Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 2/92 leq. 7
  • Litsebiso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Litsebiso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
km 2/92 leq. 7

Litsebiso

◼ Mpho ea buka ka February: Khotso ea ’Nete le Tšireletseho—U Ka Li Fumana Joang? ka monehelo oa R2,60. March: Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi! ka monehelo oa R8,00. April le May: Peeletso ea Molula-Qhooa ka monehelo oa R17,00 bakeng sa likhatiso tse tsoang habeli ka khoeli. Lipeeletso tsa selemo se le seng bakeng sa likhatiso tse tsoang hanngoe ka khoeli le lipeeletso tsa likhoeli tse tšeletseng bakeng sa likhatiso tse tsoang habeli ka khoeli ke R8,50.

◼ Mongoli le molebeli oa tšebeletso ba lokela ho hlahloba mosebetsi oa bo-pula-maliboho bohle ba ka mehla. Haeba leha e le bafe ba e-na le bothata ba ho finyella lihora tse hlokahalang, baholo ba lokela ho lokisetsa thuso e ka fanoang. Bakeng sa litlhahiso, phetang mangolo a Mokhatlo (S-201) a October 1, 1991, le October 1, 1990. Hape, shebang lirapa 12-20 tsa kenyelletso ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea August 1986.

◼ Mokete oa Sehopotso o tla ba ka Labohlano, April 17, 1992. Le hoja puo e ka ’na ea qalisa pejana, ka kōpo hopolang hore ho tsamaisoa ha bohobe le veine tsa Sehopotso ha hoa lokela ho qala pele ho shoalane. Hlahlobang mehloling ea sebaka sa lōna ho tseba hore na shoalane e tla tšoara neng tulong ea lōna. Ha ho liboka tse lokelang ho tšoaroa letsatsing leo ntle le liboka tsa tšebeletso ea tšimo.

◼ Puo e khethehileng ea phatlalatsa ea 1992 e tla ba teng pele ho Sehopotso ’me e tla fanoa ka Sontaha, April 5, 1992. Sehlooho sa eona e tla ba: “Karolo ea Bolumeli Litabeng tsa Lefatše.” Liphutheho tse tla beng li etetsoe ke molebeli oa potoloho, li e-na le letsatsi le khethehileng la kopano, kapa kopano ea potoloho li tla lokisetsa hore puo e khethehileng ea phatlalatsa e fanoe Sontaheng se hlahlamang, April 12, 1992. Liphutheho tse bang le Liboka tsa Phatlalatsa matsatsing a mang feela ntle le Sontaha li ka lokisetsa puo e khethehileng ea phatlalatsa nakong ea April 6-11.

◼ Bahoeletsi ba ratang ho ba bo-pula-maliboho ba thusang ka March le April ba lokela ho lokisetsa hona joale le ho khutlisa liforomo tsa bona tsa kōpo nako e sa le teng. Sena se tla thusa baholo ho etsa litokisetso tsa tšebeletso ea tšimo le hore libuka tse lekaneng li fumanehe.

◼ Nako le nako Mokhatlo o tla romella liphutheho maqetšoana a (S-70) a li fang litaelo tsa ho etela motho ea thahasellang. Baholo ba lokela ho tiisa hore maqetšoana ana a fuoa bahoeletsi ba nang le phihlelo ba tla ea ho motho eo pele beke e fela.

◼ Likhatiso tse Ncha tse Fumanehang:

Seafrikaanse: Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela (Phutheho le batho bohle: R8,00; bo-pula-maliboho: R5,20); Meea ea Bafu—Na e ka U Thusa Kapa ea U Ntša Kotsi? Na e Hlile e Teng? (Phutheho le batho bohle: lisente tse 80; bo-pula-maliboho: lisente tse 40). Senyesemane: Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela; Meea ea Bafu—Na e ka U Thusa Kapa ea U Ntša Kotsi? Na e Hlile e Teng? Segerike: Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela; Meea ea Bafu—Na e ka U Thusa Kapa ea U Ntša Kotsi? Na e Hlile e Teng? Seherero: Meea ea Bafu—Na e ka U Thusa Kapa ea U Ntša Kotsi? Na e Hlile e Teng? Sekwangali: Meea ea Bafu—Na e ka U Thusa Kapa ea U Ntša Kotsi? Na e Hlile e Teng? Sekwanyama: Meea ea Bafu—Na e ka U Thusa Kapa ea U Ntša Kotsi? Na e Hlile e Teng? Sendonga: Meea ea Bafu—Na e ka U Thusa Kapa ea U Ntša Kotsi? Na e Hlile e Teng? Sepedi: Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela; Meea ea Bafu—Na e ka U Thusa Kapa ea U Ntša Kotsi? Na e Hlile e Teng? Sepotoketsi: Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela; Meea ea Bafu—Na e ka U Thusa Kapa ea U Ntša Kotsi? Na e Hlile e Teng? Sesotho: Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela; Meea ea Bafu—Na e ka U Thusa Kapa ea U Ntša Kotsi? Na e Hlile e Teng? Setsonga: Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela; Meea ea Bafu—Na e ka U Thusa Kapa ea U Ntša Kotsi? Na e Hlile e Teng? Setswana: Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela; Buka ea Tataiso ea Sekolo sa Boboleli sa Puso ea Molimo; Meea ea Bafu—Na e ka U Thusa Kapa ea U Ntša Kotsi? Na e Hlile e Teng? Sevenda: Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela; Meea ea Bafu—Na e ka U Thusa Kapa ea U Ntša Kotsi? Na e Hlile e Teng? Sexhosa: Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela; Meea ea Bafu—Na e ka U Thusa Kapa ea U Ntša Kotsi? Na e Hlile e Teng? Sezulu: Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela; Meea ea Bafu—Na e ka U Thusa Kapa ea U Ntša Kotsi? Na e Hlile e Teng?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela