Lenaneo le Lecha la Letsatsi la Kopano e Khethehileng
Mehleng ena ho na le boitsebiso bo bongata bo mabapi le ho boloka pelo ea sebele e le boemong bo botle e le hore re thabele bophelo ’me re phele haleletsana. Boemo ba lipelo tsa rōna tsa tšoantšetso ke ba bohlokoa le ho feta. Kahoo, sehlooho sa lenaneo la letsatsi la kopano e khethehileng le qalang ka September 2003 ke se loketseng hakaakang, ha se re: “Ho Sebeletsa Jehova ka Pelo e Feletseng”! (1 Likron. 28:9) Re ka lebella ho ithuta’ng?
Molebeli oa potoloho o tla bua ka “Ho Thusa ba Bang ho Sebeletsa Jehova ka Moea o Thabileng.” Lipuisano li tla totobatsa thabo e tlisoang ke ho hlaolela thahasello ea batho ba batlang ho sebeletsa Jehova le ho ba khannela lithuto tsa Bibele. Ha ho pelaelo hore bohle ba tla tšelisoa le ho khothatsoa ke puo ea sebui sa moeti, e reng “Ho Lebela Lipelo Tsa Rōna Lefatšeng le Tletseng Likhathatso.” Lenaneo la hoseng le tla phethoa ka puo ea kolobetso.
Thapama, puo e reng “Ho Ithaopela ho Thusa ba Bang” e tla tšohla kamoo re ka thusang ba bang kateng. Batsoali ba ka etsa’ng ho sireletsa lipelo tsa bana ba bona litšusumetsong tse fosahetseng le ho ba thusa ho atamela haufi le Jehova? Puo e reng “Thusa Bana ba Hao ho Ithabela ho Jehova” e tla fana ka litlhahiso tse sebetsang ’me e bontše kamoo sena se ka etsoang kateng.
Na re sebelisa hamolemo litokisetso tsohle tseo Jehova a li etsang ho boloka lipelo tsa rōna tsa tšoantšetso li phetse hantle ’me li le matla? Puo e phethang ea sebui sa moeti, e reng “Boloka Pelo e Feletseng ha U Sebeletsa Jehova,” e tla lebisa tlhokomelo likarolong tse ’nè tsa bohlokoa lenaneong la rōna la ho iphepa moeeng. Re sebelisa nako le boiteko bo bokae re rapela ka tieo, re ithuta Lentsoe la Molimo, re bolela ka cheseho ’me re kopanela le Bakreste ba bang? Na re ka ntlafatsa likarolong leha e le life ho tsee?
Jehova o fana ka memo ena: “Tlisa pelo ea hao taeong le tsebe ea hao lipolelong tsa tsebo.” (Liprov. 23:12) Lokisetsa hona joale hore u be teng letsatsing lena le putsang la thupelo ea Mangolo. Ho etsa joalo ho tla u matlafalletsa hore u ’ne u sebeletse Jehova ka pelo e feletseng le ka moea o thabileng.