Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 7/93 maq. 1-2
  • Ho Sebelisa Molula-Qhooa le Tsoha! Hamolemo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Sebelisa Molula-Qhooa le Tsoha! Hamolemo
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tsamaisa Limakasine Tšebeletsong ea Hao
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
  • Limakasine li Tsebahatsa ’Muso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
  • Behella Nako ea Mosebetsi oa Limakasine ka Thōko
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
  • Sebelisa Limakasine Tsa Rōna Hamolemo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1995
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1993
km 7/93 maq. 1-2

Ho Sebelisa Molula-Qhooa le Tsoha! Hamolemo

1 Molula-Qhooa le Tsoha! ke limakasine tsa bohlokoa ka ho fetisisa le tse ruisang molemo ka ho fetisisa tseo batho ba ka li balang kajeno. Hobane’ng? Hobane linnete tsa moea tseo li li tšoereng li ka ba le phello ea ka ho sa feleng e molemo bophelong ba batho. Leha ho le joalo, ba bangata ha ba hlile ha ba seli ka tlhoko ea bona ea moea, kapa ha ba tsebe hore na ba ka ea kae ho e khotsofatsa. Ke tokelo ea rōna ho etsisa moapostola Pauluse ka ho thusa batho hore ba bule mahlo a bona a moea.—Matt. 5:3; Lik. 26:18.

2 Bontša Boikutlo bo Nepahetseng ’me U Lokisetse Hantle: Ho ka etsahala hore ebe ho na le batho ba kang linku tšimong ea lōna ba tla arabela hantle ’neteng. Ba bang ba ka hloka feela ho khothatsoa ka mosa hore ba bale limakasine. Ka lebaka leo, bontša boikutlo bo nepahetseng ’me u be ea kholisang ha u tsamaisa Molula-Qhooa le Tsoha! E-ba le limakasine tse lekaneng ’me u sebelise monyetla o mong le o mong ho li aba, esita le haeba u buella likhatiso tse ling.

3 Ke eng se ka etsang hore re atlehe haholoanyane ha re aba limakasine? Taba ea pele, re tlameha ho ananela bohlokoa ba tsona e le kannete. Re lokela ho tloaelana le lihlooho tse leng limakasineng tseo re li tsamaisang, ’me sena se tla eketsa kholiseho ea rōna le cheseho ha re li buella. Hopola sena ha u qala ho li bala. Falimehela ho khetha lintlha tseo u tla li totobatsa ha u le tšebeletsong. Ipotse: ‘Ebe sehlooho see se tla ipiletsa ho mang ka ho khetheha? Na ’mè oa lelapa, mocha, kapa mohlomong rakhoebo a ka se rata? Na ntlha ee e tla ba e thahasellisang ho seithuti, ho motho ea lenyalong, ho motho ea amehileng ka tikoloho?’ E le hore re atlehe e le kannete, re lokela ho khona ho buella limakasine motheong oa seo re se tsebang ka tsona le seo re se thabetseng lihloohong tsa tsona tse nakong.

4 Sebelisa Litokollo tsa Khale Hamolemo: Hopola, Molula-Qhooa le Tsoha! ha li felloe ke bohlokoa ba tsona, esita le haeba li sa tsamaisoa nakong e etsang khoeli kapa tse peli ka mor’a ho lokolloa ha tsona. Bohlokoa ba boitsebiso ba tsona ha bo fokotsoe ke ho feta ha nako, ’me re lokela ho se tsila-tsile ho tsamaisa likopi tsa khale haeba li le boemong bo botle. Ho tlohella hore limakasine tsa khale li bokellane ’me ho se mohla re li sebelisang ho bontša ho haelloa ke kananelo bakeng sa lisebelisoa tsena tsa bohlokoa. Makasine ka mong o na le linnete tse nang le matla a ho tsosa takatso ea moea le ho e khotsofatsa. Ho e-na le ho behella litokollo tsa khale ka thōko le ho lebala ka tsona, na ho ke ke ha e-ba molemo ho etsa boiteko bo khethehileng ba ho li neha batho ba thahasellang kapa bonyane ho li siea sebakeng se sireletsehileng ha batho ba le sieo mahae? Pele u etsa joalo, ka mehla tiisa hore li ngotsoe “Kopi ea Sampole.”

5 Makasine oa Tsoha! o thusitse ba bangata bao qalong ba neng ba sa sekamela linthong tsa moea hore ba be seli ka tlhoko ea bona ea moea. Molula-Qhooa ke sesebelisoa se ka sehloohong lenaneong la ho feptjoa moeeng ha batho ba Jehova. Limakasine tsena li tlatsana ka mokhoa o motle, ’me li phetha karolo ea bohlokoa boboleling ba litaba tse molemo.

6 Ha re sebelisa monyetla o mong le o mong ho tsamaisa limakasine, re ka ba le kholiseho e feletseng ea hore li tla atleha ho finyella litlhoko tsa moea tsa ba kang linku. Re batla ho bontša boikutlo bo nepahetseng, re lokisetse hantle, ’me re kopanele ka mehla tšebeletsong. Kaha re le bahoeletsi ba litaba tse molemo, e se eka bohle re ka sebelisa limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! hamolemo ka linako tsohle.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela