Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 2/98 leq. 2
  • Liboka Tsa Tšebeletso Tsa February

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Liboka Tsa Tšebeletso Tsa February
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
  • Lihloohoana
  • Beke e Qalang ka la 2 February
  • Beke e Qalang ka la 9 February
  • Beke e Qalang ka la 16 February
  • Beke e Qalang ka la 23 February
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
km 2/98 leq. 2

Liboka Tsa Tšebeletso Tsa February

Beke e Qalang ka la 2 February

Pina 166

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Litsebiso tse khethiloeng ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso. Litaba Tsa Puso ea Molimo. Hopotsa bahoeletsi hore ba tlalehe kapele tšebeletso ea bona ea tšimo ea January. Mongoli le bakhanni ba thuto ea buka ba lokela ho bona hore ho tlisoa le litlaleho tsohle tse sa kang tsa tlisoa tsa tšebeletso ea tšimo tsa likhoeli tse fetileng. Litlaleho tsena tse siuoeng ke nako li lokela ho akarelletsoa tlalehong ea phutheho ea January.

15 mets: “Lipaki Tsa Jehova ke Baevangeli ba ’Nete.” Lipotso le likarabo. Hlahloba lebokose le leqepheng la 19 ho Molula-Qhooa oa September 1, 1992.

20 mets: “Mema e Mong le e Mong ea Nyoriloeng.” Hlahloba sehlooho, u bontša kamoo linehelano tse ngotsoeng e le litlhahiso li lokiselitsoeng ho tsosa thahasello le ho susumetsa bamameli kateng. E-re motho e moholo a etse pontšo serapeng sa 2-3 kapa sa 4-5 ’me mocha a etse pontšo serapeng sa 6.

Pina 208 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 9 February

Pina 96

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Tlaleho ea lichelete.

15 mets: Litlhoko tsa phutheho.

20 mets: “Ho Pakela Batho ba Lipuo Tsohle le Malumeli.” (Lirapa 1-10) Lipotso le likarabo. Thathamisa hore na ke lipuo life tse buuoang ke batho ba bangata ba tšimong ea lōna, ’me u bontše hore na ke lingoliloeng life tseo phutheho e nang le tsona setokong bakeng sa lipuo tseo. Joalokaha ho hlalositsoe serapeng sa 10, e-ba le pontšo ea kamoo ho ka sebelisoang bukana ea Good News for All Nations kateng.

Pina 220 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 16 February

Pina 75

5 mets: Litsebiso tsa phutheho.

12 mets: Lebaka Leo ka Lona ho Hlokahalang Hore U be Teng Libokeng Tsa Phutheho. Moholo o bua ka lintlha tsa sehlooho tsa Molula-Qhooa oa August 15, 1993, leqepheng la 8-11, a hatisa bohlokoa ba ho ba teng kamehla libokeng tsohle.

18 mets: “Ho Pakela Batho ba Lipuo Tsohle le Malumeli.” (Lirapa 11-28) Lipotso le likarabo. Thathamisa hore na ke malumeli afe ao e seng a Bokreste a teng tšimong ea lōna. E-re mohoeletsi ea nang le phihlelo a bontše kamoo a ka fanang ka bopaki ka lekhetlo la pele ho motho eo e leng Mobuddha, Mohindu, Mojuda, kapa Momosleme—leha e le ofe ho ba leng teng ka bongata sebakeng sa lōna.

10 mets: “Jehova ke Mothusi oa Ka.” Moholo o beha puo e susumetsang, e khothatsang.

Pina 15 le thapelo e koalang.

Beke e Qalang ka la 23 February

Pina 4

10 mets: Litsebiso tsa phutheho. Hlahloba sengoliloeng se tla nehelanoa ka March. Bolela tlhahiso e le ’ngoe kapa tse peli tsa ho fana ka buka ea Tsebo, u sebelisa lintlha tse ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea June 1996, leqepheng la 8. Hatisa pakane ea ho qalisa lithuto tsa lehae tsa Bibele.

15 mets: “Haeba ea Atleha, e Sebelise!” Lipotso le likarabo. E-re mohoeletsi a le mong kapa ba babeli ba nang le phihlelo har’a bamameli ba hlalose ka bokhutšoanyane mabapi le linehelano tseo ba ntseng ba tsoela pele ho li sebelisa ka lebaka la bonolo ba tsona le la litholoana tseo li li behileng. Joale e-re ba bang ba bolele likenyelletso tse sa tsoa hlahisoa tse neng li le ho Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ’me li bonahetse li sebetsa.

20 mets: Itloaetse Nehelano ea Hao. Puo e khutšoanyane e thehiloeng ho Buka ea Tataiso ea Sekolo, leqepheng la 98-9, serapeng sa 8-9. Hatisa bohlokoa ba hore re sekaseke linehelano tsa rōna le ho batla litsela tsa ho atleha haholoanyane. E-re baralib’abo rōna ba babeli ba etse pontšo ea kamoo ba sekasekang seo ba se entseng ntlong, ba buisana ka hore na ba ka ntlafatsa joang. Ba boetse ba ba le nako e khutšoanyane ea ho leka ho itloaetsa nehelano eo ba rerang ho e sebelisa ka lekhetlo le latelang, ba fanana litlhahiso tse thusang. Molula-setulo o phetha ka ho khothalletsa bohle ho sekaseka le ho itloaetsa linehelano tsa bona.

Pina 103 le thapelo e koalang.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela