Khopotso ho Mongoli le Molebeli oa Tšebeletso
Selemo se seng le se seng tsebiso e leng ho tokollo ea February ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso e laela mongoli le molebeli oa tšebeletso ho “hlahloba mosebetsi oa bo-pula-maliboho bohle ba kamehla.” Morero oa tlhahlobo ee ke ofe? Ke ho fumana hantle hore na ke bo-mang ba ka hlokang thuso hore ba finyelle lihora tse hlokahalang pele selemo sa tšebeletso se fela.
Bo-pula-maliboho ba kamehla ba hlokoa hore ba nehelane ka lihora tse 1 000 selemo se seng le se seng tšebeletsong. Bofelong ba February, bo-pula-maliboho ba bang ba fumana hore ba saletse morao, ’me sena se ka baka ho nyahama. Hangata baholo ba ka thusa bo-pula-maliboho, ba ba fa khothatso le litlhahiso tse sebetsang. Sena se ka etsa phapang pakeng tsa hore bo-pula-maliboho ba finyelle se hlokoang ka katleho bakeng sa selemo kapa ba khaotse bopula-maliboho.
Ka sebele bo-pula-maliboho ba tla ananela kameho e tiileng ea baholo tabeng ena. Le phutheho e tla rua molemo ka ho ba le bo-pula-maliboho ba thabileng tšebeletsong ea bona, bao ka botšepehi ba khomaretseng kabelong ea bona.