Fana ka Limakasine Tse Pakelang ’Nete
1. Molula-Qhooa le Tsoha! li phetha karolo efe?
1 Makasine e bitsoang Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova le makasine ea habo eona ea Tsoha! e ntse e le tsona tse sebelisoang haholo mosebetsing oa ho bolela ka ’Muso le ho etsa barutuoa. (Mat. 24:14; 28:19, 20) Re thabela hore kamehla re fane ka limakasine tsena tse peli tse nakong ha re etsa mesebetsi e fapa-fapaneng ea tšebeletso ea ’Muso.
2. Ho ’nile ha etsoa liphetoho life Molula-Qhooeng le Tsoheng!, hona hobane’ng?
2 Ha lilemo li ntse li feta ho ’nile ha etsoa liphetoho mabapi le hore na limakasine tsena li be boholo bo bokae, li tšohle litaba tsa mofuta ofe le hore na li ajoe joang. Liphetoho tsena li entsoe ka morero oa hore limakasine tsena e be tse khahlang batho haholo li be li ba thuse, e le hore molaetsa oa ’Muso o ka finyella lipelo tsa ‘batho ba mefuta eohle e le hore ba pholohe ’me ba fihle tsebong e nepahetseng ea ’nete.’—1 Tim. 2:4.
3. Limakasine li tla sebelisoa joang tšimong?
3 Ho tloha ka January 2006, re bile le boiphihlelo ba ho sebelisa linehelano tse fapa-fapaneng bakeng sa tokollo ea Tsoha! e tsoang hanngoe ka khoeli. Kahoo tšebeletsong ea rōna ea phatlalatsa, re tla sebelisa mokhoa o tšoanang ha re fana ka tokollo e le ’ngoe feela litokollong tse peli tse tsoang hanngoe ka khoeli tsa Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova. Mehlala ea linehelano tse ka sebelisoang ha ho fanoa ka makasine ka ’ngoe e hlaha leqepheng le ka morao la Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso. Hangata mehlala ena e qolla se seng sa lihlooho tse qalong ea makasine empa ka linako tse ling e qolla lihlooho tse ling tse khahlang batho ba bangata. Re ka atleha haholo ha re sebelisa litlhahiso tse hatisitsoeng haeba re tseba hantle hore na sehlooho seo se bua ka eng re bile re beha taba ka mantsoe a rōna ho etsa hore nehelano eo e tšoanele tšimo ea rōna.
4. Ke hobane’ng ha ho ka ’na ha e-ba molemo hore re sebelise linehelano tse ling ntle ho tse bontšitsoeng Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso?
4 Le hoja Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso e e-na le litlhahiso tse peli bakeng sa makasine ka ’ngoe, u lokolohile hore u ka sebelisa nehelano e ’ngoe feela. Lebaka le leng la hore u etse seo e ka ’na ea e-ba hore se seng sa lihlooho tse sa qolloang se tla khahla batho ba bangata tšimong ea lōna. Kapa e ka ’na ea e-ba hobane u nahana hore u ka atleha haholo ha u buella sehlooho seo u se ratang haholo.
5. Pele u lokisetsa nehelano ea makasine eo u tla e buella, u lokela ho etsa’ng?
5 Tsela eo U ka Lokisetsang Nehelano ea Hao ka Eona: Pele ho tsohle, u lokela ho tseba hantle sehlooho seo u batlang ho bua ka sona. Hase kamehla u ka tsebang hantle sehlooho se seng le se seng sa makasine pele u o buella tšebeletsong ea tšimo. Leha ho le joalo, u lokela ho bua ka cheseho le ka botšepehi ha u bua ka lihlooho tseo u li khethileng. U ka etsa joalo hafeela u tseba hantle taba eo u buang ka eona.
6. Re ka lokisetsa linehelano tsa rōna joang?
6 Ka mor’a moo, ha u lokisetsa kenyelletso ea hao u fetohe le maemo. U ka ’na ua qala moqoqo ka potso e thahasellisang e amanang le sehlooho. Kamehla u tšepe matla a Lentsoe la Molimo hore e be ’ona a finyellang pelo ea motho. (Baheb. 4:12) Khetha lengolo le loketseng le amanang le taba eo u e kenyelletsang, ho ka molemo hore e be temana e bontšitsoeng kapa e qotsitsoeng sehloohong seo u buang ka sona. Nahana hore na u tla amahanya joang lengolo leo le sehlooho.
7. Re ka tsoela pele ho ntlafatsa linehelano tsa rōna joang?
7 Ha Monyetla o Mong le o Mong o Hlaha: E le hore nehelano e tle e fele e atlehe, e lokela ho sebelisoa. Sebetsa le phutheho ka Moqebelo mosebetsing oa ho paka ka limakasine. Fana ka limakasine ho batho ba ileng ba amohela lingoliloeng tse ling tsa rōna nakong e fetileng. Kamehla u fe liithuti tsa hao tsa Bibele limakasine u be u fane ka tsona le ho batho ba bang bao u ka ’nang ua fumana ba le teng ha u etsa leeto la ho boela. Ho ka ’na ha etsahala hore u fane ka limakasine ho batho bao u buang le bona ha u ile mabenkeleng, ha u nkile leeto, kapa ha u emetse ho bona ngaka. Ntlafatsa linehelano tsa hao ha u ntse u li sebelisa khoeli eohle.
8. Molula-Qhooa le Tsoha! li ikhetha ka litsela life?
8 Limakasine tsa Molula-Qhooa le tsa Tsoha! lia ikhetha. Li tlotlisa Jehova e le ’Musi oa bokahohleng. (Lik 4:24) Li khothatsa batho ka litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo li bile li ba khothalletsa hore ba be le tumelo ho Jesu Kreste. (Mat. 24:14; Lik. 10:43) Hape, li lula li etse hloko liketsahalo tsa lefatše ha li ntse li phethahatsa boprofeta ba Bibele. (Mat. 25:13) Thusa batho ba tšimong ea lōna hore ba rue molemo limakasineng tsena ka hore u lokisetse ho fana ka tsona ha monyetla o mong le o mong o loketseng o hlaha!
9. Re ka rala motheo oa ho etsa leeto la ho boela joang?
9 Haeba u atleha ho tsamaisa makasine, kapa u buisana le motho hamonate ka taba e tsoang Bibeleng, itokisetse ho botsa potso kapa ho bua ntho e ’ngoe e susumetsang motho hore a nahane ka ho teba e ka ’nang ea bula monyetla oa hore u etse leeto la ho boela ’me u boele u buisane le motho eo ka Bibele. Haeba re jala peō ea ’nete ka cheseho, re ka kholiseha hore Jehova o tla bula lipelo tsa batho bao ka sebele ba batlang ho mo tseba le ho Mo sebeletsa.—1 Bakor. 3:6.