Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • mwb22 July leq. 3
  • E-ba Pula-maliboho

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • E-ba Pula-maliboho
  • Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2022
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Pakane e Ntle Bakeng sa Selemo se Secha sa Tšebeletso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
  • Ho Batleha Bo-pula-maliboho ba Thusang ba 10000
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
  • Na re ka Boela ra ho Etsa?—Boipiletso bo Bong Hape Bakeng sa Bo-pula-maliboho ba Thusang
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
  • Bolela Hohle Makhabane a Hlomphehang a Jehova
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
Bala Tse Ling
Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2022
mwb22 July leq. 3
Morali oabo rona oa mocha o na le batsoali ba hae le nkhono oa hae ’me ba ntse ba ngola seo ba batlang ho se finyella tšebeletsong.

PHELA JOALOKA MOKRESTE | RERA HORE NA U TLA ETSA’NG SELEMONG SE SECHA SA TŠEBELETSO

E-ba Pula-maliboho

Haeba re ipehela lintho tseo re batlang ho li finyella tšebeletsong ea rona, re tla be re sebelisa matla a rona ka tsela e nepahetseng. (1Ko 9:​26) Ho ba le lintho tseo re batlang ho li finyella tšebeletsong, ho re thusa hore re sebelise nako ea rona hantle pele lefatše lena le fela. (Ef 5:​15, 16) Nakong ea borapeli ba lelapa, le ka rera hore na le batla ho finyella eng selemong se secha sa tšebeletso. Khatiso ena e na le lihlooho tse ’maloa tsa lintho tseo le ka rapellang hore le li finyelle tšebeletsong ea lona.​—Jak 1:5.

Ka mohlala, lelapa lohle le ka sebetsa hammoho ho thusa bonyane motho a le mong hore e be pula-maliboho ea kamehla. Haeba u nahana hore u ke ke oa atleha ho finyella lihora tse hlokahalang, u ka bua le bo-pula-maliboho ba nang le maemo a tšoanang le a hao. (Lipr 15:​22) Mohlomong le ka ba memela borapeling ba lelapa ’me la ba botsa lipotso. Ka mor’a moo, le ka ngola matsatsi ao le ka eang tšimong ka ’ona. Haeba u kile oa ba pula-maliboho nakong e fetileng, hlahloba maemo a hao ho bona hore na u ka se be eona hape hona joale.

Na lelapeng la lona ho na le ea ka khonang ho ba pula-maliboho e thusang ka khoeli kapa ho feta? Haeba u se na matla a lekaneng, u ka nkela bopula-maliboho bo thusang ebe ka letsatsi u nka nako e seng kae feela tšebeletsong ea tšimo. U ka khetha khoeli e nang le matsatsi a phomolo kapa e nang le mafelo-beke a mahlano haeba u se na nako e lekaneng har’a beke hobane u sebetsa kapa u kena sekolo. Khetha hore na u tla nkela bopula-maliboho bo thusang khoeling efeng ebe u ngola le matsatsi ao u tla ea tšimong ka ’ona.​—Lipr 21:5.

SHEBELLANG VIDEO EA E-BA PULA-MALIBOHO E SEBETE EBE LE ARABA POTSO E LATELANG:

  • Mohlala oa Morali’abo rona Aamand o re ruta’ng ka lerato le tlhokomelo eo Jehova a e fang batho ba itelang hore e be bo-pula-maliboho?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela