Ho Batleha Bo-pula-maliboho ba Thusang ba 10000
Na U ka ba Pula-maliboho ea Thusang ka March? April? May?
1 “Ho Batleha Baboleli ba 1000” e bile sehlooho se ileng sa hatisoa tokollong ea Watch Tower ea April 1881. Se ne se e-na le boipiletso bo tiileng bo lebisitsoeng ho banna le basali bohle ba inehetseng, “bao Morena a ba fileng tsebo ea ’nete ea Hae,” ho sebelisa nako leha e le efe eo ba neng ba ka e khona ho kopanela ho phatlalatseng ’nete ea Bibele. Ba neng ba ka khona ho nehelana ka ho khethehileng ka halofo kapa ho feta moo ea nako ea bona mosebetsing oa Morena ba ile ba khothalletsoa ho ithaopela ho ba barekisi ba libuka tsa bolumeli ba baevangeli—babetla-tsela ba bo-pula-maliboho ba kajeno.
2 Le hoja linako li fetohile ho tloha lilemong tsa bo-1800, ho na le ntho e le ’ngoe e sa fetoheng—bahlanka ba Molimo ba inehetseng ba batla ho tsoela pele ho sebelisa nako e ngata kamoo ho ka khonehang ho phatlalatsa litaba tse molemo. Ho sebeletsa joaloka bo-pula-maliboho ba thusang ho nolofalletsa bahoeletsi ba phutheho ho ntlafatsa tsebo ea bona hobane ba sebetsa nako e eketsehileng tšebeletsong ea ’Muso.—Bakol. 4:17; 2 Tim. 4:5.
3 Haesale ho tloha qalong ea bona, bopula-maliboho bo thusang bo ’nile ba thabeloa ke bara le barali babo rōna ba makholo a likete. Cheseho bakeng sa tšobotsi ena ea bopula-maliboho e ile ea hōla ho fihlela boemong ba hore ho finyelloe bo-pula-maliboho ba thusang ba fetang 10 000 tšimong ea lekala la Afrika Boroa ka April 1990! Ho tloha nakong eo ho bile le keketseho ea bahoeletsi linaheng tsohle tse leng tlas’a lekala la rōna ’me sena se tla etsa hore ho be bonolo ho finyella palo ena. Ka sebele monyetla oa hore boiteko bona bo babatsehang bo phetoe o teng nakong ea mosebetsi o khethehileng ka 1997.
4 Re le khothalletsa ho ba le pakane ea bopula-maliboho bo thusang khoeli e le ’ngoe kapa ho feta ka March, April le May. Ke hobane’ng ha March e akarelletsoa? Hobane selemong sena Sehopotso sa lefu la Kreste se ka Sontaha, la 23 March. Ha ho tsela e ’ngoe e molemo haholo ho feta ho qeta libeke pele ho Sehopotso re kopanela ka cheseho mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso oo Morena le ’Moloki oa rōna, Jesu Kreste, a o qalisitseng. Ka lebaka la bopaki bo bongata boo ho ka fanoang ka bona ka March, re ka memela batho ba bangata ba thahasellang ho kopanela le rōna ho keteka lefu la Kreste. Khoeli ea March e tla boela e e-ba e khethehileng hobane ka lekhetlo la pele, re tla be re nehelana ka buka e ncha, Lekunutu la Thabo ea Lelapa. Ho phaella moo, khoeli ea March e na le Meqebelo e mehlano le Lisontaha tse hlano, sena se fana ka monyetla bakeng sa mosebetsi o eketsehileng tšebeletsong ea tšimo mafelo-beke. Ha e le hantle, likhoeling tsa April le May, boiteko bo tsoelang pele bo etsoang ka cheseho tšebeletsong bo tla re lumella ho latella thahasello e fumanoeng le ho qalisa lithuto tse ncha tsa lehae tsa Bibele re sebelisa bukana ea Ke Eng Seo Molimo a se Hlokang ho Rōna? Hape re tla akaretsa tšimo ea rōna ka botlalo, haholo-holo mafelo-bekeng ka litokollo tse loketseng tse leng nakong tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Hopola ho nehelana ka peeletso ea limakasine tsena tse peli tse babatsehang ha monyetla o mong le o mong o hlaha bakeng sa ho tiisa hore batho ba thahasellang ba fumana lijo tsa moea ka ho tsoelang pele.
5 Ke Mang ea Tšoanelehang ho ba Pula-maliboho ea Thusang?: Leqepheng la 114, Ho Hlophisetsoa ho Phetha Tšebeletso ea Rōna ea hlalosa: “Ho sa tsotellehe hore na maemo a hao a botho ke afe, haeba u kolobelitsoe, boitšoaro ba hao bo le botle, u ka lokisetsa ho finyella lihora tse hlokahalang tse 60 ka khoeli tšebeletsong ea tšimo ’me haeba u lumela hore u ka sebeletsa ka khoeli e le ’ngoe kapa ho feta u le pula-maliboho ea thusang, baholo ba phutheho ba tla thabela ho nahanela kōpo ea hao bakeng sa tokelo ena ea tšebeletso.” Na u ka khona ho hlophisa maemo a hao bakeng sa tokelo ee ka March? April? May?
6 Boikutlo bo botle ba sehlopha sa baholo hammoho le tšehetso ea pelo eohle ea bahoeletsi kaofela li tla etsa hore boipiletso bakeng sa bo-pula-maliboho ba thusang ba 10 000 e be bo atlehileng. (Baheb. 13:7) Lihlooho tsohle tsa malapa li khothalletsoa ho tiisa hore na ke ba bakae malapeng a tsona ba ka kenelang bopula-maliboho bo thusang ka khoeli e le ’ngoe kapa ho feta likhoeling tse tlang.—Pes. 148:12, 13; bapisa le Liketso 21:8, 9.
7 U se potlakele ho fihlela qeto ea hore u ke ke ua ba pula-maliboho ea thusang ka lebaka la mosebetsi oa hao oa kamehla oa boipheliso, kemiso ea sekolo, boikarabelo ba lelapa kapa litlamo tse ling tsa Mangolo. Ho ba bang mohlomong ho ke ke ha e-ba bonolo ho kopanela; empa leha ho le joalo, ka tlhophiso e ntle le tlhohonolofatso ea Jehova, ba ka atleha. (Pes. 37:5; Liprov. 16:3) Lumella takatso ea ho kopanela tšebeletsong ea bopula-maliboho ho ba eona e susumetsang maemo a hao; u se lumelle maemo a hao ho laola takatso ea hao ea ho bula maliboho. (Liprov. 13:19a) Kahoo, ka lebaka la lerato le matla ho Jehova le batho ba bang, ba bangata ba khona ho fetola kemiso ea bophelo ba bona ba beke le beke ho eketsa tšebeletso ea bona ka khoeli ka lekhetlo le le leng. (Luka 10:27, 28) Litlhohonolofatso tse ngata li letetse ba ikitlaetsang ka matla tšebeletsong ea ’Muso.—1 Tim. 4:10.
8 Seo Bopula-maliboho bo Thusang bo se Finyellang: Boiteko ba moea oohle boo bahlanka ba Molimo ba likete ba bo etsang hore e be bo-pula-maliboho ba thusang bo feletse ka thoriso e khōlō e eang ho Jehova. Ha baboleli bana ba ’Muso ba ntse ba ikitlaetsa ka matla ho bolella batho ba eketsehileng litaba tse molemo, ba atametsoa haufi le Jehova hobane ba ithuta ho itšetleha ka eena haholoanyane bakeng sa moea oa hae le tlhohonolofatso.
9 Ho ba le bo-pula-maliboho ba thusang, ba kamehla le ba khethehileng ba mafolofolo har’a rōna ho hlahisa moea oa matla a macha ka phuthehong. Cheseho ea bona e fetela le ho ba bang ha ba bua ka liphihlelo tsa bona tsa tšebeletso ea tšimo. Sena se susumelletsa ba bang ho hlahlobisisa hore na ho bona ke lintho life tse tlang pele le hore na ke menyetla efe eo ba nang le eona ea ho kopanela ka ho eketsehileng mosebetsing ona oa bohlokoa ka ho fetisisa oa boboleli. Morali’abo rōna ea ileng a kolobetsoa a le lilemo li 70, hang-hang o ile a qala ho ba pula-maliboho ea thusang a sa khaotse. Lilemo hamorao ha a botsoa hore na ke hobane’ng ha a ntse a ikitlaetsa ka matla tšebeletsong ea bopula-maliboho bo thusang khoeli le khoeli lilemong tsa hae, o ile a bolela hore o ikutloa hore lilemo tsa pele tse 70 tsa bophelo ba hae e bile tšenyo ’me o ne a sa batle ho senya lilemo leha e le life tsa hae tse saletseng!
10 E mong le e mong ea kopanelang tšebeletsong ea bopula-maliboho bo thusang o ba le tsebo e ntlafalitsoeng boboleling. Mocha e mong oa Paki o ile a lumela: ‘Bonyenyaneng ke ne ke atisa ho tsamaea le batsoali ba ka tšebeletsong ea bona ea boboleli. Ke ne ke thabela tšebeletso ea tšimo haholo. Leha ho le joalo, ka mor’a nako ho ile ha qala ho khanya ho ’na hore ha ke tšoane le liithuti tse ling. Joale ke ile ka thatafalloa ho buisana le liithuti-’moho le ’na ka ’nete. Ha ke bolela ka ntlo le ntlo, ke ile ka qala ho tšosoa ke khopolo ea ho kopana le motho e mong eo ke mo tsebang ho tloha sekolong. Ke nahana hore tabeng ea ka bothata e ne e le ho tšaba batho. [Liprov. 29:25] Hoba ke qete sekolong, ke ile ka etsa qeto ea ho bula maliboho ka nakoana. Ka lebaka leo, boboleli bo ile ba ipiletsa ho ’na ho feta leha e le neng pele. Ke ne ke se ke sa bo talime e le mosebetsi o tlosang bolutu kapa hona hore ke moroalo o boima. Ha ke bona liithuti tsa ka tsa Bibele li hatela pele ’neteng, ke bile le boikutlo ba khotsofalo e tebileng e le bopaki ba hore Jehova Molimo o ne a tšehetsa boiteko ba ka.’ Mocha enoa o ile a tsoela pele ho sebeletsa e le pula-maliboho ea kamehla.
11 Ha e le hantle, ha ba bangata ba sebeletsa e le bo-pula-maliboho ba thusang ka phuthehong, phello e ba tšimo e akaretsoang hantle. Mor’abo rōna ea ntšang likabelo tsa masimo a ka kōpa tšehetso ea bo-pula-maliboho ba thusang hore ba akaretse likarolo tse sa sebetsoeng kamehla. Ho itlela le lijo tsa motšehare le ho sebetsa letsatsi lohle tšebeletsong ho tla etsa hore ho be bonolo ho sebetsa likarolo tse hōle tsa tšimo.
12 Baholo ba Lokela ho Etsa Litokisetso Esale Pele: Likhoeling tse tharo tse tlang, ho lokela hore ho etsoe litokisetso tsa kemiso ea ho paka ka litsela tse fapaneng ka linako tse sa tšoaneng har’a beke, ho akarelletsa le thapama le pele shoalane e tšoara e le hore ba bangata kamoo ho ka khonehang ba kopanele. Ho phaella mosebetsing oa kamehla oa ntlo le ntlo, akarelletsang mosebetsi oa ho paka seterateng, ho sebetsa masimo a khoebo le ho khutlela matlong ao ho se nang batho ho ’ona. Ka ho etsa joalo, baholo ba thusa ba bulang maliboho ho kopanela tšebeletsong le phutheho ka nako e loketseng haholo le e lumellanang le kemiso ea bo-pula-maliboho. Phutheho e lokela ho tsebisoa ka botlalo ka litokisetso tsohle tsa tšebeletso ea tšimo. Ho tsamaisoa ha liboka tsa tšebeletso ea tšimo ho lokela ho hlophisoa hantle le ho tsamaisoa ka mokhoa o loketseng esita le haeba liphutheho li e-na le liboka tsa hoseng ka Sontaha. Ho phaella moo, tšimo e lekaneng e lokela ho fumaneha ’me hang-hang ho odoroe limakasine le lingoliloeng tse ling tse lekaneng.
13 Lokisetsa Kemiso ea Hao ea Tšebeletso: Mor’abo rōna e mong, eo pele a neng a tsilatsila mabapi le bopula-maliboho bo thusang, o ile a re: “Ho bile bonolo haholo ho feta kamoo ke neng ke nahana kateng. Ho hlokahala feela kemiso e ntle.” Leqepheng le ka morao la kenyelletso ena, na u hlokometse sampole ea kemiso ea bopula-maliboho bo thusang e ka bang molemo ho uena? Lihora tse 15 beke ka ’ngoe tšebeletsong ke eona feela nako e hlokahalang bakeng sa bopula-maliboho bo thusang.
14 Hore ba sebeletse e le bo-pula-maliboho ba thusang, bo-’mè ba malapa le batho ba sebetsang thapama hangata ba ka lokisetsa hore ba kopanele libokeng tsa tšebeletso ea tšimo hoseng. Bana ba kenang sekolo le batho bao ka kakaretso ba sebetsang bosiu ba ka tela linako tsa thapama bakeng sa mosebetsi oa boboleli. Ba sebetsang mesebetsing ea boipheliso kamehla ba fumane ho le molemo ho nka phomolo ea letsatsi le le leng mosebetsing ka beke kapa ho tela mafelo-beke ’ohle bakeng sa boboleli ba sa behelle bopaki ba mantsiboea ka thōko. Ba bangata bao tšebeletso ea bona ea tšimo e lekanyelitsoeng feela mosebetsing oa mafelo-beke ba khetha likhoeli tse nang le mafelo-beke a mahlano. Selemong sena ho joalo ka March, August le November. Ka ho sebelisa kemiso e sa ngoloang letho e leqepheng la 6 e fanoeng e le tataiso, nahanela ka hloko le ka thapelo seo e tla ba kemiso ea hao e sebetsang le e tla lumellana le boemo ba hao.
15 Molemo o mong oa tokisetso ea bopula-maliboho bo thusang ke ho tenyetseha ha bona. U ka khetha likhoeli tseo u tla bula maliboho ka tsona ’me u ka sebeletsa u le pula-maliboho ea thusang hangata kamoo u lakatsang kateng. Haeba u lakatsa ho bula maliboho ka ho sa khaotseng empa u sa khone ho etsa joalo, na u kile ua nahana ka ho ngolisa u tlōlisa khoeli feela lipakeng ho pholletsa le selemo? Ka lehlakoreng le leng, ba bang ba khona ho sebeletsa e le bo-pula-maliboho ba thusang ka ho sa khaotseng ka linako tse telele.
16 Selelekela sa Bopula-maliboho ba Kamehla: Ba bangata ba nang le moea oa bopula-maliboho ba rata ho sebeletsa e le bo-pula-maliboho ba kamehla, empa baa ipotsa hore na ba na le nako, maemo, kapa mokoka bakeng sa hona. Ntle ho pelaelo boholo ba bao hona joale e leng bo-pula-maliboho ba kamehla ba ile ba sebelisa tšebeletso ea bopula-maliboho bo thusang e le selelekela sa mosebetsi oa nako e tletseng. Ka ho atolosa kemiso ea bopula-maliboho bo thusang hora e le ’ngoe feela letsatsi le letsatsi, kapa letsatsi le le leng le feletseng beke ka ’ngoe, ho bonolo ho finyella kemiso ea bopula-maliboho ba kamehla. Ho bona haeba u ka khona seo, ke hobane’ng ha u sa qete lihora tse 90 tšebeletsong nakong ea khoeli e le ’ngoe kapa ho feta tsa bopula-maliboho bo thusang? Ka nako e tšoanang, u tla be u eketsa maeto a ho boela le lithuto tsa Bibele tse tla etsa hore u thabele tšebeletso ea bopula-maliboho e fapaneng le e leka-lekaneng.
17 Morali’abo rōna e mong o ile a thabela tšebeletso e tsoelang pele ea bopula-maliboho bo thusang ka lilemo tse tšeletseng. Ka nako ena eohle e ne e le pakane ea hae ho kenela tšebeletso ea bopula-maliboho ba kamehla. Bakeng sa ho finyella seo, o ile a leka mesebetsi e mene ea boipheliso ka tšepo ea ho leka ho fumana boemo bo tla mo lumella ho finyella lihora tse 90 tse hlokahalang bakeng sa bopula-maliboho ba kamehla. Khoeli ka ’ngoe, o ile a etsa kemiso e le ’ngoe kapa tse peli bakeng sa ho lekanyetsa haeba sena se ka khoneha. Empa ha a li hlahloba, o ile a ikutloa hore a ke ke a khona tšebeletso ea nako e tletseng. Empa o ile a tsoela pele ho kōpa tataiso ea Jehova. Joale ka letsatsi le leng ha a ntse a lokisetsa Seboka sa Tšebeletso, o ile a bala sehloohong se seng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea September 1991 taba e neng e re: “Ho fapana le ho lebisa tlhokomelo e sa tšoanelang lenaneng la lihora tse hlokahalang, ke hobane’ng ha u sa lebise tlhokomelo tabeng ea ho ba le monyetla o eketsehileng oa ho kopanela mosebetsing oa ho bokella? (Joh. 4:35, 36)” O re: “Ke ile ka bala polelo ena ka makhetlo a mahlano kapa a tšeletseng, ’me ke ne ke kholisehile hore ena ke karabelo e tsoang ho Jehova. Ka nako eo ke ile ka etsa qeto ea ho kenela tšebeletso ea bopula-maliboho ba kamehla.” Le hoja kemiso ea mosebetsi oa hae oa boipheliso oa nakoana e ne e se ntle hakaalo, o ile a etsa kōpo ea hae ea bopula-maliboho ba kamehla. Beke hamorao kemiso ea hae e ile ea fetoha, ’me o ile a fuoa lihora tsa mosebetsi tse mo loketseng hantle. O ile a phetha ka ho re, “Na ha u lumele hore ena ke tlhohonolofatso ea Jehova?,” ’me o ile a phaella: “Ha u kōpa tataiso ho Jehova ’me u e fumana, u se ke ua e hana—e amohele.” Haeba e le takatso ea hao e tšepahalang ho ba pula-maliboho ea kamehla, mohlomong qetellong ea likhoeli tse tharo tsa ho ba pula-maliboho ea thusang ka March, April le May selemong sena, u tla kholiseha hore le uena u ka atleha tšebeletsong ea nako e tletseng.
18 Re kholisehile hore Jehova o tla hlohonolofatsa cheseho ea batho ba hae le ho tšehetsa boiteko ba bona ha ba ntse ba phatlalatsa litaba tse molemo tsa poloko nakong ea mosebetsi o khethehileng. (Esa. 52:7; Baroma 10:15) Na u tla arabela pitsong ea bo-pula-maliboho ba 10 000 ka ho kopanela ka March? April? May?
[Lebokose le leqepheng la 3]
Kamoo U Ka Atlehang Joaloka Pula-maliboho Ea Thusang
■ E-ba le boikutlo bo botle ka litebello tsa hao
■ Rapela Jehova hore a hlohonolofatse boiteko ba hao
■ Mema mohoeletsi e mong ho bula maliboho le uena
■ Etsa kemiso ea tšebeletso e sebetsang
■ Odora limakasine tse lekaneng
■ Tšehetsa litokisetso tsa phutheho bakeng sa tšebeletso
■ Batla menyetla ea ho paka ka mokhoa o sa reroang