Litsebiso
◼ Lingoliloeng tse tla tsamaisoa ka August: Ho ka sebelisoa bukana leha e le efe e maqephe a 32 ho tse latelang: “Bonang, Ntho Tsohle ke li Etsa tse Ncha,” Ha Eo U Mo Ratang A E-shoa, Ho Etsahala’ng ka Rōna ha re E-shoa?, Lebitso la Molimo Le tla ’Ne le be Teng Ka ho sa Feleng, Morero oa Bophelo ke Eng—U ka o Fumana Joang?, ’Muso O Tla Tlisa Paradeise, Na Ruri Molimo oa re Tsotella?, Na U Lokela ho Lumela Boraro-bo-bong? le Thabela Bophelo Lefatšeng ka ho sa Feleng. Libukana tsa Buka ea Batho Bohle le ea Meea ea Bafu—Na e ka U Thusa Kapa ea U Ntša Kotsi? Na e Hlile e Teng?, li ka fanoa moo ho loketseng. September: Buka ea Tsebo. October: Limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! Ho ba bontšang thahasello, tsamaisa bukana ea Seo a se Hlokang, ebe u etsa boiteko bo khethehileng ba ho qalisa lithuto tsa Bibele.
◼ Ho qala ka beke ea la 20 October, 2003 re tla ithuta buka ea Rapela Molimo a le Mong Feela oa ’Nete Thutong ea Buka ea Phutheho.
◼ Molebeli ea okamelang kapa e mong ea khethiloeng ke eena o lokela ho hlahloba tlaleho ea liak’haonte tsa phutheho ka la 1 September kapa kapele ka mor’a moo. Ha e se e hlahlobiloe, ho tsebisoe phutheho ka mor’a hore ho baloe tlaleho e latelang ea lichelete.
◼ Ho baloa ha selemo le selemo ha setoko sa libuka le limakasine tsohle tse teng ho lokela ho etsoa ka la 31 August, 2003, kapa letsatsing le atamelaneng haholo le leo. Ho baloa ha setoko sena ho tšoana le ho baloa ha libuka ho etsoang ke mohokahanyi khoeli le khoeli, ’me palo ea tsona e akaretsang e lokela ho kenngoa foromong ea Leqephe la Setoko sa Libuka (S-18). Palo e akaretsang ea limakasine tse teng e lokela ho fumanoa ho (ba)mohlanka (ba)oa limakasine. Mongoli oa phutheho e hokahanyang o lokela ho hlokomela ho baloa ha setoko. Eena le molebeli ea okamelang oa phutheho e hokahanyang ba tla saena foromo eo. Phutheho ka ’ngoe e hokahanyang e tla amohela liforomo tse tharo tsa Leqephe la Setoko sa Libuka (S-18). Ka kōpo romelang kopi e ka holimo ofising ea lekala pele ho la 6 September. Bolokang kopi ea bobeli lifaeleng tsa lōna. Kopi ea boraro e tla ba eo ho sebeletsoang ho eona.
◼ Ho tloha ka la 25 ho ea ho la 30 August, 2003, ho tla baloa setoko sa libuka tsohle tse teng Bethele. Ka lebaka leo, ho ke ke ha sebetsanoa le liodara tsa lingoliloeng tsa liphutheho bakeng sa ho romeloa matsatsing ao.
◼ Ka kōpo hlokomelang hore ho tloha hona joale nomoro ea fax ea Lefapha la Libuka e fetotsoe hore e be (011) 761-1380. Leha ho le joalo re khothalletsa bohle hore ba ’ne ba tsoele pele ho romela liodara tsa bona ka teraka kapa ka poso.
◼ Liphutheho li lokela ho qala hang-hang ho odara libeche tsa kopano ea setereke bakeng sa 2003 ha li odara libuka ka September. Libeche li tla fumaneha ka Senyesemane, Sepotoketsi, Sesotho, Sexhosa le Sezulu feela. Li odaroe ka lihlopha tsa tse 20. Liodara tse siiloeng ke nako, tse tlang li se li potlakile li ke ke tsa amoheloa, kahoo li lokela ho odaroa ka lekhetlo la ho qetela ka odara ea libuka ea October.
◼ Liphutheho li lokela ho qala hang-hang ho odara libeche tsa kopano ea machaba bakeng sa 2003 ha li odara libuka ka September. Libeche li tla fumaneha ka Senyesemane feela. Li odaroe ka lihlopha tsa tse 20. Liodara tse siiloeng ke nako, tse tlang li se li potlakile li ke ke tsa amoheloa, kahoo li lokela ho odaroa ka lekhetlo la ho qetela ka odara ea libuka ea October.