Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 9/90 leq. 3
  • Ho Ananela Bo-pula-maliboho ba Rōna

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Ananela Bo-pula-maliboho ba Rōna
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1990
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • HOBANE’NG?
  • KA PHUTHEHONG
  • KHOTHATSA BO-PULA-MALIBOHO
  • Ho Bontša Hore re Tšehetsa Bo-pula-maliboho
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1992
  • Mahlohonolo a Tšebeletso ea Bopula-maliboho
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Meputso ea Tšebeletso ea Bopula-maliboho
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
  • Khopotso ho Mongoli le Molebeli oa Tšebeletso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1990
km 9/90 leq. 3

Ho Ananela Bo-pula-maliboho ba Rōna

1 Basebetsi-’moho bakeng sa ’Muso oa Molimo baa matlafatsana. (Ba-Kol. 4:11) Ha re nahanisisa hore mosebetsi oa sehlooho oa phutheho ea Bokreste ke ho bolela litaba tse molemo, ho na le mabaka a re qobellang ho ananela basebetsi ba nako e tletseng ba har’a rōna.—Mar. 13:10; Ba-Roma 16:2; Ba-Fil. 4:3.

HOBANE’NG?

2 Ka tsela e tobileng, bo-pula-maliboho ba haha phutheho ka ho sebetsa le bahoeletsi ba nang le phihlelo e fokolang litšobotsing tse sa tšoaneng tsa mosebetsi oa ho bolela. Hona ho akarelletsa ho paka ka limakasine, ho lokisetsa maeto a ho boela le ho a etsa, le ho qalisa lithuto tsa lehae tsa Bibele le ho li khanna ka katleho. Ho phaella moo, bo-pula-maliboho ba ka beha mohlala ka ho fana ka bopaki bo sa reroang ka sebete. Ho tšehetsa ha bona litokisetso tsa har’a beke tsa ho paka ka sehlopha ho ba neha monyetla oa ho thusa ba bang. Ho ka utluoa tšusumetso ea bona e tiileng tšimong haholo-holo ha bo-pula-maliboho ba tšehetsa tšebeletso ea tšimo bofelong ba beke, nakong eo ka eona bahoeletsi ba bang ba bangata ba ka khonang ho kopanela tšebeletsong.

3 Bo-pula-maliboho ba thusa liphutheho ho koahela tšimo ka botlalo le ka makhetlo a mangata. Sena se nolofalletsa batho ho tloaelana hamolemonyana le molaetsa oa rōna le ho phutholoha haholoanyane ha re ba etela hobane ba tseba hore na re bo-mang. Lihora tse ngata tseo bo-pula-maliboho ba li sebelisang tšimong ba siela batho ba thahasellang libuka le ho hlaolela thahasello—ha e le hantle e leng, ho hloma le ho nosetsa lipeō tsa ’nete—li ka lebisa tšimong e behang haholoanyane.—1 Ba-Kor. 3:6.

KA PHUTHEHONG

4 Ba bangata ba khothallelitsoe ho kenela tšebeletso ea nako e tletseng hobane lipelo tsa bona li ile tsa angoa ke cheseho le mafolo-folo a bo-pula-maliboho ba tšepahalang. Khaitseli e mong o ’nile a tsila-tsila ho ba pula-maliboho ea ka mehla hobane ba ne ba le sieo phuthehong. Empa eitse ha molebeli oa potoloho a mo khothalletsa, o ile a ngolisa. Ba bang le bona ba ile ba latela hamorao, ’me hona joale phutheho eo e na le lenane le leholoanyane la bo-pula-maliboho ba chesehang.

5 Ho ka ’na ha ba le linako tseo ka tsona baholo ba ka kōpang pula-maliboho ho thusa motho ea seng a sa tsoe ka mehla kapa ea seng a sa tsoele pele. Thuso ena e ka ’na ea akarelletsa ho khannela motho eo thuto ea Bibele. Ka hona tumelo le cheseho tsa pula-maliboho li ka tlatsetsa ho tsosoloseng lerato la motho eo ’neteng le ho thusa ho mo tsosolosa hore a sebeletse ho phethahatsa litlamo tsa boinehelo ba hae.—1 Ba-Thess. 5:14.

KHOTHATSA BO-PULA-MALIBOHO

6 Le hoja bo-pula-maliboho ba etsa ho hongata ho khothatsa ba bang, le bona ba hloka khothatso e le hore ba tsoele pele ba thabile tšebeletsong ea bona. (Ba-Roma 1:12) Na u bua hamolemo ka tšebeletso ea bopula-maliboho? U qetetse neng ho babatsa pula-maliboho ka mosebetsi oa eona le moea oa boitelo? Haholo-holo bo-pula-maliboho ba ananela ho sebetsa le motho e mong tšebeletsong ea tšimo lihoreng tsa letsatsi tseo ka tsona ho tsoileng bahoeletsi ba seng bakae. Na u ka tsamaea le bo-pula-maliboho ’me mohlomong u sebelise lihora tse teletsana bakeng sa ho tšehetsa mosebetsi oa ho bolela?

7 Ke joang hape u ka khothatsang bo-pula-maliboho? Ka ntle le ho ba babatsa, u ka bontša kananelo ea hao ho basebetsi ba joalo ba sebetsang ka thata ka tsela ea sebele ka ho kopanela lijong le bona, ho ithaopela ho ba thusa ka litšenyehelo tsa bona tsa ho eta, le ho ba tšehetsa ka litsela tse ling kamoo u ka khonang.—Bapisa le 1 Ba-Thessalonika 5:12, 13.

8 Ha baholo le bahlanka ba sebeletsang ba ntse ba etella pele ka phuthehong, bo-pula-maliboho le bahoeletsi ba tla tšehetsa ka botlalo litokisetso tse hlophisitsoeng hantle tsa tšebeletso. Ka hona kaofela ha rōna re tla sebelisa lineo tseo re nang le tsona ho “sebeletsa ba bang.”—1 Pet. 4:10, 11.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela