Pakane e Ntle Bakeng sa Selemo se Secha sa Tšebeletso
1. Re ka nahana ka pakane efe bakeng sa selemo se secha sa tšebeletso?
1 Re lokela ho beha lipakane haeba re batla ho tsoela pele moeeng. U ipehetse lipakane life bakeng sa selemo se secha sa tšebeletso? Pakane e ntle haholo ke ea ho nkela bopula-maliboho bo thusang ka khoeli e le ’ngoe kapa ho feta. Kaha hangata mosebetsi ona o thabisang o hloka ho lokisetsoa esale pele, hona joale ke nako e ntle ea ho qala ho o lokisetsa. Ke hobane’ng ha u lokela ho nahana ka pakane ea bopula-maliboho bo thusang?
2. Ke hobane’ng ha re lokela ho nahana ka pakane ea bopula-maliboho bo thusang?
2 Mabaka a ho Nkela Bopula-maliboho bo Thusang: Bopula-maliboho bo thusang bo re thusa ho khahlisa Ntate oa rōna oa leholimo “ka botlalo haholo” ka hore re sebetse nako e eketsehileng tšimong. (1 Bathes. 4:1) Ha re nahana ka sohle seo Jehova a re etselitseng sona, lipelo tsa rōna li re susumelletsa ho bolella ba bang ka eena. (Pes. 34:1, 2) Jehova oa bona ebile o ananela boitelo boo re bo etsang e le hore re sebetse haholoanyane tšimong. (Baheb. 6:10) Rea thaba ha re tseba hore re khahlisa Jehova ha re sebetsa ka thata.—1 Likron. 29:9.
3, 4. Bopula-maliboho bo thusang bo re ruisa molemo joang?
3 Hangata, ha u etsa ntho khafetsa, e ba bonolo haholo ebile u e thabela haholo. Ha u sebetsa nako e eketsehileng tšimong, u tla phutholoha haholo ha u bua le batho ka ntlo le ntlo. U tla ba le bokhoni ba ho qala lipuisano le ba ho sebelisa Bibele. Ha u bua haholo ka tumelo ea hao, e tla ba matla haholo. Batho ba bangata ba neng ba se na lithuto tsa Bibele ba ile ba khona ho qalisa thuto ea Bibele ha e se e le bo-pula-maliboho ba thusang.
4 Bopula-maliboho bo thusang bo boetse bo ka tsosa motho molota moeeng. Mor’abo rōna eo e neng e kile ea e-ba pula-maliboho oa kamehla o ile a hlokomela hore mosebetsi oa boipheliso o ne o nka nako ea hae e ngata ’me o ile a etsa qeto ea ho nkela bopula-maliboho bo thusang ka khoeli e le ’ngoe. O re: “Ke ile ka hlolloa ha ke bona kamoo khoeli eo e le ’ngoe e ileng ea ’matlafatsa kateng moeeng! Ke ile ka etsa qeto ea ho tsoela pele ke le pula-maliboho ea thusang, ’me sena se ile sa nketsa hore ke be pula-maliboho oa kamehla hape.”
5. Re ka hlōla ho ikhalala joang?
5 Hlōla Litšitiso: Bahoeletsi ba bang ba ka tsilatsila ho ngolisetsa bopula-maliboho bo thusang hobane ba nahana hore hase baboleli ba hloahloa. Haeba u nahana hore lebaka lena ke lona le etsang hore u se ke ua ba pula-maliboho ea thusang, Jehova a ka u thusa joalokaha a ile a thusa Jeremia. (Jer. 1:6-10) Le hoja Moshe a ne a le “molomo o boima . . . le leleme le boima,” Jehova o ile a mo sebelisetsa ho phetha thato ea Hae. (Ex. 4:10-12) Haeba ua ikhalala, kōpa Jehova hore a u fe sebete.
6. Ho ka khoneha joang ho ba pula-maliboho ea thusang ho sa natsoe ho kula kapa ho ba maphathaphathe?
6 Na u tsilatsila ho kenya kōpo ka lebaka la ho kula kapa la ho ba maphathaphathe? Haeba ua kula, u ka thusoa ke hore u se ke ua ikhahlapetsa. Haeba u maphathaphathe, mohlomong u ka chechisetsa ho etsa lintho tseo e seng tsa bohlokoa haholo khoeling e ’ngoe. Ba bang ba sebetsang ka nako e tletseng ba ’nile ba khona ho fumana nako ea bopula-maliboho bo thusang ka ho nka phomolo ea letsatsi kapa a mabeli mosebetsing.—Bakol. 4:5.
7. Ke hobane’ng ha ho le molemo ho rapella ho ba pula-maliboho ea thusang?
7 Kamoo U ka Khonang Kateng: Rapella hore u be pula-maliboho ea thusang. Kōpa Jehova hore a hlohonolofatse boiteko ba hao ba ho eketsa tšebeletso ea hao. (Bar. 12:11, 12) A ka u thusa hore u etse liqeto tse bohlale mabapi le kamoo u ka lokisang kemiso ea hao kateng. (Jak. 1:5) Ha u le monyebe, kōpa Jehova hore a u thuse hore u thabele mosebetsi oa boboleli.—Luka 10:1, 17.
8. Ho sebelisa Liproverbia 15:22 ho ka u thusa joang hore u be pula-maliboho ea thusang?
8 Tšohlang taba ea bopula-maliboho bo thusang le le lelapa. (Liprov. 15:22) Mohlomong litho tse ling tsa lelapa li ka thusa e mong ka lapeng hore e be pula-maliboho ea thusang. Bua le ba bang ka phuthehong ka takatso ea hao ea ho ba pula-maliboho ea thusang, haholo-holo ba leng maemong a tšoanang le a hao. Sena se ka ’na sa hōlisa cheseho ea ho ba pula-maliboho ea thusang.
9. U ka khetha likhoeli life tseo u tla ba pula-maliboho ea thusang ka tsona?
9 Ha u ntse u hlahloba kemiso ea hao ea tšebeletso bakeng sa selemo se secha sa tšebeletso, ebe u ka khona ho ba pula-maliboho ea thusang neng? Haeba u sebetsa ka nako e tletseng kapa u kena sekolo, u ka ’na ua nahana ho bo nka likhoeling tse nang le matsatsi a phomolo kapa tse nang le Meqebelo e mehlano kapa Lisontaha tse hlano. Ka mohlala, September, December, March le August li na le mafelo-beke a mahlano. Khoeli ea May e na le Meqebelo e mehlano, ’me June eona e na le Lisontaha tse hlano. Haeba ua kula, nahana ka likhoeli tseo boemo ba leholimo bo leng botle ka tsona. Mohlomong hape u ka rata ho bula maliboho khoeling eo molebeli oa potoloho a etetseng phutheho ea heno ka eona. Ketelong ea hae, u tla thabela le ho ba teng karolong ea pele ea seboka seo a se tšoarang le bo-pula-maliboho ba kamehla. Kaha Sehopotso se tla ba ka la 22 March selemong se tlang, likhoeli tse ntle e ka ba March, April le May. Ha u se u khethile khoeli kapa likhoeli tseo u batlang ho ba pula-maliboho ea thusang ka tsona, qala ho ngola kemiso e tla u thusa hore u finyelle lihora tse hlokahalang.
10. U ka etsa’ng haeba ho sa khonehe hore u be pula-maliboho ea thusang?
10 Le haeba u nahana hore u ke ke ua khona ho ba pula-maliboho ea thusang selemong sena se tlang sa tšebeletso, u ntse u ka ’na ua ba le moea oa bopula-maliboho. Tsoela pele ho etsa sohle seo u ka se khonang tšimong, u kholisehile hore Jehova o khahloa ke boiteko ba hao bo tiileng ba ho etsa sohle seo u ka se khonang tšebeletsong ea hae. (Bagal. 6:4) Tšehetsa bo-pula-maliboho ba thusang u be u ba khothatse. Mohlomong u ka eketsa tšebeletso ea hao ka letsatsi le le leng bekeng ka ho sebetsa tšimo le bo-pula-maliboho.
11. Ke hobane’ng ha re lokela ho utloisisa hore metsotso e jele babeli?
11 Batho ba Jehova baa utloisisa hore metsotso e jele babeli. Ho na le mosebetsi o lokelang ho etsoa, ’me mosebetsi oo ke oa ho bolela litaba tse molemo. Bophelo ba batho bo kotsing, ’me nako e setseng e fokotsehile. (1 Bakor. 7:29-31) Ho rata Molimo le moahelani ho tla re susumelletsa ho etsa sohle seo re ka se khonang tšebeletsong. Ka boiteko le tlhophiso e ntle, mohlomong re ka khona ho ba bo-pula-maliboho ba thusang bonyane ka khoeli e le ’ngoe selemong sena se secha sa tšebeletso, ’me e ka ba pakane e ntle hakaakang!