Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 2/92 leq. 8
  • Lokisetsa Nehelano ea Hao ea February

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lokisetsa Nehelano ea Hao ea February
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Qalisa Moqoqo ha U Khutlela
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
  • Khutlela ho ea Thusa Batho ho Ithuta Kamoo ba ka Phelang ka ho sa Feleng
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • Tsebisang Bohle Hore Tšireletseho ea Lefatše Lohle e Atametse
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
  • Ho Qalisa Lithuto tsa Bibele ka December
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
km 2/92 leq. 8

Lokisetsa Nehelano ea Hao ea February

1 Ka February, re nehelana ka buka ea Khotso ea ’Nete. Khatiso ena e ntle e ka sebelisoa ho nehelana ka litaba tse molemo ka litsela tse fapa-fapaneng. Ha ho pelaelo hore u tla ho fumana e le ho thusang ho ithuta le ho sebelisa e le ’ngoe kapa linehelano tsohle tse latelang tse hlahisitsoeng.

2 Lefatše—Lehae la ka ho sa Feleng la Motho: Haeba u batla ho qala moqoqo le batho ba amehileng ka lefatše le tikoloho ea lona, leka sehlooho “Lefatše le tla ba Teng ka ho sa Feleng Joaloka Lehae la Motho.” Sehlooho sena se tenyetseha ka ho lekaneng hoo se ka hapang tlhokomelo ea batho ba ratang malapa haholo, ba ratang tlhaho, le batho ba ithutang ka tikoloho. Lengolo le lokelang ho sebelisoa ke Moeklesia 1:4. Joale u ka ’na ua batla ho lebisa thahasello ea mong’a ntlo lirapeng 1 le 7 maqepheng 94-5 bukeng ea Khotso ea ’Nete.

3 Ka mor’a ho itsebisa, u ka ’na ua re:

◼ “Ke u etetse hakhutšoanyane ho tla bua ka taba e amang batho ba bangata haholo. Lefatše ke lehae la rōna, ’me ha ho pelaelo hore le uena u amehile ka tsela eo le senngoang ka eona. Bo-rasaense ba lula ba ntse ba lemosa hore haeba tšilafatso e tsoela pele, ho ke ke ha ba bonolo ho phela lefatšeng. Na u bona eka ho na le tharollo bothateng boo? [Etsa khefu hore mong’a ntlo a bue haeba a lakatsa joalo.] Ka bokhutšoaane, ke rata ho u bontša se boleloang ke Bibele ka bokamoso ba lefatše ho Moeklesia 1:4.” Bala temana, ’me u ’montše litlhaloso tse lirapeng 9 le 11 maqepheng 96-7 bukeng ea Khotso ea ’Nete.

4 Bokhopo bo Tla Felisoa: E le hore u ipiletse ho batho ba amehileng ka tlōlo ea molao, pefo, le ntoa, u ka ’na ua rata ho buisana le bona ka sehlooho “Bokhopo bo Tla Felisoa e le Hore ba Ratang Molimo ba ka Thabela Bophelo le Khotso.” Pesaleme ea 37:9-11 e hlakisa ntlha ena, ’me ntlha ena e hlalosoa bukeng ea Khotso ea ’Nete, maqephe 86-7, lirapa 1-3.

5 Ka mor’a kenyelletso e tloaelehileng, u ka ’na ua re:

◼ “Na u nahana hore ho tla ke ho fihle nako eo ka eona ho ke keng ha hlokahala hore re loantšane le tlōlo ea molao le pefo? [Emela karabo ea mong’a ntlo.] Bibele e bua ka tharollo ea ka ho sa feleng mona ho Pesaleme ea 37:9-11.” Bala temana ’me u phetle maqephe 86-7 bukeng ea Khotso ea ’Nete e le hore u bale likarolo tse khethiloeng lirapeng 1-3.

6 Tšepo ea Tsoho: Kaha ka nako e ’ngoe e mong le e mong oa rōna o kile a lahleheloa ke moratuoa lefung, e ka ba ho khothatsang ho qala moqoqo sehloohong “Puso ea ’Muso e Tla Khutlisetsa Baratuoa ba Shoeleng Bophelong Tlas’a Maemo a Paradeise.” U ka ’na ua sebelisa Johanne 5:28, 29 kapa Liketso 24:15 ’me u totobatse litlhaloso tsa sehlooho sena le lengolo tse fumanoang bukeng ea Khotso ea ’Nete, maqephe 102-5, lirapa 20-4.

7 U ka ’na ua qala moqoqo oa hao ka kenyelletso ea boraro leqepheng 14 bukeng ea “Ho Bea Mabaka” ebe joale u re:

◼ “Nako le nako ba bangata ba rōna ba nahana ka baratuoa bao re lahlehetsoeng ke bona lefung. Empa na u ikutloa hore re ka ’na ra ba bona hape? [Neha mong’a ntlo monyetla oa ho itlhalosa.] Batho ba bangata bao re buisanang le bona baa makala ho ithuta ka se tšepisoang ke Lentsoe la Molimo le hore tšepiso ena e tla phethahatsoa hona mona lefatšeng. Hlokomela tšepiso ea Bibele ho . . . ” Sebelisa Johanne 5:28, 29 kapa Liketso 24:15, ’me u ’montše litlhaloso tse lirapeng 20-4 maqepheng 102-5 bukeng ea Ho Bea Mabaka.

8 Lokisetsa ’me u sebelise nehelano e le ’ngoe kapa linehelano tsohle khoeling ena. Ha hoa lokela ho ba thata ho fumana mantsoe le lipapiso tse loketseng khatisong leha e le efe eo u e sebelisang. Haeba batho ba bontša thahasello e fokolang, nehelana ka pampitšana e buang ka sehlooho seo u buang ka sona.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela