Liboka Tsa Tšebeletso Tsa February
Beke e Qalang ka February 3
10 mets: Litsebiso tsa phutheho le Litsebiso tse khethiloeng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso. Etsa linehelano tsa limakasine tse thehiloeng litokollong tsa morao-rao. Khothalletsa bopaki ba sehlopha mafelo-beke.
20 mets: “Lokisetsa Nehelano ea Hao ea February.” (10 mets.) Lipotso le likarabo. (8 mets.) Ho be le lipontšo tse peli kapa tse tharo tse lokiselitsoeng hantle ka linehelano tse hlahisitsoeng tse loketseng tšimo ea lōna haholo. (2 mets.) Khothalletsa bohle ho ithuta le ho sebelisa nehelano e le ’ngoe kapa tse eketsehileng ho tse hlahisitsoeng.
15 mets: “Adama le Eva,” bukeng ea Ho Bea Mabaka, maqephe 25-7. (5 mets.) Puo ea selelekela e thehiloeng sehlohoaneng “Na Adama le Eva e ne e le batho ba tšomong feela?” (6 mets.) Pontšo ea ha ho etsoa leeto la ho boela ho motho eo mohoeletsi a ileng a mo siela potso “Na sebe sa Adama e ne e le thato ea Molimo, e le morero oa Molimo?” (4 mets.) Ba khothalletse hore ba sebelise karolo ea “Haeba e Mong a Re—” lihloohong tse bukeng ea Ho Bea Mabaka ha ba le maetong a ho boela. Bolela mehlala e eketsehileng.
Pina 30 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka February 10
10 mets: Litsebiso tsa phutheho, ho kopanyelletsa le litokisetso tsa tšebeletso bakeng sa beke ena. Ba khothalletse ho etsa boiteko bo boholoanyane ba ho etsa maeto a ho boela khoeling ena. Seboka sena sa Tšebeletso se tla hlalosa le ho fana ka lipontšo tse ’nè tse sebetsang tsa linehelano tse tla sebelisoa ha ho boeloa ho batho ba thahasellang. Khetha e le ’ngoe kapa ho feta tse tla sebelisoa bekeng ena.
20 mets: “Ho Qalisa Moqoqo ha U Khutlela.” (3 mets.) Puo ea selelekela e koahelang lintlha tse lirapeng 1 le 2. (15 mets.) Ho etsoe lipontšo tse lokiselitsoeng hantle bakeng sa nehelano ka ’ngoe ho tse tharo tse lirapeng 3-5. Haeba nako e lumela, ka mor’a pontšo ka ’ngoe, ho ka etsoa litlhaloso tse bontšang kamoo linehelano tseo li sebetsang ka teng. (2 mets.) Ho tsoa lintlheng tse serapeng 6, khothalletsa bohle hore ba lokisetse le hore ba sebelise bonyane nehelano e le ’ngoe ea tse hlahisitsoeng bakeng sa ho qalisa moqoqo le batho ba bontšang thahasello.
15 mets: “Na U ka Khona ho ba Pula-maliboho ea Thusang?” Puisano ea moholo le bahoeletsi ba ’maloa ba ileng ba nka bopula-maliboho bo thusang nakong e fetileng ’me ba rera ho ngolisa hape ka March le April. E le ho koahela lintlha tse leng sehloohong sena, bahoeletsi ba hlalosa mabaka ao ba batlang ho nka bopula-maliboho bo thusang ka oona. Ba bolela mahlohonolo ao ba a latsoitseng ’me ba hlalosa litokiso tseo ba ileng ba tlameha ho li etsa e le hore ba finyelle tlhokahalo ea lihora. Puisano e totobatsa monyaka o tlisoang ke ho nka bopula-maliboho bo thusang ’me bohle ba khothalletsoa ho nahanisisa ka tokelo ena ea tšebeletso haeba maemo a bona a botho a ba lumella. Hape u khothalletse phutheho ho qala ho rera hona joale hore e be le karolo e tletseng letsatsing le khethehileng la limakasine ka April 11.
Pina 114 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka February 17
10 mets: Litsebiso tsa phutheho, tlaleho ea lichelete, le liteboho tsa Mokhatlo ka menehelo e rometsoeng. Babatsa baena bakeng sa ho tšehetsa ha bona ka lichelete lithahasello tsa ’Muso. Khothalletsa bahoeletsi ho kopanela tšebeletsong ea tšimo mafelo-bekeng ana.
20 mets: “Etsa Bonnete ba Hore Ua Khutlela.” Lipotso le likarabo le lipontšo. Ka mor’a ho buisana ka serapa 5, etsa pontšo ea ha ho etsoa leeto la ho boela ho motho ea ileng a sieloa pampitšana. Puisano ea bona e lebisa thutong ea Bibele ho sebelisoa buka ea Phela ka ho sa Feleng. Ka mor’a ho buisana ka serapa 6, etsa pontšo ea ha ho etsoa leeto la ho boela ho motho ea ileng a hana ho nka sengoliloeng nakong e fetileng. Ka mor’a pontšo, botsa mohoeletsi lebaka le entseng hore a khutlele ho motho enoa ea sa kang a amohela sengoliloeng ketelong ea pele.
15 mets: “Ho Finyella Litlhoko tsa Kotulo ka Thabo.” Lirapa 1-16 li koaheloe ka lipotso le likarabo. Totobatsa melemo ea ho teana le Komiti ea Kaho ea Lebatooa pele ho qaloa morero oa ho haha Holo ea ’Muso. Thusa bohle hore ba bone tlhokahalo ea hore ba sebelise lichelete tse nehetsoeng ka bohlale ka ho reka ka hloko, ho etsa polane e bonolo, le mehato e qaqileng ea poloko ea lichelete.
Pina 133 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka February 24
10 mets: Litsebiso tsa phutheho, ho kopanyelletsa le litokisetso tsa tšebeletso ea tšimo bekeng ena, le Litaba tsa Puso ea Molimo.
15 mets: “Ho Bontša Hore re Tšehetsa Bo-pula-maliboho.” Lipotso le likarabo le puisano. Totobatsa mahlohonolo a fumanoang ke phutheho eohle ha bo-pula-maliboho ba fuoa tšehetso e hlokahalang. Buisana le bo-pula-maliboho, o totobatse kamoo ba ileng ba thusoa ka teng ke baholo le ba bang ka phuthehong tšebeletsong ea bona ea bopula-maliboho.
20 mets: “Ho Finyella Litlhoko tsa Kotulo ka Thabo.” Baena ba babeli ba ileng ba nka karolo mosebetsing oa kaho ea Holo ea ’Muso sebakeng sa lōna haeba ba le teng ba buisana ka lirapa 17-37 tsa kenyelletso. Ho totobatsoe hore ho hlokahala baithaopi ba eketsehileng hammoho le tlhaloso ea mehato e lokelang ho nkoa ha ho tlatsoa Kingdom Hall Construction Worker Questionnaire. Bolela hore na ke bo-mang ba tšoanelehang hore ba tlatse liforomo tsena. Kopanyelletsa liphihlelo tse monate tseo e ka ’nang eaba li ile tsa thabeloa mererong ea kaho sebakeng sa lōna.
Pina 43 le thapelo e koalang.