Ho Bontša Hore re Tšehetsa Bo-pula-maliboho
1 Batho ba Molimo ba tsejoa ka ho kopanela ha bona ka cheseho tšebeletsong. Le hoja e se bohle ba nang le maemo a ba lumellang ho bula maliboho, re lokela ho hahamalla ho hōlisa moea oa bopula-maliboho, hore re etse lintho ka sephefumolohi sohle. Re thaba le ba bangata ba khonang ho kenela tšebeletso ea bopula-maliboho ’me rea ba khothatsa.
2 Ho ba pula-maliboho le ho lula u le eona ke mosebetsi o moholo. Bo-pula-maliboho ba jara karolo e khōlō ea mosebetsi oa ho bolela le oa ho ruta. Sena ha se finyelloe ntle le boiteko bo boholo le ho intša sehlabelo. Ba bang ba ka tšehetsa ’me ba khothatsa bahlanka baa ba nako e tletseng joang?
3 Se ka Etsoang: Bo-pula-maliboho ba hloka tšehetso ea baholo. Ho fanoa ka khothatso e ngata ha baholo ba sebetsa le bo-pula-maliboho. Baholo ba bangata ba leka ho sebetsa le pula-maliboho ka ’ngoe phuthehong bonyane hanngoe ka selemo. Ka tsela ena baholo ba khona ho fana ka pabatso ho se etsoang ke bo-pula-maliboho le ho ba thusa hore ba etse khatelo-pele e eketsehileng. Ho ka ’na ha hlokahala hore bo-pula-maliboho ba lokise kemiso ea bona ka nako eo baholo ba fumanehang ka eona. Hape, baholo ba tla batla ho tiisa hore ho na le tšimo e lekaneng bakeng sa lihlopha. Ho ka ’na ha lokisetsoa hore liboka tsa tšebeletso ea tšimo li tšoaroe motšehare oa mantsiboea kapa ka shoalane e le ho ipapisa le likemiso tsa bo-pula-maliboho. Sena se ka etsoa haholo-holo likhoeling tseo ho nang le bo-pula-maliboho ba thusang ba bangata.—Esa. 40:11.
4 Bahlanka ba sebeletsang ba boemong bo botle ba ho thusa bo-pula-maliboho ka ho ba tšehetsa tšebeletsong le ka ho hlokomela litokisetso tsa phutheho ka mafolo-folo. Bo-khaitseli ba ananela ho ba le baena ba etellang pele ho hlophiseng lihlopha tsa tšebeletso ea tšimo. Ba tšoarang libuka le limakasine ba ka tiisa hore ho na le tse lekaneng. Ho hlokomela litaba tse joalo ho nolofalletsa bo-pula-maliboho ho lebisa tlhokomelo eohle tšebeletsong ea bona.
5 E Mong le e Mong a ka Thusa: Bahoeletsi ba ka thusa ka ho etsa hore hangata ba fumanehe hore ba sebetse le bo-pula-maliboho. Bo-pula-maliboho ba thabela ho tsamaea le bahoeletsi ba bang ’me ba thabela le tšehetso ea bona. Mohlomong u ka lokisetsa ho sebetsa le bo-pula-maliboho hang ka beke kapa habeli ka khoeli. Ho ka abelanoa lintho tse bonahalang le bo-pula-maliboho, ’me ho fana hona ka seatla se bulehileng ho ananeloa haholo ke bo-pula-maliboho.—Ba-Fil. 4:14-19.
6 Malapa a ka etsa ho hoholo ho thusa litho tsa ’ona tse bulang maliboho. Hangata, mesebetsi ea lelapa e ka lokisoa e le ho lumella setho se le seng kapa tse eketsehileng tsa lelapa hore li bule maliboho. Khaitseli e mong ea nang le bana ba bararo o sebetsa matsatsi a mabeli ka beke. Bara ba hae ba thusa ka ho ea reka mabenkeleng le ho etsa mosebetsi oa lapeng. Morali o thusa ka ho hloekisa le ho pheha. Ka mor’a ho qeta sekolong, le eena o ile a qala ho bula maliboho, a fapanyetsana matsatsi a ho sebetsa le ’mè oa hae. Tšebelisano-’moho e joalo lapeng e nolofalletsa ba bangata ho nka bopula-maliboho ’me e tlisetsa lelapa mahlohonolo.
7 Bo-pula-maliboho ba khothetseng ba ipakile e le tlhohonolofatso phuthehong ka litsela tse ngata. Cheseho le mohlala oa bona li khothalletsa ba bangata hore ba etse haholoanyane tšebeletsong. Ka sebele, re lokela ho etsa seo re ka se khonang ho ba tšehetsa. Boiteko bo joalo bo kopanetsoeng bo fella ka thoriso ho Jehova.