Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 2/92 leq. 1
  • Na U ka Khona ho ba Pula-maliboho ea Thusang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U ka Khona ho ba Pula-maliboho ea Thusang?
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Pakane e Ntle Bakeng sa Selemo se Secha sa Tšebeletso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
  • Ho Batleha Bo-pula-maliboho ba Thusang ba 10000
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
  • Bolela Hohle Makhabane a Hlomphehang a Jehova
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
  • Na re ka Boela ra ho Etsa?—Boipiletso bo Bong Hape Bakeng sa Bo-pula-maliboho ba Thusang
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
km 2/92 leq. 1

Na U ka Khona ho ba Pula-maliboho ea Thusang?

1 Jesu o ile a khothalletsa balateli ba hae ho ikakhela ka setotsoana tšebeletsong, ’me o ile a ba tiisetsa hore ho latela tsela ena ho ne ho tla ba tlisetsa thabo le mahlohonolo a mangata a moea. (Matt. 10:8b; Lik. 20:35) Selemong se fetileng ka April batho ba ka holimo ho 6 000 ba ile ba latsoa monyaka oa tšebeletso e ekelitsoeng e le bo-pula-maliboho ba thusang. Na u ka khona ho kopanela mahlohonolong aa lemong see ka ho ngolisa joaloka pula-maliboho ea thusang ebang ke ka March kapa ka April kapa mohlomong ka likhoeli tseo tse peli?—Pes. 34:8.

2 Ho Hlahloba Maemo a Hao: Ha u ntse u nahanisisa ka liphihlelo tse boletsoeng tlaase mona, ipotse: ‘Na nka tšoaneleha mehlaleng leha e le efe ho ee? Ke joang nka etsang litokiso tse hlokahalang tse tla mpetlela tsela ea ho ba pula-maliboho ea thusang?’

3 Khaitseli e mong o ile a khona ho bula maliboho le hoja a e-na le bana ba bahlano ’me a etsa mosebetsi oa boipheliso. O ile a putsoa joang? Monna oa hae le bana ba hae ba ile ba mo tšehetsa hantle haholo, ’me ka baka la mohlala o motle oa khaitseli, monna oa hae o ile a susumelletseha ho ba mohoeletsi ea sa kolobetsoang khoeling e latelang.

4 Phuthehong e ’ngoe baholo bohle le bahlanka ba sebeletsang ba ile ba sebeletsa e le bo-pula-maliboho ba thusang khoeling e le ’ngoe. Boholo ba bona ba ne ba etsa mosebetsi oa boipheliso, empa ba ne ba tšoareha ka matla ka mesebetsi ea moea ka mafelo-beke. Ketello-pele eo ba ileng ba fana ka eona boboleling le ho hlophiseng tšebeletso ea tšimo e ile ea tsoela phutheho eohle molemo. Ho bahoeletsi ba 77, ba 73 ba ile ba kopanela mofuteng o itseng oa tšebeletso ea bopula-maliboho khoeling eo.

5 Ngoanana ea lilemo li 15 ea kenang sekolo o ile a sebelisa nako ea hae ea phomolo ea libeke tse peli ho kopanela tšebeletsong ea bopula-maliboho bo thusang ’me o re: “Ka sebele ke bona phapang, haholo-holo ntlafatso mokhoeng oa ho qoqa. Ke ne ke khona ho qoqa haholo le batho malapeng.”

6 Hangata batho ba leng pensheneng ba na le menyetla e metle ea ho phehella lithahasello tsa ’Muso. Khaitseli e mong ea lilemo li 84 ka mor’a lefu la monna oa hae o ile a ngola: “Bana ba ka kaofela ba ne ba se ba hōlile ’me ba kene lenyalong ’me ba e-na le malapa. Ha baa ka ba ntahla, empa ho nketela ha bona ho ne ho ke ke ha felisa maikutlo a ho lahleheloa le a bolutu. Joale e mong oa baholo phuthehong ea rōna o ile a etsa tlhahiso ea hore ke leke bopula-maliboho bo thusang. Ke ile ka tsila-tsila empa qetellong ke ile ka etsa qeto ea ho bo leka. E bile thabo e kaakang! Ke ile ka ikutloa hore Jehova o ntumelletse hore ke phele ho fihlela lilemong tseo ke leng ho tsona e le hore nka latsoa bopula-maliboho bo thusang. Ha esale ke e-ba pula-maliboho ea thusang khoeling e ’ngoe le e ’ngoe ho tloha ka nako eo.”

7 Moena ea rekisang matlo o ile a lokisa kemiso ea hae ea ho bontša batho matlo e le hore a ka ba le nako ea bopula-maliboho bo thusang. Ba bang ka ho tšoanang ba lokisitse kemiso ea bona ea mosebetsi oa boipheliso e le hore ba ka etsetsa tšebeletso e eketsehileng joalo sebaka.

8 Lokisetsa Esale Hona Joale: Ke hobane’ng ha hona joale u sa etse litokisetso tse tobileng tsa ho nka bopula-maliboho bo thusang ka March le April? E le hore u atlehe, ho hlokahala tokisetso e entsoeng ka hloko. Hona ho bonahala liphihlelong tsa ba ileng ba khona ho nka bopula-maliboho bo thusang esita le hoja ba e-na le boikarabelo ba malapa, mesebetsi ea boipheliso ea ka mehla, le litlamo tse ling tsa Mangolo. Buisana le ba bang bao ka katleho ba butseng maliboho e le hore u ka rua molemo liphihlelong tsa bona. Hape, atamela Jehova ka thapelo, u mo kōpe thuso.—Esa. 40:29-31; Jak. 1:5.

9 Ha ho pelaelo hore, ho na le monyaka o moholo o fumanoang ke batho ba hlophisang litaba tsa bona e le hore ba sebeletse joaloka bo-pula-maliboho ba thusang. Haeba ha u e-s’o be tšebeletsong ea nako e tletseng, na ho ka etsahala hore u thabele tokelo ena? Haeba u etsa boiteko ba ho atolosa tokelo ea hao ea ho arolelana litaba tse molemo le ba bang, ka sebele Jehova o tla u tšollela tlhohonolofatso e enneng.—Mal. 3:10.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela