Liboka Tsa Tšebeletso Tsa January
Beke e Qalang ka December 30
5 mets: Litsebiso tsa phutheho le Litsebiso tse loketseng tse tsoang ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso.
20 mets: “Na U Ananela Mokhatlo o Hlophisitsoeng oa Jehova o lefatšeng?” Puo e thehiloeng ho Molula-Qhooa, November 1, 1991, maqephe 30-1.
20 mets: “Tsebisang Bohle Hore Tšireletseho ea Lefatše Lohle e Atametse.” Ka mor’a litlhaloso tse khutšoaane tsa selelekela, bua ka mokhoa ka mong ’me ha nako e lumela u bontše kamoo o ka sebelisoang pontšong e lokiselitsoeng esale pele ke bahoeletsi. Haeba ho loketse, ho ka ba hotle hore mocha a etse pontšo a sebelisa Mokhoa 2. Mokhoa 3 o lumella mohoeletsi hore bonyane a siee khopolo e thahasellisang ea Lengolo kelellong ea mong’a ntlo. Khothalletsa baena ka mofuthu hore ba sebelise e ’ngoe ea likenyelletso tse hlahisitsoeng leqepheng 4 le o mong oa mekhoa ena.
Pina 30 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka January 6
5 mets: Litsebiso tsa phutheho.
10 mets: “Katamelo e Sebetsang ha re Lokisetsa Tšebeletso ea Tšimo.” Buisana le bamameli ka sehlooho sena, ’me u re bahoeletsi ba bararo kapa ba bane ba lokiselitseng esale pele ba fane ka litlhaloso tse tobileng ba bontše kamoo katamelo ena e ka ba thusang ka teng. Ka mohlala, ba ka ’na ba fana ka litlhaloso ka linehelano tse fapa-fapaneng, litsela tseo boitsebiso bo ka sebelisoang ka teng tšimong ea lōna, ho tenyetseha, kapa hore katamelo ena e nolofalletsa bahoeletsi ho khetha boitsebiso boo ba ikutloang hore ba ka bo sebelisa ka bolokolohi. Khothalletsa bahoeletsi ho tla le likopi tsa bona tsa Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ha ba tla libokeng tsa tšebeletso ea tšimo.
18 mets: “Likenyelletso tse Susumelletsang Beng ba Matlo ho Mamela.” Bua hakhutšoaane ka boemo ba tšimo ea lōna. Litaba tsa bohlokoa ho beng ba matlo ke life? Lebisa tlhokomelo kenyelletsong le nehelanong e atlehang sebakeng sa lōna. E re mohoeletsi ea lokiselitseng hantle a etse pontšo ka nehelano ena ’me a nehelane ka mpho ea buka ea Khotso ea ’Nete. Mohoeletsi o lokela ho sebelisa nehelano e bontšitsoeng sehloohong sena. Joale mocha ea lilemong tsa ho kena sekolo a ka etsa pontšo ka eona nehelano ena ’me a qetelle ka ho nehelana ka limakasine ho motho ea thahasellang. Khothalletsa bohle ho leka mokhoa ona tšebeletsong ea tšimo.
12 mets: “Medical Document” le “Identity Card.” Mongoli o fana ka likarete ho litho tse kolobelitsoeng tsa phutheho. Ha u lokisetsa, hlahloba lengolo la January 1, 1990, bakeng sa lintlha tse loketseng litlhoko tsa phutheho ea lōna. Hatisa hore batho ba babeli ba saenang joaloka lipaki ba lokela ho bona kamoo e saenoang ka teng ebe joale le bona baa saena. Behela bamameli mabaka a hore na ke hobane’ng ha litaelo li lokela ho lateloa ka hloko e le hore likarete li ka re sebeletsa ka katleho bakeng sa ho re sireletsa. Ka mor’a seboka baholo ba ka etsa bonnete ba hore li tlatsitsoe ka nepo joalokaha ba entse selemong se fetileng. Le se ke la lieha ho tlatsa likarete le ho li saena ka mokhoa o nepahetseng.
Pina 130 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka January 13
10 mets: Litsebiso tsa phutheho le Litaba tsa Puso ea Molimo. Kopanyelletsa le tlaleho ea lichelete hammoho le liteboho tsa menehelo.
15 mets: Na Tšebeletso ea Bopula-maliboho e Ntoketse? Naheng ena hoo e ka bang karolo ea 7 lekholong ea bahoeletsi bohle ke bo-pula-maliboho ba ka mehla. Hlahlobisisa lipalo tsa sebakeng sa lōna. Na ba eketsehileng ho rōna, ho kopanyelletsa le bacha ba sa tsoa qeta sekolong se phahameng, ba ka khona ho kenela tšebeletso ea nako e tletseng? Buisana le bo-pula-maliboho ba bararo ba ka mehla, haholo-holo e be mocha, ’mè oa lelapa, le motho ea seng a le pencheneng. (Haeba bo-pula-maliboho ba ka mehla ba le sieo, ho ka sebelisoa bo-pula-maliboho ba thusang kapa bahoeletsi ba kileng ba kenela bopula-maliboho.) Bua ka taba ea lichelete. Ke mefuta efe ea mosebetsi oa nakoana e teng sebakeng sa lōna? Pula-maliboho ka mong o iphelisa joang? Ba entse liphetoho life mokhoeng oa bona oa ho sebelisa chelete? Bua ka kemiso ea ho finyella lihora tse hlokahalang. Na ho na le ba fokolloang ke bophelo? Ba tsoella joang? Ke liphephetso life tse ling tseo ba ileng ba thulana le tsona ka katleho? Lipuisano e lokela ho ba tse ntle le tse khothatsang. Ipiletse ka mofuthu ho bamameli hore ba hlahlobe maemo a bona ho bona haeba ba eketsehileng ba ka kenela tšebeletso ea nako e tletseng.
20 mets: Kamoo Batsoali ba se Nang Balekane ba ka Thusang Bana ba Bona. Kenyelletso e khutšoaane ’me e lateloe ke pontšo ea ’mè ea nang le bana ba babeli ba itokisetsang ho ea tšimong. Kajeno malapa a motsoali ea se nang molekane ka har’a mokhatlo o hlophisitsoeng a atile ho feta leha e le neng pele. Tsela eo ’mè oa Timothea le nkhonoa’e ba ileng ba kenya linnete ka ho eena e fana ka mohlala o motle oo batsoali bohle ba ka o latelang. (2 Tim. 1:5; 3:14, 15) Pontšo: ’Mè, morali ea lilemong tsa bocha, le morali e monyenyane ba lutse tafoleng ka kicheneng, ba sa tsoa qeta ho ja lijo tsa mantsiboea. ’Mè o re pele ba hlatsoa lijana ba tla ikhopotsa linehelano tseo ba tla li sebelisa tšebeletsong le hore eena e tla ba mong’a ntlo. Morali e monyenyane o khetha kenyelletso leqepheng 4 ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ’me o e sebelisa ho ’mè oa hae. Ka mofuthu ’mè oa hae o mo babatsa ka mosebetsi oa hae o motle ’me o mo kōpa hore a bale lengolo le hlahisitsoeng ke Mokhatlo. Ka potlako morali e monyenyane o phetla Esaia 9:6, 7 ’me oa e bala. Joale ’mè o botsa morali e moholoanyane hore na o tla nehelana ka buka joang. Morali o khetha mokhoa o leqepheng 1 ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ’me o o sebelisa ho ’mè oa hae. ’Mè oa hae oa mo babatsa ’me joale o khothatsa banana bana ba babeli hore ba ikoetlise ho etsa kenyelletso le mokhoa o hlahisitsoeng e le hore ba nehelane ka buka tšebeletsong ea tšimo. Barali ba bolelloa hore ba tla ikoetlisa ka nako e teletsana ebe joale ba hlatsoa lijana. Moholo o qetella karolo ena ka ho khothalletsa malapa ’ohle ka phuthehong hore a fane ka thuso e lerato ho bana ba bona.
Pina 183 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka January 20
15 mets: Moholo a fane ka litsebiso tsa phutheho ’me a hlahlobe litlhoko tsa phutheho. Haeba nako e lumela, a tšohle lintlha tse sa tšoaneng tse thahasellisang tse leng limakasineng tsa morao-rao. Khetha e le ’ngoe e tla lumellana hantle le e ’ngoe ea likenyelletso le mekhoa e hlahisitsoeng tokollong ena ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso. Joale e re mohoeletsi ea lokiselitseng hantle a etse pontšo e felletseng a sebelisa kenyelletso le mokhoa o hlahisitsoeng, a nehelana ka limakasine ho motho ea thahasellang. Totobatsa hore ka ho akarelletsa batho puisanong le ka ho sebelisa linehelano tse hlahisitsoeng, ho ke ke ha ba thata ho hlokomela batho ba thahasellang.
18 mets: “Jara Boikarabelo ba ho Etsa Maeto a ho Boela.” Lipotso le likarabo. Ka mofuthu khothalletsa bohle ho kopanela ka botlalo ho etseng maeto a ho boela. Khothalletsa bohle hore ba be teng hape bekeng e tlang ha ho tla be ho buisanoa ka se ka buuoang maetong a ho boela Sebokeng sa Tšebeletso.
12 mets: Puisano ka “Ho Ntšoa Hoa Mpa” bukeng ea Ho Bea Mabaka, maqephe 162-3. Ka mor’a ho kenyelletsa taba ena hakhutšoaane, e bontšang kamoo ho buuoang ka taba ena haholo kajeno le kamoo batho ba limillione ba amehileng ka eona, kenyelletsa pontšo ea khaitseli ea khannang thuto ea Bibele. Seithuti se secha sa Bibele se bolella khaitseli ka kameho e tebileng eo se nang le eona hobane e le moimana. Se hlalosa hore se hlile se amehile kaha boemo ba lelapa ba lichelete bo se botle. Beng ka sona ba lefatše ba se phehella hore se ntše mpa hang-hang. Khaitseli o etsa tlhahiso ea hore ba phetle buka ea Ho Bea Mabaka ’me ba etse lipatlisiso Mangolong ho bona hore na Jehova o talima bophelo ba ngoana ea e-song ho tsoaloe joang le hore na ebe o nka ho ntša mpa ho loketse kapa che. Ba qala ka ho hlahloba tlhaloso ea ho ntša mpa. Joale ba buisana ka lipotso, mangolo, le litlhaloso tse ling tse maqepheng 162-3. Khaitseli o lokela ho thusa seithuti ho beha mabaka le ho utloisisa khalalelo ea bophelo.
Pina 164 le thapelo e koalang.
Beke e Qalang ka January 27
10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Khothalletsa bahoeletsi hore ba etse litokisetso esale hona joale hore ba kenele bopula-maliboho bo thusang ka March le April. Khothalletsa malapa, hammoho le bahoeletsi ba bacha ba tla ba phomolong ka March kapa ka April, ho bona hore na ba ka etsa litokisetso life e le hore ba ka kopanela haholoanyane tšebeletsong ea tšimo.
20 mets: “U Tla Re’ng ha U Boela?” Buisana le bamameli ’me u re bahoeletsi ba lokiselitseng ba etse pontšo ka litlhahiso tse leng lirapeng ha ho ntse ho buisanoa ka tsona. Lipontšo tsena tse khutšoaane li lokela ho lokisetsoa nako e sa le teng.
15 mets: “Ho Alima Bakreste-’moho Chelete.” Puo e fanoang ke moholo e thehiloeng tokollong ea October 15, 1991, ea Molula-Qhooa, maqephe 25-8.
Pina 147 le thapelo e koalang.