Meputso ea Tšebeletso ea Bopula-maliboho
1, 2. Tšebeletso ea bopula-maliboho e tsamaisana le meputso efe, hona hobane’ng?
1 Pula-maliboho e mong o ile a re: “Kea tseba hore ha ho na mosebetsi o mong o ka beng o ntliselitse khotsofalo e tlisitsoeng ke ho abela ba bang ’nete.” E mong a re: “Boroko ba ka bo ba monate qetellong ea letsatsi le leng le le leng, le pelo ea ka e tlala thabo.” Bo-pula-maliboho bana ba bua maikutlo a tšoanang le a bara le barali babo rōna libakeng tsohle ba latsoitseng meputso ea tšebeletso ea bopula-maliboho.—Liprov. 10:22.
2 Ho thusa ba bang ho fumana tsebo e phelisang ea Lentsoe la Molimo ho tlisa khotsofalo ea sebele. (Lik. 20:35; 1 Bathes. 2:19, 20) Pula-maliboho e mong oa khale o ile a ngola: “Ke ho thabisang le ho matlafatsang tumelo ho bona kamoo Lentsoe la Molimo le leng matla kateng ha le susumelletsa batho ho etsa liphetoho bophelong ba bona.” E, ka ho ithaopela ho thusa batho le ho khanna lithuto tsa Bibele, bo-pula-maliboho ba ipeha mocheng oa ho fumana meputso e tšoanang le ena.
3, 4. Bopula-maliboho bo ruta motho ho itšetleha ka Jehova joang, hona see se thusa motho joang hore a hōle moeeng?
3 Ho Itšetleha ka Jehova: Ho itšetleha ka moea oa Molimo letsatsi le letsatsi ha ba ntse ba phetha tšebeletso ea bona ho thusa bo-pula-maliboho ho hlaolela “litholoana tsa moea” ’me hoa ba sireletsa. (Bagal. 5:16, 22, 23) Ho phaella moo, kaha bo-pula-maliboho ba sebelisa Lentsoe la Molimo kamehla, hangata ba na le bokhoni ba ho sebelisa Mangolo ho sireletsa ’nete le ho matlafatsa ba bang. (2 Tim. 2:15) Mora e mong oabo rōna ea ’nileng a bula maliboho ka lilemo tse mashome o ile a hlalosa: “Ho bula maliboho ho nthusitse ho fumana tsebo e tebileng ea Bibele, tsebo eo ke e sebelisitseng ho thusa batho ba bangata ho tseba Jehova le merero ea hae.” Bopula-maliboho bo putsa hakaakang!
4 Bo-pula-maliboho ba kamehla ba boetse ba lokela ho itšetleha ka Jehova ka litsela tse ling tse ngata. Tumelo ea bona ea matlafala ha ba ntse ba bona kamoo a hlohonolofatsang boiteko ba bona ba ho hlokomela litlhoko tsa bona tsa lintho tse bonahalang. Mora e mong oabo rōna ea lilemo li 72 ea sebelelitseng e le pula-maliboho oa kamehla ka lilemo tse 55 o ile a re: “Le ka mohla Jehova ha a e-s’o ntšoetse.” Ho feta moo, ka ho nolofatsa bophelo ba bona, bo-pula-maliboho ba itšireletsa matšoenyehong a mangata a bophelo. Na bophelo bo joalo boa ipiletsa ho uena?—Mat. 6:22; Baheb. 13:5, 6.
5. Bopula-maliboho bo thusa motho hore a atamele haufi le Jehova joang?
5 Ho Atamela Haufi le Molimo: Kamano ea rōna le Jehova ke letlotlo la bohlokoa ka ho fetisisa. (Pes. 63:3) Ha re kopanela tšebeletsong ka botlalo ka lebaka la ho rata Jehova, kamano eo e ba haufi haholoanyane. (Jak. 4:8) Pula-maliboho e mong ea sebelelitseng ka lilemo tse fetang 18 o ile a re: “Tšebeletso ea bopula-maliboho e re lumella ho ‘latsoa le ho bona hoba Jehova o molemo,’ letsatsi le letsatsi re haha kamano e matla haholoanyane le ’Mōpi oa rōna.”—Pes. 34:8.
6. Ho hlokahala hore bo-pula-maliboho ba be le eng, ’me ke bo-mang ntle ho bo-pula-maliboho ba ruang molemo?
6 Ho phaella ho lumelloeng ke maemo, ho hlokahala hore bo-pula-maliboho ba be le tumelo e matla, lerato la sebele ho Molimo le moahelani, le ho ikemisetsa ho itela. (Mat. 16:24; 17:20; 22:37-39) Leha ho le joalo, joalokaha lifahleho tse tletseng thabo tsa bo-pula-maliboho libakeng tsohle li paka, meputso ea tšebeletso ea bopula-maliboho ke e fetisisang. (Mal. 3:10) Meputso ena ha e fumanoe ke bo-pula-maliboho feela, empa malapa a bona le phutheho e rua molemo o moholo moeeng o motle oo bo-pula-maliboho ba o bontšang.—Bafil. 4:23.