Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 4/98 leq. 8
  • Limakasine li Tsebahatsa ’Muso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Limakasine li Tsebahatsa ’Muso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Sebelisa Limakasine Tsa Rōna Hamolemo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
  • Tsamaisa Limakasine Tšebeletsong ea Hao
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
  • Behella Nako ea Mosebetsi oa Limakasine ka Thōko
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • Ho Sebelisa Molula-Qhooa le Tsoha! Hamolemo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
km 4/98 leq. 8

Limakasine li Tsebahatsa ’Muso

1 Joaloka Lipaki tsa Jehova, re tsebahala ka cheseho ea rōna ea ho bolela ka ’muso oa Molimo. Limakasine tsa Molula-qhooa le Tsoha! tseo re li abang li phethahatsa karolo ea bohlokoa ka ho fetisisa ho thuseng batho ba limilione ho ithuta ka merero ea Molimo. Ka sebele molaetsa oo li o fupereng ke litaba tse molemo, hobane o tsebahatsa ’Muso oa Molimo oa leholimo e le oona feela tšepo ea batho.

2 Limakasine tsena li hlile li sebetsana le litlhoko tsa sebele tsa batho—tsa maikutlo, tsa kahisano le tsa moea. Ha litekanyetso tsa boitšoaro ka malapeng li senyeha hohle, Molula-qhooa le Tsoha! Li thusa batho ho ntlafatsa boleng ba bophelo ba bona ka ho ba bontša kamoo ba ka sebelisang melao-motheo ea Bibele kateng. Re tla thabela ho nehelana ka lipeeletso tsa limakasine tsena ka April le ka May. Moo ho khonehang teng, Nehelana ka Phetolelo ea Lefatše le Lecha Ea Mangolo a Segerike a Bakreste ka Seafrikanse, Sezulu, Sesotho, Sexhosa le Setswana, hammoho le limakasine tse peli ka monehelo oa R6,00.

3 Li Ipiletsa e le Kannete: Molula-Qhooa le Tsoha! li fumaneha hoo e batlang e le ka lipuo tsohle tsa batho ba lefatše. Ka lebaka leo, limakasine tsa rōna lia tsebahala. Ana ke a mang a mabaka ao ka ’ona batho ba hoheloang ke tsona:

◼ Kaha ke likoranta tse nang le botšepehi le ’nete, li bontša ka ho hlaka phapang mahareng a botle le bobe.

◼ Li fana ka tšepo ea paradeise e lokileng e tlang, motheong oa tšepiso ea Molimo ea ho tlisa lefatše le tlas’a puso ea ’Muso oa hae.

◼ Li nehelana ka boitsebiso bo bongata bo leng nakong, bo ipiletsang ho batho ba limelo le litloaelo tsohle.

◼ Lihlooho tsa tsona li toba taba, lia ruta, li fana ka mabaka ’me ha li na leeme e bile ha li sekisetse.

◼ Litšoantšo tse ipiletsang li hapa thahasello hang-hang, mokhoa o bonolo oo li ngotsoeng ka oona o etsa hore ho be bonolo ho li bala.

4 Li Abe ka ho Pharaletseng: Kabo e atlehileng ea limakasine e itšetlehile haholo ka ho khothalla ha rōna ho lokisetsa linehelano tsa rōna, ho iketsetsa kemiso ea nako le ho hlophisa mosebetsi oa rōna oa boboleli. Ho ile ha fanoa ka litlhahiso tse sebetsang litokollong tsa Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso tsa September 1995 le October 1996 ’me ho ka ba molemo ho li hlahloba le ho li sebelisa.

5 Itloaetse Limakasine: Ha u ntse u bala tokollo ka ’ngoe, nahana ka motho e mong ea ka ananelang ho fumana kopi eo. Batla lintlha tse khethehileng kapa mangolo tseo u ka li qotsang nehelanong ea hao. Nahana ka potso eo u ka e botsang ho qalisa moqoqo le ho tsosa thahasello ka taba eo.

6 Feto-fetola Nehelano Hore e Lumellane le Motho: Lokisetsa nehelano e bonolo, e tenyetsehang e ka feto-fetoloang hore e lumellane le monna, mosali, motho ea hōlileng, mocha, motho eo re mo tloaetseng kapa osele.

7 Kamehla Falimehela ho Nehelana ka Molula-Qhooa le Tsoha!: Kaha limakasine tsena li fella habonolo ka mokotleng, ka mokotlaneng oa letsoho kapa ka pokothong, re ka nka likopi tsa tsona ha re le leetong kapa re e-ea mabenkeleng. Nehelana ka tsona ha u bua le beng ka uena, baahisani, basebetsi-’moho, bao u kenang sekolo le bona kapa matichere. Beke e ’ngoe le e ’ngoe behella ka thōko letsatsi la ho paka ka limakasine.

8 Bontša ho Ananela Limakasine Tsena: Ha li felloe ke bohlokoa ba tsona. Ho feta ha nako ha ho fokotse bohlokoa ba molaetsa oo li o fupereng. Ha e le hantle, haeba re etsa boiteko bo khethehileng ba ho nehelana ka limakasine tsohle tseo re li fumanang, ho ke ke ha hlokahala hore limakasine tsa khalenyana li phaellane lirakeng tsa rōna.

9 Ho Paka Seterateng ho Hlahisa Litholoana: Ena ke e ’ngoe ea litsela tse molemo ka ho fetisisa tsa ho nehelana ka limakasine ho batho ba bangata. Bahoeletsi ba bang ba sebetsa literateng tse phetheselang ka matsatsi ao batho ba eang mabenkeleng ka ’ona, ka nako ea phomolo.

10 Masimo a Khoebo a Hlahisa Litholoana: Ha re paka mabenkeleng, ke matlo a ’maloa a se nang batho. Boholo ba bo-rakhoebo ke batho ba mekhoa e metle, ’me ba bangata ba thabela ho amohela limakasine. Nehelana ka limakasine tse loketseng rakhoebo eo u buang le eena.

11 Tselana ea Limakasine e ka Atleha: Kaha Molula-Qhooa o hatisoa habeli ka khoeli, ke ho loketseng ho khutlela ho batho ba o balang le ho nehelana ka tokollo e latelang. Re lokela ho etsa maeto a ho boela kamehla, eseng feela bakeng sa ho tsamaisa limakasine empa hape bakeng sa ho hōlisa thahasello ea motho eo Bibeleng. Litselana tsa limakasine ke mohloli o babatsehang oa ho fumana bao e ka bang lithuto tsa Bibele.

12 Sebelisa April le May Hamolemo: Molula-Qhooa le Tsoha! li tšeptjoa ke babali ba limilione ba ananelang ho li bala. Li atleha haholo ho tsebahatseng ’Muso hoo re lokelang ho etsa bonnete ba hore re lula re li tšoere le ho nehelana ka tsona ha monyetla o mong le o mong o hlaha. E se eka likhoeli tsa April le May li ka ipaka e le tse ikhethang bakeng sa ho fumana lipeeletso le bakeng sa ho aba limakasine tsena!

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela