Katamelo e Sebetsang ha re Lokisetsa Tšebeletso ea Tšimo
1 Na ka linako tse ling ua qea-qea ha u tlameha ho kopanela tšobotsing e ’ngoe ea tšebeletso ea tšimo hobane u sa tsebe hore na u tla re’ng? Haeba ho joalo, re kholisehile hore u tla ananela katamelo e bontšitsoeng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso.
2 Ho qala ka tokollo ena, Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso e tla fana ka litlhahiso tse ngata tse sa tšoaneng tsa ho nehelana ka molaetsa oa ’Muso, ebang ke ka ntlo le ntlo, leetong la ho boela, kapa thutong ea Bibele. Litlhahiso tsena li lokela ho susumetsa monahano oa hao ka lipolelo tseo u tla rata ho li sebelisa tšebeletsong. Ha u lokisetsa ho ea tšebeletsong, khetha nehelano e loketseng tšimo ea lōna hantle. Joale, khetha hore na u tla sebelisa mantsoe a sebelisitsoeng sehloohong sena kapa u tla a feto-fetola hore a lokele maemo a sebakeng sa heno kapa a lokele botho ba hao. Nehelano ea hao e tla utloahala joaloka puisano e tloaelehileng haeba u e etsa ka mantsoe a hao. Na u ka rata ho atolosa tšebeletso ea hao ka tsela e itseng, mohlomong ka ho kopanela tšobotsing e ’ngoe ka lekhetlo la pele? Litlhahiso tse qaqileng tseo ho fanoeng ka tsona e ka ba sona seo u se hlokang hore u qalise.
3 Haeba u khanna se seng sa liboka tsa phutheho tsa tšebeletso ea tšimo, u lokela ho tloaelana hamolemo le boitsebiso bo hatisitsoeng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso. Ithute kopi ea hao hantle, ’me u lebise tlhokomelo litlhahisong tseo ho ka ’nang ha etsahala hore li atlehe haholo sebakeng sa lōna.
4 Kaofela ha rōna re thabela lintho tseo re li etsang hantle. Re tšepa hore katamelo ena e sebetsang e tla thusa bahoeletsi ba bacha le ba nang le phihlelo e khōloanyane hore ba atlehe ’me ba thabe tšebeletsong ea bona ea ’Muso.