Tsebisang Bohle Hore Tšireletseho ea Lefatše Lohle e Atametse
1 Haufinyane, “Morena oa khotso” o tla tlisa khotso ea ’nete le tšireletseho lefatšeng ka bophara. Tumelo ea rōna tšepisong ena ea Bibele e lokela ho re susumelletsa ho e arolelana le ba bang. (Esa. 9:6, 7; Mik. 4:3, 4) Likhoeling tsa January le February, re tla be re nehelana ka buka Khotso ea ’Nete le Tšireletseho—U Ka Li Fumana Joang?
2 Leqepheng 4 la tokollo ena ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso, re fane ka likenyelletso tse ’maloa tseo u ka batlang ho li sebelisa tšebeletsong ka January. Lirapeng tse latelang ho bontšitsoe mekhoa e meraro e ka ’nang ea lebisa tlhokomelo ea beng ba matlo bukeng ea Khotso ea ’Nete.
3 Mokhoa 1: Ka mor’a ho bala Esaia 9:6, 7, phetla leqephe 7 ’me u bale serapa 9. Ebe ua botsa: “Na u lumela sena? Na u nahana hore Molimo o tla ke u phethahatse tšepiso ea oona ea ho felisa bokhopo?” Emela karabo, ebe u tsoela pele: “Buka ena e bua ka tšepo feela eo re nang le eona ka khotso ea ’nete le tšireletseho le kamoo ‘Morena oa khotso’ a tlang ho tlisa khotso ea lefatše lohle mehleng ea rōna. Na u thahasella ho e bala, ’me na u ka thabela ho ithuta ho eketsehileng ka lefatše le lecha le tšepisitsoeng?”
4 Mokhoa 2: Ka mor’a ho bala Mikea 4:3, 4, phetla leqephe 98 ebe u botsa mong’a ntlo: “U bona maemo afe a nang le khotso setšoantšong see?” Emela karabo, ebe u tsoela pele ka ho re: “Ho na le khotso pakeng tsa batho le khotso pakeng tsa bona le liphoofolo. Batho ba bang ba ka ’na ba nahana hore mebuso ea batho e tla tlisa khotso e joalo. Empa khotso ea ’nete le tšireletseho tse boletsoeng esale pele ka Bibeleng li tlameha ho tlisoa ke Molimo, e seng batho. Na ha u lumellane le ’na?” Emela karabo, ebe u bala serapa 16 se leqepheng 100 ’me u hlalose hore buka ena e arabela lipotso tse ngata tse mabapi le ’Muso le khotso lefatšeng. Hlalosetsa mong’a ntlo hore u ka thabela ho mo siela buka ka monehelo oa R2,60.
5 Mokhoa 3: Libakeng tseo ho tsona batho ba ratang ho u kena hanong ba sa u lumelle hore u qete nehelano ea hao, u ka sebelisa katamelo ena: “Na nka u botsa potso?” Haeba mong’a ntlo a lumela, tsoela pele: “Jesu o re rutile ho rapella hore ’Muso oa Molimo o tle le hore thato ea oona e etsoe lefatšeng joalokaha e etsoa leholimong. Na u nahana hore thapelo ee e tla ke e arabeloe e le hore ka sebele thato ea Molimo e etsoe moo lefatšeng? U nahana joang?” Emela karabo, ebe u re: “Karabelo ea Bibele potsong eo e fumanoa mona leqepheng 95.” Joale u bale serapa 5 leqepheng 95, ebe u totobatsa kamoo mangolo a boletsoeng bukeng ena a arabelang potso eo le tse ling tse ngata ka khotso le tšireletseho ea lefatše lohle.
6 E ka ’na eaba u se u khethile kenyelletso eo u e ratang leqepheng 4 la Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso. Ka mor’a ho hlahloba mekhoa e sehloohong sena, u ka ’na ua fumana o le mong oo ka ho khetheha u tla thabela ho o sebelisa. Iphe nako ea ho ikoetlisa ka kenyelletso le mokhoa oo u tla o sebelisa pele u e-ea tšebeletsong ea tšimo. Tokisetso eo u e etsang le ho kholiseha ka bouena hore khotso ea ’nete le tšireletseho li tla tla ka “Morena oa khotso” le ’Muso oa hae li tla tlatsetsa tšusumetsong le chesehong ea hao ha u nehelana ka buka ea Khotso ea ’Nete.