Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 5/94 leq. 3
  • Na ho Hlokahala Hore ke ’ne ke Fetohe?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na ho Hlokahala Hore ke ’ne ke Fetohe?
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Haeba ea Atleha, e Sebelise!
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
  • Mokhoa oa ho Sebelisa Linehelano Tse Fanoeng e le Mohlala
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
  • Fana ka Limakasine Tse Pakelang ’Nete
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2007
  • Ho Ntlafatsa Bokhoni ba Rōna Boboleling​—⁠Ho Ingolla Seo U Tla se Bua ha U Tsamaisa Limakasine
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2016
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1994
km 5/94 leq. 3

Na ho Hlokahala Hore ke ’ne ke Fetohe?

Tokollo ka ’ngoe ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso e fana ka linehelano tse sa tšoaneng tsa Mangolo tseo re ka li sebelisang ha re paka. Bahoeletsi ba bangata ba mafolo-folo ba chesehela ho fumana likhopolo tse ncha le ho sebelisa likatamelo tse fapaneng. Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso e ba nahanela ka ho fana ka litlhahiso tse ’maloa khoeli ka ’ngoe.

Leha ho le joalo, ho ka etsahala hore ebe ha u utloe ho hlokahala hore u ’ne u fetole seo u se sebelisang. Mohlomong u na le lihora tse ’maloa feela khoeli ka ’ngoe bakeng sa ho kopanela mosebetsing oa ntlo le ntlo. Ka nako e itseng, u ka ’na ua be u sebelisitse linehelano tse ling tseo u ikutloang hore li u loketse, ’me u fumana liphello tse ntle ka ho li sebelisa. U ka ’na ua itšetleha ka litemana tse tloaetsoeng ho sebelisoa, ho kopanyelletsa Pesaleme ea 37:9-11, 2 Petrose 3:13, Tšenolo 21:4, le tse ling. Haeba ho joalo, ha ho hlokahale hore u ikutloe u tlameha ho fetohela nthong e ’ngoe hangata. Pakane ea rōna e ka sehloohong ke ho kopanela tšepo ea ’Muso le ba bang le ho ba thusa hore ba ithute seo ba tlamehang ho se etsa hore ba tšoanelehele tlhohonolofatso ea Jehova. Haeba u fumana linehelano tse nakong le tse ipiletsang bukeng ea Ho Bea Mabaka tseo u batlang ho li sebelisa ’me u fumana karabelo e ntle ka tsona, u se ke ua tsila-tsila ho li sebelisa.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela