Etsa Bonnete ba Hore ua Khutlela
1 Joaloka basebeletsi ba litaba tse molemo, re laeloa ho etsa barutuoa. (Matt. 28:19, 20) Ho etsa maeto a ho boela ke karolo ea bohlokoa mosebetsing oa rōna oa ho etsa barutuoa. Rea hlokomela hore bophelo boa ameha, kahoo re batla ho iteka ka hohle ho hlaolela thahasello e bontšitsoeng qalong.
2 Re lokela ho nka motho ka mong eo re siileng sengoliloeng ho eena a tšoaneloa ke leeto la ho boela. Leha ho le joalo, ho aba lingoliloeng ha ea lokela ho ba hona motheo feela oa ho etsa leeto la ho boela. Batho ba bangata ba ikemiselitse ho bua ka molaetsa oa Bibele empa ba hana ho nka lingoliloeng. Kahoo, haeba re bona thahasello, re lokela ho leka ka litsela tsohle ho boela le ho hlaolela thahasello eo.
3 Ho Khutlela Moo U Siileng Lingoliloeng: Kaha palo ea lingoliloeng tse abuoang e feta hole palo ea maeto a ho boela, re sa ntsane re ka ntlafatsa haholo ntlheng ena. Pula-maliboho e ile ea tsamaisa buka empa ea hlokomela thahasello e fokolang haholo ho mong’a ntlo. Mantsiboeeng a mang ka mor’a ho etsa maeto a mang a ho boela, moena o ile a etsa qeto ea ho boela ho motho eo. O ile a qala thuto ea Bibele.
4 Moena e mong o ile a tsamaisetsa monna e mong limakasine tse peli empa a mo lebala, a nahana hore o ne a hlile a sa thahaselle. Matsatsi a seng makae hamorao, monna eo o ile a ngolla phutheho ea hona moo lengolo a kōpa ho kolobetsoa. Khaitseli oa moromuoa o ile a botsoa hore na lebaka la sehlooho le entseng hore a khone ho thusa batho ba 74 ho ba bahoeletsi ke lefe. O ile a re: “Re ne re etsa mosebetsi oa limakasine haholo, ’me ke ile ka ’na ka etsa maeto a ho boela ho batho ba neng ba amohetse limakasine ho fihlela ke khona ho qalisa lithuto tsa Bibele le bona.”
5 Ka linako tse ling re ka ’na ra khona ho siela mong’a ntlo pampitšana ketelong ea pele. Hangata, lipampitšana li ka sebelisoa ka katleho maetong a ho boela ho bontša motho kamoo re khannang thuto ea Bibele. Molebeli oa potoloho, a sebetsa le mohoeletsi e mong, o ile a siela mosali e mong pampitšana. E bile puisano e khutšoaane, empa o ile a khothalletsa khaitseli hore a boele. Khaitseli o ile a boela ’me a qalisa thuto ea Bibele hang-hang.
6 Ha ho Bontšitsoe Thahasello: Ha mong’a ntlo a sa nke lingoliloeng ketelong ea pele, ka mehla sena ha se bolele hore ha a thahaselle. Mohoeletsi e mong o ile a etsa leeto la ho boela ho banyalani ba bacha, o ile a fumana hore ba ne ba se ba kile ba ba le tse ling tsa lingoliloeng tsa rōna ’me ba khanneloa thuto. Ntle le tika-tiko ba ile ba lumela ho qalisa hape ho ithuta. Pula-maliboho e khethehileng e ile ea hlokomela thahasello e ipatileng ho mosali eo ka mehla a neng a hana ho nka limakasine. Pula-maliboho e ile ea behella limakasine ka thōko, ’me mosali eo o ile a lumela hore ba ka buisana ka lirapa tse ’maloa ho tsoa ho e ’ngoe ea libukana. Ka mor’a ho mo etela ka makhetlo a ’maloa, mosali enoa o ne a khanneloa thuto habeli ka beke.
7 Motho e mong le e mong ea inehelang ho Jehova o lokela ho ikutloa a e-na le boikarabelo ba ho kopanela mosebetsing oa ho etsa barutuoa. Ha re khutlela ka mehla ho batho bohle ba bontšang thahasello, re tla kotula litholoana tse tla tlisa mahlohonolo a enneng ho rōna le ho ‘ba re utloang.’—1 Tim. 4:16.