Jara Boikarabelo ba ho Etsa Maeto a ho Boela
1 Ho na le mabaka a ’maloa a re susumetsang hore re kopanele ka hohle kamoo ho ka khonehang ho etseng maeto a ho boela. Re batla ho phethahatsa ka botlalo mosebetsi oo re o fuoeng hore re o etse, joalokaha Pauluse a entse. (Lik. 20:21, 24) Haeba re sebetsa ka botlalo ha re etsa maeto a ho boela ho batho ba thahasellang, re tla ba le letsoalo le letle ha re ntse re loanela ho phethahatsa tšebeletso ea rōna ka botlalo.—2 Tim. 4:5.
2 Tsebo e Etsa Hore re be le Boikarabelo: Kaha bophelo bo tsietsing re lokela ho susumelletseha ho ba mafolo-folo ha re etsa maeto a ho boela. (Joh. 17:3) Tsebo ea rōna ka kahlolo ea Jehova le ho atamela ha Harmagedone li lokela ho re susumelletsa hore re se lemose ba khopo feela empa hape re thuse ‘ba feheloang le ba bobolang ka baka la manyala ’ohle a etsoang lefatšeng.’ (Ezek. 9:4) Ho hlokahala hore ba thusoe ho kopanela le mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova.
3 Batho ba hloka thuso hore ba utloisise ’nete ka ho nepahetseng. (Lik. 8:30, 31; 18:26) Lena ke lebaka le leng le etsang hore re jare boikarabelo ba ho khutlela le ho “nosetsa” peō ea ’nete e jaliloeng. Re ka be re hatetse pele hakae moeeng hoja e se be hore e mong o ile a khutlela ho rōna nako le nako ho re thusa ho fumana tsebo e nepahetseng ea Jehova le merero ea hae e babatsehang?—Matt. 7:12.
4 Bontša Lerato le Cheseho: Ho etsa maeto a ho boela ke tsela e ntle ea ho bontša lerato la rōna ho batho. Moena e mong ea foufetseng ea sebeletsang joaloka pula-maliboho ea ka mehla o itse: “Haesale ke kolobetsoa, takatso ea ka e bile ho bolella ba bang seo ke ithutileng sona ka Bibeleng. Kea thaba hore ebe kholofalo ea ka ha ea nthibela ho etsa sena. . . . Ke boetse ka ithuta ho tšoara ka hlooho tlaleho ea ntlo ka ’ngoe e seterateng seo ke sebetsang ho sona, ’me ka tsela ena, ke khonne ho etsa maeto a ho boela ho batho ba thahasellang thuto ea Bibele.” Ruri moena enoa ea foufetseng o bona ka pelo ea hae, ’me ha aa lumelle letho ho mo sitisa ho etsa maeto a ho boela le ho bontša lerato la hae la Bokreste ho ba bang.
5 Hangata ha re etsa maeto a ho boela, ho ee ho hlokahale hore re sebelise Bibele ka mokhoa o batsi le ho fana ka mabaka a tšepo ea rōna. (1 Pet. 3:15) Sena ha se thuse mong’a ntlo feela empa se boetse se matlafatsa cheseho le kananelo ea rōna bakeng sa ’nete. Ho etsa maeto a ho boela ho tlisa thabo eo ho seng tsela e ’ngoe eo e ka fumanoang ka eona. ’Me le ka mohla ha ho hlokahale hore boleng ba thabo eo bo fele. Ka linako tsohle re ka bo nchafatsa ka hore re etse maeto a ho boela ka cheseho.—Liprov. 10:22.
6 Re tlameha ho nka boikarabelo ba rōna ba ho etsa maeto a ho boela ka ho teba. Batho ba Jehova ha ba hanele batho ka lintho tse molemo, ’me sena se ka bonoa mosebetsing oa rōna o entsoeng lefatšeng ka bophara selemong sa tšebeletso sa 1991. (Liprov. 3:27) Re entse maeto a ho boela a 344 926 952 ’me ra khanna lithuto tsa mahae tsa Bibele tse 3 947-261. Ho bile le barutuoa ba bacha ba 300-945 ba ileng ba inehela ho Jehova ’me ba kolobetsoa. Ho hang keketseho ena e hlollang e ka be e le sieo hoja e se ka baka la boikemisetso ba rōna ba ho jara boikarabelo ba ho etsa maeto a ho boela.—1 Ba-Thess. 2:8.