Pina ea 101
Ho Tsebahatsa ’Nete ea ’Muso
E Hatisitsoeng
1. Pele re ne re sa tsebe
Lithuto tse nepahetseng.
’Me ra bona leseli,
’Nete ea ’Muso ea hlaka.
Ra ithuta thato ea Jah
Hore re mo sebeletse,
Re tumise Jehova,
Re mo roke ’me re mo tlotlise.
Re pakele batho bohle,
Ka ntlo le ntlo le lit’rateng.
Re thuse batho ho tseba
’Nete e tla ba lokolla.
Ha re ntse re ruta bohle
Hore ba rapele ’Mōpi,
Re sebetse hammoho
Ho fihlela tsatsing la bofelo.
(Sheba le Josh. 9:9; Esa. 24:15; Joh. 8:12, 32.)