Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 12/03 leq. 8
  • Tsela ea ho Buella Limakasine

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tsela ea ho Buella Limakasine
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tsela ea ho Buella Limakasine
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2004
  • Tsela ea ho Buella Limakasine
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2006
  • Tsela ea ho Buella Limakasine
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2004
  • Tsela ea ho Buella Limakasine
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2002
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2003
km 12/03 leq. 8

Tsela ea ho Buella Limakasine

Molula-Qhooa Dec. 15

“Nakong ena ea selemo, batho ba bangata ba nahana ka tsoalo ea Jesu. Na u kile ua ipotsa hore na o hōletse lelapeng la mofuta ofe? [Emela karabelo. Ebe u bala Luka 2:51, 52.] Molula-Qhooa ona o tšohla lintlha tse sebetsang tseo re ka ithutang tsona tlalehong ea Bibele ea khōliso ea Jesu.”

Molula-Qhooa Jan. 1

“Batho ba bangata ba labalabela hore ho be le khotso lefatšeng. Na u nahana hore re tla ke re bone mantsoe ao a phethahala? [Bala Pesaleme ea 46:9. Ebe u emela karabelo.] Molula-Qhooa ona o tšohla tsela eo sena se tla finyelloa ka eona le lebaka la hore re tšepe tšepiso ea Molimo ea lefatše le se nang ntoa.”

Tsoha! Jan. 8

“Lefatšeng ka bophara batho ba limilione ba tšoenngoa ke ho feto-fetoha ha maikutlo, ho kang ho tepella maikutlo le ho loantšana ha maikutlo ho ferekanyang kelello. ’Mōpi oa rōna o tsotella batho ba joalo haholo. [Bala Pesaleme ea 34:18.] Makasine ena e tšohla kamoo batho ba nang le boloetse bona ba ka thusoang kateng. E boetse e totobatsa tšepiso ea Bibele ea hore haufinyane ho kula hohle ho tla felisoa.”

Nehelano e ’ngoe: “Kaofela ha rōna re lakatsa ho bona bana ba rōna ba phela bophelo bo thabileng, bo atlehileng. U nahana hore bana ba hloka eng haholo e le hore ba ka sebetsana ka katleho le lefatše la kajeno le bakang khatello kelellong? [Emela karabelo. Ebe u bala Liproverbia 22:6.] Tsoha! ena e bontša seo bana ba se hlokang le hore na batsoali ba ka ba lokisetsa lintho tsena joang.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela