Litsebiso
◼ Mpho ea buka ka January le February: Khotso ea ’Nete le Tšireletseho—U Ka Li Fumana Joang? ka monehelo oa R2,60. March: Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi! ka monehelo oa R8,00. April le May: Peeletso ea Molula-Qhooa ka monehelo oa R17,00 bakeng sa likhatiso tse tsoang habeli ka khoeli. Lipeeletso tsa selemo se le seng bakeng sa likhatiso tse tsoang hanngoe ka khoeli le lipeeletso tsa likhoeli tse tšeletseng bakeng sa likhatiso tse tsoang habeli ka khoeli ke R8,50.
◼ Ho tloha ka March 1, puo e ncha ea phatlalatsa bakeng sa balebeli ba potoloho e tla ba “Jesu Kreste—’Musi e Mocha oa Lefatše.”
◼ Ho ntse ho etsoa litokisetso tsa hore likopano tsohle tsa setereke li tšoaroe ka December 1992 le mathoasong a January 1993. Mokhelo feela e tla ba likopano tse tla tšoareloa Namibia, tse tla ba ka September/October. Hang ha libaka tseo li tlang ho tšoareloa ho tsona li tsejoa, ho tla fanoa ka boitsebiso bo eketsehileng.
◼ April 11, 1992, e khethiloe joaloka letsatsi le khethehileng la limakasine. Lilemong tse peli tse fetileng baena ba rōna ba likete ba ile ba thabela ho kopanela mesebetsing ea letsatsi le khethehileng la limakasine. Ke hobane’ng ha u sa itokisetse hona joale hore u kopanele ka botlalo mosebetsing oo o khethehileng?
◼ Watchtower ea Senyesemane ea mongolo o moholo: Balebeli ba okamelang ba lokela ho lokisetsa hore ho baloe lengolo la August 10, 1989, le mabapi le Watchtower ea mongolo o moholo. Liodoro tsa makasine oa mongolo o moholo li boetse li fokotsehile e leng ho bolelang hore re ka ’na ra khaotsa ho o hatisa mona lekaleng la Afrika Boroa. Na bohle bao tokisetso ena e ka ba tsoelang molemo ba lemositsoe ka sena? Totobatsa ka ho hlaka batho ba sa tšoaneng ba ka ruisoang molemo ke tokisetso ena e mosa joalokaha ho boletsoe lengolong.
◼ Likhatiso tse Ncha tse Fumanehang:
Senyesemane: Pampitšana ea No. 17 “A Peaceful New World—Will It Come?” (Bona ke boitsebiso bo tšoanang le bo pampitšaneng ea No. 15, empa taba e ngotsoeng e entsoe hore e lokele Majode.) Sepedi: “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo,” Khatiso ea 1991, (Phutheho le batho bohle: R8,50; bo-pula-maliboho: R5,50). Setsonga: “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo,” Khatiso ea 1991, (Phutheho le batho bohle: R8,50; bo-pula-maliboho: R5,50).