Haeba ea Atleha, e Sebelise!
1 Kamehla Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso e re fa linehelano tse fapa-fapaneng tseo e leng litlhahiso tseo re ka li sebelisang tšebeletsong ea rōna. Sena se re fa likhopolo tse ncha tsa hore na ke joang re ka etsang molaetsa oa ’Muso hore e be o thahasellisang. Mohlomong khoeli e ’ngoe le e ’ngoe u etsa boiteko ba hore u ithute nehelano e le ’ngoe kapa ho feta. Leha ho le joalo, bahoeletsi ba bang ba ka ’na ba fumana hore ka nako eo ba sebelisitseng e ’ngoe ea tsona ka makhetlo a ’maloa feela, tokollo e ’ngoe ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso e se e fana ka linehelano tse ncha. Ho hlakile hore e ka ’na eaba hase e mong le e mong ea tla nolofalloa ke ho ithuta nehelano e ncha pele a tseba e fetileng hantle.
2 Bonneteng, ho na le bo-pula-maliboho ba likete le bahoeletsi ba bang ba sebetsang nako e ngata tšebeletsong ea tšimo. Ho feta moo, liphutheho tse ngata li sebetsa tšimo eohle ea tsona libekeng tse ling le tse ling tse seng kae. Maemong ana, bahoeletsi ba ananela ho ba le litsela le likhopolo tse ncha tsa ho fana ka molaetsa. Sena se ba thusa ho ntlafatsa tsebo ea bona. Se boetse se etsa hore tšebeletso ea bona e be e thahasellisang le e atlehang haholoanyane ’me se ba thusa ho sebetsana ka katleho le liphephetso tseo ba teanang le tsona.
3 Ho sa tsotellehe hore na maemo a hao ke afe, haeba u lokiselitse nehelano e sebetsang hantle ha u hlaolela thahasello, ntle ho tika-tiko, tsoela pele ho e sebelisa! Ha ho hlokahale hore u khaotse ho sebelisa nehelano e sebetsang hantle eo u fumanang litholoana ka eona. Etsa feela hore e lumellane le mpho ea khoeli. Ha u ntse u hlahloba litlhahiso tse entsoeng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso, sheba lintlha tse thahasellisang tseo u ka ratang ho li kenyelletsa nehelanong ea hao.
4 Kahoo, ha u amohela tokollo e ncha ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso, hopola hore linehelano tseo ho ka buuoang ka tsona tse ho eona e mpa e le litlhahiso feela. Haeba u ka li sebelisa, ke hantle. Empa haeba u se u fumane nehelano e atlehang tšimong ea heno, sebelisa eona! Ntho ea bohlokoa ke ho ‘phetha bosebeletsi ba hao ka botlalo’ le ka mokhoa o molemo, ho fumana ba tšoanelehang le ho ba thusa hore e be barutuoa.—2 Tim. 4:5.