PINA EA 83
“Ka Ntlo le Ntlo”
E Hatisitsoeng
	- 1. Ka ntlo le ntlo, re bolella - Batho bohle Lentsoe. - Metseng eohle le malapeng, - Nku li hlokometsoe. - Jesu o boletse a re: - ‘Litaba tsa ’Muso - Li tla boleloa lichabeng’ - Ke Bakreste bohle. 
- 2. Ka ntlo le ntlo, re bolela - Ka ’Muso oa ’Mopi - Le hore o tla pholosa - Bohle ba mo hlomphang. - Empa ba ka mo hlompha joang - Ha ba sa mo tsebe? - Re tla ba ruta ka eena, - Hore ba mo tsebe. 
- 3. Ka ntlo le ntlo, re bolelleng - Bohle ka ’Muso’a Jah. - Ba tla khetha ho mamela, - Kapa ho se utloe. - Re tla rorisa Jehova, - Re ee ka ntlo le ntlo - ’Me re tla fumana batho - Ba ratang Jehova. 
(Sheba le Lik. 2:21; Bar. 10:14.)