Thusa ba ‘Nang le Tšekamelo e Nepahetseng’
1. Mehleng ea rōna ke bo-mang bao Jehova a ipokellelang bona?
1 Motho ka mong o na le tšekamelo e metseng ka metso pelong ea hae ea tšoantšetso. (Mat. 12:35) Bibele e bua ka motho eo ‘pelo ea hae e sekametseng ntoeng.’ (Pes. 55:21) Ba bang ba ‘rata ho halefa.’ (Liprov. 29:22) Empa ho boetse ho na le ba ‘nang le tšekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng.’ (Lik. 13:48) Mehleng ea rōna, Jehova o ipokellela batho ba joalo ba nang le tšekamelo e nepahetseng. (Hag. 2:7) Re ka ba thusa joang hore e be barapeli ba Jehova?
2. Ke eng se amehang mosebetsing oa rōna oa ho etsa barutuoa?
2 E-ba Hlokolosi ha U Etsa Maeto a ho Boela: Ho ba le pono e nepahetseng mabapi le ho etsa maeto a ho boela ke habohlokoa e le hore re ka phetha mosebetsi oa rōna oa ho etsa barutuoa. (Mat. 28:19, 20) Na re potlakela ho khutlela ho batho ba bontšang thahasello? Na re khutlela ho bohle ba amohelang lingoliloeng kapa ba bontšang thahasello litabeng tse molemo? Na re etsa boiteko bo tsoelang pele ho ba thusa ho hōla moeeng? Kaha ho ameha bophelo, re lokela hore re leke ho hlaolela thahasello eohle eo re e fumanang.
3. Re lokela ho etsa eng ka mor’a ho buisana le motho ea itseng tšebeletsong?
3 Ha u sa ntse u hopola moqoqo oa hao le motho ea thahasellang, iphe nako ea ho ngola lebitso la hae le aterese. Ngola taba eo le buisaneng ka eona, mangolo leha e le afe ao le a balileng le lingoliloeng tseo u mo sietseng tsona. Ka mor’a moo, etsa bonnete ba hore u khutlela kapele kamoo u ka khonang.
4. Re ka etsa maeto a ho boela a atlehang joang?
4 Ho Etsa Leeto la ho Boela: Ha u etsa leeto la ho boela, hoa thusa ho ba mofuthu le ho ba botsoalle le ho bontša hore u thahasella mong’a ntlo e le kannete. Etsa hore moqoqo o be bonolo ’me e be o thehiloeng Mangolong. Lokisetsa taba ea Bibele e ipiletsang, ’me qetellong ea leeto leo, u botse potso e ka arabeloang leetong le latelang. Ho molemo ka ho fetisisa ho qoba ho ngangisana le mong’a ntlo ka pono eo e seng ea Mangolo eo a ka ’nang a e hlahisa. Leka ka matla ho haha holim’a lintho tseo le lumellanang ka tsona.—Bakol. 4:6.
5. Pula-maliboho e mong o ile a etsa boiteko bofe, hona e le ka liphello life?
5 Ho etsa maeto a ho boela ho hloka boiteko, empa meputso ea khotsofatsa. Pula-maliboho e mong oa Japane o ile a ipehela pakane ea ho etsa maeto a ho boela a eketsehileng khoeli le khoeli. O ile a qala ho ngola tlaleho ka batho bohle bao a kopaneng le bona mosebetsing oa ntlo le ntlo, ’me pele ho feta matsatsi a supileng, a khutlela ho bona. O ile a lokisetsa ka hloko seo a neng a tla se bua ’me a tsoela pele ho etsa tšebeletso ea hae a kholisehile ka molaetsa oo a o phatlalatsang. Ho le leng la maeto a hae a ho boela, o ile a khona ho qalisa thuto le motho ea neng a ile a re: “Kamehla ke ’nile ka le leleka. Ke lekhetlo la pele ke mamela.” Ho phehella ho lerato ha pula-maliboho enoa ho ile ha beha litholoana. Ha khoeli e fela o ne a tlaleha lithuto tsa Bibele tse leshome.
6. Ke hobane’ng ha re lokela ho phehella ho etsa maeto a ho boela?
6 Maemo a batho a lula a fetoha. (1 Bakor. 7:31) Hangata ho hlokahala hore motho a leke ka makhetlo a ’maloa e le hore a ka boela a fumana motho ea thahasellang lapeng. Ka ho ba hlokolosi ha re etsa maeto a ho boela, re ka thusa ba nang le tšekamelo e nepahetseng hore ba kene tseleng e isang bophelong bo sa feleng.—Mat. 7:13, 14.