Tsela ea ho Lokisetsa Nehelano ea Limakasine
1. Ke hobane’ng ha ho le molemo hore motho ka boeena a lokisetse nehelano ea hae ea limakasine ho e-na le hore feela a tšoare ka hlooho e fanoeng e le mohlala Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso?
1 U ka ’na ua ipotsa: ‘Ke hobane’ng ha re lokela ho lokisetsa linehelano tsa limakasine empa li hlaha Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso e ’ngoe le e ’ngoe?’ Le hoja ba bangata ba fumane linehelano tsena li le molemo, ho sa ntse ho hlokahala hore motho ka boeena a lokisetse. Nehelano e atlehang tšimong e ’ngoe e ka ’na ea se ke ea sebetsa tšimong e ’ngoe. Ka lebaka leo, ha rea lokela ho ikutloa re tlamehile ho pheta linehelano tsa limakasine tse fanoeng e le mohlala lentsoe ka lentsoe. Esita le haeba re khetha ho sebelisa nehelano e fanoeng e le mohlala, ho molemo hore re e behe ka mantsoe a rōna.
2. Ho khetha sehlooho seo u tla se buella ho hloka eng?
2 Khetha Sehlooho: Ka mor’a hore u bale makasine, khetha sehlooho se tšoanelang tšimo ea heno le seo u se thabetseng haholo. Ha mong’a ntlo a bona u buella sehlooho seo ka tsela e bontšang hore u kholisehile ebile u le mafolofolo, a ka ’na a susumelletseha hore le eena a batle ho se bala. Le hoja mohlomong u ka buella sehlooho se tla khahla batho ba bangata tšimong ea phutheho, tseba lihlooho tse ling tsa makasine eo hantle. Sena se tla u nolofalletsa hore u fetole nehelano ea hao ha u kopana le motho ea thahasellang taba e fapaneng.
3. Ke kenyelletso efe e atlehang ka ho fetisisa eo u e sebelisang?
3 Botsa Potso: Ka mor’a moo, lokisetsa kenyelletso ea hao ka hloko. Kenyelletso ea hao ke ea bohlokoa. Ho ka ’na ha e-ba molemo ho botsa mong’a ntlo potso e etsang hore a nahane e le ho tsosa thahasello ea hae sehloohong seo u khethileng ho se buella. Hangata lipotso tse fatang maikutlo li ba molemo haholo. Qoba ho botsa potso e ka ’nang ea kukunela mong’a ntlo kapa ea etsa hore a phehe khang.
4. Melemo ea ho balla mong’a ntlo lengolo ke efe haeba maemo a mo lumella?
4 Bala Lengolo: Qetellong, khetha lengolo leo u ka le ballang mong’a ntlo haeba maemo a mo lumella, mohlomong u bale le hlahang sehloohong seo u tlil’o se buella. Ho bala lengolo ho tla thusa mong’a ntlo hore a bone hore molaetsa oa rōna o thehiloe Lentsoeng la Molimo. (1 Bathes. 2:13) Hape lengolo leo le tla mo fa bopaki le haeba a hana limakasine. Ba bang ba ’nile ba tsosa thahasello ea mong’a ntlo ka ho bala lengolo pele ba botsa potso e itseng. U ka ’na ua kenyelletsa lengolo ka ho re, “Nka thabela ho utloa maikutlo a hao ka temana ena ea Bibele.” Ebe u bontša motho eo ntlha e tsamaisanang le lona ka har’a makasine ’me ka bokhutšoanyane u bue ntho e tla tsosa thahasello ea hae haholoanyane pele u e tsamaisa.
5. U lokela ho hopola likeletso life ha u lokisetsa nehelano ea limakasine?
5 Ha ho na molao o thata oa hore na re lokela ho re’ng ha re tsamaisa limakasine. Hangata ho ba molemo haholo ha u etsa hore nehelano e be e bonolo le e khutšoanyane. Sebelisa mokhoa o u nolofallang le o atlehang. Etsa hore ho hlake hore limakasine tsena ke tsa bohlokoa ka ho fetisisa ’me u be mafolofolo. Haeba u lokiselitse hantle, u tla atleha haholoanyane ha u buella Molula-Qhooa le Tsoha! ho batho ba nang le “tšekamelo e nepahetseng bakeng sa bophelo bo sa feleng.”—Lik. 13:48.