Mokhoa oa ho Sebelisa Linehelano Tse Fanoeng e le Mohlala
1. Re lokela ho talima linehelano tse fanoeng e le mohlala joang?
1 Linehelano tse fanoeng e le mohlala bakeng sa ho tsamaisa limakasine le lingoliloeng tse ling li hlaha khafetsa Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso. Ha re le tšebeletsong, ha ho hlokahale hore re li phete hantle kamoo li ngotsoeng kateng. Re li lokiselitsoe bakeng sa ho re fa leseli la seo re ka ’nang ra se bua. Hangata re tla atleha haholoanyane haeba re fana ka linehelano tsena ka mantsoe a rōna. Ho itlhalosa ka mokhoa oa tlhaho ho re thusa ho etsa hore mong’a ntlo a lokolohe, ’me ho bontša hore re tiile ebile re kholisehile.—2 Bakor. 2:17; 1 Bathes. 1:5.
2. Ke hobane’ng ha re lokela ho nahana ka maemo a sebaka seo re leng ho sona ha re lokisetsa linehelano?
2 Etsa Hore Nehelano ea Hao e Lumellane le Maemo: Tsela eo re bolelang litaba tse molemo ka eona e angoa haholo ke litloaelo tsa sebaka seo re leng ho sona. Na u ka lumelisa mong’a ntlo u ntan’o kenyelletsa nehelano moqoqong oa lōna, kapa batho ba tšimong ea lōna ba lebeletse hore u kene tabeng hang-hang? Seo se fapana ho ea ka libaka ’me ka linako tse ling se fapana ho ea ka batho. Ho boetse ho hlokahala temoho ha re botsa lipotso. Lipotso tse loketseng sebakeng se itseng li ka etsa hore batho ba sebaka se seng ba ikutloe ba sa lokoloha. Kahoo, re lokela ho ba le kahlolo e molemo ’me re lumellanye linehelano tsa rōna le se amohelehang sebakeng seo re leng ho sona.
3. Ke hobane’ng ha re lokela ho nahana ka limelo tsa bao re buisanang le bona le mokhoa oo ba nahanang ka oona?
3 Ho phaella moo, re lokela ho nahana ka limelo tsa batho ba tšimong ea rōna le mokhoa oo ba nahanang ka oona ha re lokisetsa tšebeletso ea tšimo. Ka mohlala, mohlomong u ne u ka hlalosetsa Mok’hatholike ea chesehang Matheu 6:9, 10 ka tsela e fapaneng le eo u neng u ka e hlalosetsa motho ea sa tloaelang thapelo ea “Ntat’a Rōna.” Ka ho nahana esale pele, re ka etsa hore linehelano tsa rōna li ipiletse haholoanyane ho batho bao re teanang le bona tšebeletsong.—1 Bakor. 9:20-23.
4. Ke hobane’ng ha ho lokisetsa hantle e le habohlokoa?
4 Esita le haeba re rera ho sebelisa nehelano e fanoeng e le mohlala joalokaha e ngotsoe, ha ho letho le molemo ho feta ho lokisetsa hantle. Re lokela ho bala ka hloko sehlooho kapa khaolo eo re rerang ho e sebelisa ’me re batle lintlha tse ka tsosang thahasello. Ebe re li kenyelletsa nehelanong ea rōna. Re ka tsamaisa lingoliloeng tsa rōna ka cheseho hafeela re tseba boitsebiso bo molemo bo ka har’a tsona.
5. Ke hobane’ng ha re ka ’na ra lokisetsa nehelano e fapaneng, ’me re ka ho etsa joang?
5 Linehelano Tse Ling: Na re lokela ho sebelisa feela linehelano tse fanoeng e le mohlala? Che. Haeba u nolofalloa ke ho sebelisa nehelano e ’ngoe kapa lengolo le leng, etsa joalo. Ka ho khetheha haeba u tsamaisa limakasine, batla menyetla ea ho buella lihlooho tse ka hare tse ka tsosang thahasello e khethehileng tšimong ea lōna. Ha ho etsoa lipontšo tsa linehelano tsa tšebeletso ea tšimo Sebokeng sa Tšebeletso, ho ka etsoa litokisetso tsa hore ho sebelisoe nehelano leha e le efe e sebetsang tšimong ea phutheho. Ka tsela ena, bohle ba tla thusoa ho bolela litaba tse molemo ka katleho.