane’ng ha ke se pula-maliboho?’”

4 Sehlooho se seng sa Molula-Qhooa hona tabeng ena se ile sa re: “E mong le e mong ho rōna a ke a tšepahale ho eena ka boeena. Na u re, ‘Moea o-oa rata, empa nama e ea fokola’? Empa na moea o hlile o-oa lakatsa? A re qobeng ho sebelisa bofokoli ba nama e le lebaka la moea o sa lakatseng.”—wSU79 2/15 leq. 18.

5 Batsoali ba Batlang ha Bana ba Bona ba Atleha: Liproverbia 15:20 ea re tiisetsa: “Ngoana ea bohlale o thabisa ntat’ae.” Ntle ho pelaelo batsoali ba tšabang Molimo baa thaba ha bara le barali ba bona ba phehella bophelo ba tšebeletso ea boinehelo ho Jehova. Leha ho le joalo, bana ba hao ho ke ke ha iketsahalla feela hore ba khethe tsela e bohlale. Khoheli ea lefatše lena e matla haholo. Batsoali, hangata lintho tseo bana ba lōna ba li nkang e le tsa bohlokoa li susumelitsoe ke tsa lōna. Haeba ka mehla le bua hantle ka melemo ea tšebeletso ea nako e tletseng, haeba le khothaletsa bana ba lōna ho tloaelana le bo-pula-maliboho ba itetseng, haeba kannete le kholisehile hore tšebeletso ea nako e tletseng ke mosebetsi o tlotlehang oo bana ba lōna ba ka o etsang, ntle ho pelaelo boikutlo bona bo botle bo tla ba le phello e khōlō baneng ba lōna. Ba thuseng hore ba ananele bohlokoa ba ho iketsetsa lebitso le letle le Jehova ho e-na le batho.

6 Bacha, Liproverbia 22:1 e totobatsa khetho eo le tlamehang ho e etsa: “Botumo [“lebitso,” NW] bo fetisa maruo a maholo, hlompheho le eona e fetisa silevera le gauda.” Le tla iketsetsa lebitso le letle la mofuta ofe? Nahana ka banna le basali bao re balang ka bona ka Bibeleng ba ileng ba iketsetsa lebitso le letle le Molimo ka tšebeletso ea boinehelo. Re na le Luka, ngaka e ratehang, le Henoke, ea ileng a tsamaea le Molimo. Samuele o ile a amohela thuto e ntle e neng e ka fumaneha, a qala tšebeletso ea hae tempeleng ea Jehova a sa le monyenyane. Na u nahana hore bahlanka bao ba tšepahalang ba kile ba ikoahlaea ka baka la khetho eo ba e entseng? Ba ne ba ka ikoahlaea hobane’ng? Kaofela ha bona ba ile ba phela bophelo bo thabileng, bo behang litholoana, le bo thabisang. ’Me ba ile ba fumana kamohelo e sa feleng ea Jehova!—Pes. 110:3; 148:12, 13; Liprov. 20:29a; 1 Tim. 4:8b.

7 Ha bana ba atleha bophelong, batsoali ba bona ba ikutloa ba le motlōtlō. Tlatsetso ea bona ho koetliseng, ho laeeng, le ho ruteng “lefa la Jehova” e putsoa ka makhetlo a mangata. (Pes. 127:3) Ke eng se ka etsang hore motsoali a be motlōtlō ho feta ho ba le mora kapa morali ea etsang sohle seo a ka se khonang ho tlotlisa Jehova? Bacha ba bangata kajeno ba latela mohlaleng oa Luka, Henoke, le Samuele, joalokaha lengolo le leng le bontša: “Ke lilemo li 16. Ke qalile ho ba pula-maliboho ea ka mehla . . . likhoeli tse robong ha ke qeta ho kolobetsoa, ’me haesale ke amohela tlhohonolofatso e tsoang ho Jehova ho tloha ka nako eo. . . . Bopula-maliboho bo boetse boa u thusa ha u le sekolong. Pele, bana bao ke kenang sekolo le bona ba ne ba ntšeha ka hore ke Paki. Hona joale, kaha ke tlameha ho etsa thuto e eketsehileng ea botho, ke khona ‘ho fetola ea ntšomang.’”

8 Thuto ea ho Hlomella Motho Tšebeletsong: Ha re le ntlheng ena re tla nahana ka taba ea thuto ea sekolo. Mona ho hlile ho hlokahala pono e leka-lekaneng. Molula-Qhooa oa November 1, 1992, o ile oa ba le sehlooho “Thuto e Nang le Morero.” Tlaas’a sehloohoana “Thuto ea Sekolo e Lekaneng,” ho ile ha thoe: “Bakreste ba lokela ho khona ho itjara, esita le haeba ke basebeletsi ba bo-pula-maliboho ba nako e tletseng. (2 Ba-Thessalonika 3:10-12) . . . Mokreste e mocha o hloka thuto ea sekolo e kae hore a tle a boloke melao-motheo ee ea Bibele ’me a finyelle litlamo tsa hae tsa Bokreste? . . . Ke eng [moputso] seo ho ka thoe’ng ‘se lekane’ . . . ho ba batlang ho ba basebeletsi ba bo-pula-maliboho ba litaba tse molemo? Hangata ba joalo ba hloka mosebetsi oa nakoana ho qoba ho beha ‘moroalo o theko e boima’ ho baena ba bona kapa malapa a bona.—1 Ba-Thessalonika 2:9, NW.”

9 Haeba motho ea lakatsang ho ba pula-maliboho ho bonahala hore o hloka thuto e eketsehileng e le hore a ka khona ho phehella tšebeletso ea nako e tletseng, Molula-Qhooa oa November 1, 1992, o re: “Ho bohlale hore mocha oa Paki haeba e le ntho e ka etsahalang, a etse sena a ntse a lula lapeng, ka hona, a khone ho boloka mekhoa e tloaelehileng ea ho ithuta ea Mokreste, ho ba teng libokeng, le mosebetsing oa boboleli.”

10 Ho na le phihlelo e tsoang Afrika ea mocha ea lilemo li 22 ea ileng a tlameha ho ea sekolong sa mosebetsi oa matsoho, le hoja pelo ea hae e ne e le tšebeletsong ea bopula-maliboho. Ha a ntse a le sekolong sa mosebetsi oa matsoho, o ile a ingolisa e le pula-maliboho e thusang. Lithaka tsa hae li ne li mo tšeha, li bolela hore ruri o ne a tla hlōleha ho feta litlhahlobong tsa hae. Ka linako tsohle karabo ea hae e ne e re: “Batla ’Muso oa Molimo pele le ho loka ha hae.” E le ha a bontša ho itaea, o ne a tsoha ka matjeke hoseng ho hong le ho hong ebe o lokisetsa lithuto tsa sekolo ka lihora tse peli ’me a kopanele tšebeletsong ea tšimo mantsiboea ha sekolo se tsoile. Bana bohle ba sekolo ba ile ba makala ha mocha enoa e le oa boraro tlhahlobong e khethehileng ea ho khetha liithuti tse hloahloa ka ho fetisisa tse tla fuoa lihlapiso tse khethehileng. Seithuti se ileng sa nka boemo ba bobeli e ne e le motho ea thahasellang eo moena oa rōna oa pula-maliboho a neng a ithuta Bibele le eena sekolong. Seithuti se ileng sa nka boemo ba pele e ne e le mocha e mong ea chesehang oa Paki sekolong moo.

11 Baholo ba Phetha Karolo ea Bona: Baholo ba phutheho, ba leng motlōtlō ka mosebetsi o etsoang ke bo-pula-maliboho, ba fana ka khothatso e khōlō ho basebeletsi bana ba chesehang. Baholo ba thabela ho etsa sena hobane ba tseba hore bo-pula-maliboho ba sebetsang ka thata, ba behang litholoana, ke tlhohonolofatso phuthehong leha e le efe. Ka mor’a ho qeta nako e ka etsang selemo mosebetsing oa bopula-maliboho, ba joalo baa tšoaneleha bakeng sa koetliso e eketsehileng Sekolong sa Tšebeletso sa Bopula-maliboho. Thupelo ena e ipakile hore ke sesebelisoa sa bohlokoa ka ho fetisisa tabeng ea ho ntlafatsa katleho ea bo-pula-maliboho. Le hoja bo-pula-maliboho ba eteletse pele mosebetsing, le bona ba hloka khothatso e lerato, ’me baholo ba lokela ho falimehela ho finyella tlhokahalo ena.—1 Pet. 5:1-3.

12 Baholo ba ka fana ka tšusumetso joang mosebetsing oa bopula-maliboho? Ba ka qala hantle ka ho hlahloba nako le nako hore na ke bo-mang ba ka khonang ho hahamalla tokelo ena. Baholo ba ka atamela batho ba bonahalang ba le boemong bo botle ba ho bula maliboho, ho kopanyeletsa le ba bangata ba nkang bopula-maliboho bo thusang ka mehla, batho ba leng pensheneng, bo-’mè ba malapa, le bana ba sekolo. Le hoja ho se ea lokelang ho qobelloa ho ngolisa, ba lakatsang ho bula maliboho empa ba ntse ba tsila-tsila, ba ka hlokomela hore ba ka khona ho bula maliboho haeba ba fuoa khothatso e nyenyane e sebetsang.

13 E le ha baholo ba fana ka khothatso ho batho ba ka ’nang ba batla ho etsa kōpo, ba lokela ho hopola hore ha ho hlokahale hore motho ea etsang kōpo a qete likhoeli tse ngata a le mosebetsing oa bopula-maliboho bo thusang pele a ngolisa e le pula-maliboho ea ka mehla. (kmSU 8/86 lirapa tsa kenyeletso 24-26) Ho hlakile hore baholo ba tla batla ho kholiseha ka ho utloahalang hore ea etsang kōpo o boemong ba ho finyella lihora tse hlokahalang.

14 Ka mor’a hore kōpo e hlahlojoe ke Komiti ea Tšebeletso ea Phutheho ’me e hlahlojoe ka hloko ke mongoli ho tiisa hore lipotso tsohle li arabetsoe, e lokela ho romeloa hang-hang ho Mokhatlo.

15 Mongoli o lokela ho tsebisa baholo ka mathata leha e le afe ao bo-pula-maliboho ba thulanang le oona. Sena se bohlokoa haholo liphuthehong tse nang le bo-pula-maliboho ba bangata. Ho phaella tabeng ea ho hlahloba mosebetsi oa bo-pula-maliboho bofelong ba selemo sa tšebeletso, kamoo ho bontšitsoeng foromong ea Tlhahlobo ea Peho ea Phutheho (S-10), mongoli o tlameha ho mema molebeli oa tšebeletso hore ba kopane maqalong a March ho bona hore na ke bafe ba hlōlehang ho finyella tlhokahalo ea lihora ’me hape ba hloka tlhokomelo ea botho. (Bona Litsebiso ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea February 1992.) Haeba ho fanoa ka thuso hang-hang, pula-maliboho a ka khona ho phetha selemo sa tšebeletso ka katleho.

16 Bo-pula-maliboho ba bangata ke batho ba bacha lilemong ’me hape ba bacha ’neteng. Ka sebele moea oa bona oa boikemisetso oa re thabisa! Empa bana ba bacha ba ntse ba hloka koetliso e le hore ba hōlise tsebo ea bona mosebetsing oa ntlo le ntlo, hore ba etse maeto a ho boela a atlehang, le ho ruta lithuto tsa Bibele. Haeba motho e mocha a sa amohele koetliso ena, a ka ’na a nyahama ka mor’a selemo ’me qetellong a khaotsa tšebeletso ea bopula-maliboho hobane a sa fumane liphello tse ntle tšebeletsong. Baholo ba falimehileng ba ka khona ho hlokomela mathata a fokolang kapa ho khoehlisa mosebetsing. Haeba pula-maliboho e fumana thuso ea kapele ’me e thusoa bothateng ba eona, e ka thabela lilemo tse ngata tsa tšebeletso e behang.

17 Na U ka Tšoasa Metsing a Hōle? Barutuoa ba bang ba Jesu e ne e le batšoasi ba litlhapi. Ka linako tse ling, ka mor’a ho qeta bosiu bohle ba tšoasa, matlōoa a bona a ne a ntse a se na letho. (Joh. 21:3) Likarolong tsa naha ena moo ‘ho tšoasa batho’ ho ’nileng ha tsoela pele ka lilemo tse ngata, bo-pula-maliboho ba bang ba ka etsa qeto ea hore ho setse “litlhapi” tse ’maloa “metsing” a phutheho ea tsona. (Matt. 4:19) Ho fapana le seo, na ha re thabisoe ke ho bala litlaleho tse tsoang linaheng tse ling moo bahoeletsi le bo-pula-maliboho ba khannang lithuto tse ngata tsa Bibele? Thabo e fumanoang ke bo-pula-maliboho le baromuoa linaheng tsena e bonahala ka ho hlakileng. (wSU92 9/1 leq. 20 ser. 15) Ka hona, haeba bo-pula-maliboho ba bang ba sebetsang ka thata ba ka tseba ka naha eo ho nang le tlhokahalo e khōloanyane ho eona, ba lokela ho buisana le komiti ea lekala ka sena pele ba ea teng.

18 Hopola hore ba lakatsang ho kopanela tšebeletsong ea nako e tletseng linaheng lisele ba lokela ho phela hantle ’meleng, e be batho ba hōlileng moeeng, ba nang le moea oa tšebelisano-’moho, oa puso ea Molimo, ’me ba tšoanelehe ho ba bahoeletsi ba ’Muso. Ba boetse ba tlameha ho ba le tlaleho e ntle ho tsoa phuthehong eo hona joale ba sebeletsang ho eona. Ho phaella moo, ba lokela ho itjara licheleteng ’me ba se ke ba lebella hore baena ba naha eo ba eang ho eona ba ba tšehetse. Pele ba lokela ho buisana le baholo ba phutheho ea habo bona ka seo ba se rerileng ’me ba fumane lipuello. Haeba baholo ba sa kholiseha ka taba leha e le efe e amang motho ea joalo ea lakatsang ho sebeletsa naheng esele, ba lokela ho buisana le molebeli oa bona oa potoloho, kapa ba ngolle ofisi ea lekala bakeng sa ho fumana lintlha tse eketsehileng.

19 Qalong, ba bang e ka ’na eaba ba qalile bopula-maliboho hobane ba ne ba tseba hore ke ntho e nepahetseng eo ba ka e etsang empa ba ipotsa hore na ebe ba tla atleha. E ka ’na eaba ba entse likōpo tsa bona ba belaela ebile ba itšietse lintho tse ling. Mohlomong qalong, litholoana tsa bona tšimong li ne li fokola. Leha ho le joalo, ha nako e ntse e feta, tsebo ea bona e ile ea eketseha, ’me ho ile ha ba le bopaki ba tlhohonolofatso ea Jehova mosebetsing oa bona. Ka baka leo, thabo le kholiseho ea bona li ile tsa hōla. Ho ba bang, bopula-maliboho bo bile bo ipakile ho ba senotlolo se ba isang tšebeletsong ea Bethele, Sekolong sa Koetliso sa Bosebeletsi, esita le mosebetsing oa potoloho.

20 Ho ka etsahala hore ho be thata hore u fallele naheng e ’ngoe kapa u ee Sekolong sa Koetliso sa Bosebeletsi, empa ho ntse ho na le menyetla e meng ea ho tšoasa metsing a mang naheng ena haeba tšimo ea hao hona joale e sa behe litholoana. Ka kōpo iteanye le Mokhatlo haeba u thahasella ho sebeletsa moo tlhokahalo e leng khōloanyane Afrika Boroa kapa ho e ’ngoe ea linaha tsa boahisane. Khato e joalo e ka hloka hore u etse liphetoho mokhoeng oa hao oa bophelo, empa moputso oa moea o tla ba moholo e le ruri.—Matt. 6:19-21.

21 Kapa haeba maemo a hao a lumela, u ka khona ho thusa phutheho e haufi potolohong ea heno. Haeba u tšoaneleha, molebeli oa hao oa potoloho o tla thabela ho u bolella ka liphutheho tse leng potolohong eo tse ka ruang molemo ho pula-maliboho e ’ngoe.

22 Bo-pula-maliboho le bahoeletsi ba bang ba ile ba khona ho sebeletsa litlhoko tse leng sebakeng sa habo bona ba ntse ba le hae. E ka ’na eaba ba tseba puo e ’ngoe. Na u fumana hore tšimong ea lōna batho ba bangata ba bua puo e ’ngoe? Na ho na le batho bao ho hlokahalang hore ba fumane molaetsa oa ’Muso ka motho ea tsebang ho bua le lithōlo? Batho ba tsebang puo e ’ngoe ba ka thusa haholo ho fihla ho batho ba mefuta eohle ka molaetsa oa ’Muso. Le hoja sena e ka ba phephetso ea sebele, se boetse se ka ipaka se putsa haholo.—1 Tim. 2:4; Tite 2:11.

23 Haeba hona joale u etsa sohle seo u ka se khonang ho tlotlisa Jehova, ithabele litokelong tseo u nang le tsona tsa tšebeletso. Haeba u ikutloa hore u ka etsa ho eketsehileng, bolella Jehova sena ka thapelo. E le ha u nahanela maemo a sebele, hlahloba liphetoho tseo maemo a hao a ka u lumellang hore u li etse. Buisana le moholo ea nang le moea oa bopula-maliboho ka litokisetso tseo u li entseng kapa le molebeli oa potoloho. Ha u se u entse qeto ka thapelo, e le qeto e sebetsang, e phethe hang-hang, u kholisehile tšepisong ea Jehova hore o tlotlisa ba mo tlotlisang.—Ba-Heb. 13:5, 6; 1 Sam. 2:30.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela