Pina ea 192
Ho Tsebahatsa ’Nete ea ’Muso
1. Ho bile teng ho se tsebe
Lithuto tsa tsel’a ’nete.
Jehova a tlisa khanya,
Ra bontšoa ’nete le toka.
2. Joale ra bona tokelo
Ea tšebeletso ea ’Muso,
Ea ho tumisa Jehova
’Moho le ho mo tlotlisa.
3. Ka ntlo le ntlo le lit’rateng,
Ha ho na moo re sa pakeng.
Re ruta batho ho tseba
’Nete e tla ba lokolla.
4. Ha re ntse re ruta bohle
Ka borapeli ba ’nete,
Re ke re sebetseng ’moho
Ho be ho fihle bofelo.