Lebaka Leo ka Lona ho Hlokahalang Hore U be Teng Libokeng tsa Bokreste
KA LIKHOELI-KHOELI, Rosario, ea phelang Amerika Boroa, o ile a thabela ho ithuta Bibele le Elizabeth. E ne e le ho hlollang ho Rosario ho ithuta ka ’Muso oa Molimo le kamoo o tlang ho tlisa maemo a Paradeise lefatšeng. Leha ho le joalo, neng le neng ha Elizabeth a mo memela ho ba teng libokeng Holong ea ’Muso, o ne a hana. O ne a ikutloa hore o ne a ka ithuta Bibele a ntse a le hae ’me a sebelisa seo e se buang, a etsa seo ka ntle le hore a be teng libokeng tsa phutheho. Na le uena u kile oa ipotsa hore na ruri liboka tsa Bokreste li fela li u ruisa molemo? Ke hobane’ng ha Molimo a lokiselitse hore batho ba hae ba bokane ’moho?
Kaha Bakreste lekholong la pele la lilemo ba ne ba fapane haholo le batho ba ba potolohileng, litloaelano tse ntle e ne e le tsa bohlokoa bakeng sa ho pholoha ha bona. Moapostola Pauluse o ile a ngolla phutheho e ’ngoe ea Bakreste ba pele: ‘Le bile ba sa nyatseheng le ba hlokang molato har’a moloko o senyehileng, o khopo, oo le khanyang har’a oona joale ka maseli lefatšeng.’ (Ba-Filippi 2:15) Bakreste ba bile le nako e thata haholo-holo Judea, ’me Pauluse o ile a ba ngolla ka ho re: “A re hlokomelaneng, ’me re khothaletsaneng leratong le mesebetsing e metle. Re se ke ra furalla liphutheho tsa rōna, joalokaha ba bang ba tloaetse. Empa re khothatsane, haholo-holo kaha lea bona hore Letsatsi la Morena le ntse le atamela.” (Ba-Heberu 10:24, 25, BPN) Ke joang re ka khothaletsanang leratong le mesebetsing e metle ka ho bokana hammoho?
Kamoo Bakreste ba “Leotsanang”
Lentsoe la Segerike leo Pauluse a le sebelisitseng le le fetoletsoeng e le “khothaletsana” ha e le hantle le bolela “ho leotsa.” Maele a Bibele a hlalosa kamoo Bakreste ba “leotsanang” ha a re: “Tšepe e leotsa tšepe; sefahleho sa motho se leotsa sefahleho sa motsoalle oa hae joalo.” (Liproverbia 27:17; Moeklesia 10:10) Re joaloka lisebelisoa tse hlokang hore li leotsoe ka mehla. Kaha ho bontša lerato ho Jehova le ho etsa liqeto tse theiloeng tumelong ea rōna ho bolela ho ba ba fapaneng le lefatše lena, re lokela hore re se khaotse ho etsa lintho ka tsela e fapaneng le ea bongata, kamoo ho leng ka teng.
Boiteko bo sa khaotseng ba ho ba ba fapaneng bo ka etsa hore cheseho ea rōna mesebetsing e metle e be nthithi. Empa ha re e-na le ba bang ba ratang Jehova, rea leotsana—re khothaletsana leratong le mesebetsing e metle. Ka lehlakoreng le leng, ha re le bang, re sekamela ho ikhopoleng ka ho tlōtseng. Likhopolo tsa boitšoaro bo bobe, boithati, kapa tsa booatla li ka ’na tsa kena likelellong tsa rōna. “Motho ea ikhethang ho ba bang o batla ho ikhahlisa eena a ’notši; khalefong ea hae o soma tsohle tsa bohlale.” (Liproverbia 18:1) Ke ka lebaka leo Pauluse a ileng a ngolla phutheho e motseng oa Thessalonika: “Le ke le tšelisane, ’me le hahisane, joalo ka ha le fela le etsa.”—1 Ba-Thessalonika 5:11.
Ha Rosario a qeta ho ithuta lithuto tsa Bibele tsa motheo, o ne a ntse a sa batle hore a ka kopanela le phutheho. Kahoo, ha a se a sa khone ho mo fa thuso e eketsehileng Elizabeth o ile a khaotsa ho mo etela. Likhoeli tse seng kae hamorao molebeli ea tsamaeang o ile a etela Rosario ’me a ’motsa: “Esita le haeba setho ka seng sa lelapa se ne se ka fumana lijo tse molemo ka ho jela ntlong ea thekiso ea lijo, ke’ng seo litho tsohle li neng li tla lahleheloa ke sona ka ho se je hammoho lapeng?” Rosario o ile a arabela: “Li ne li tla lahleheloa ke botsoalle ba lelapa.” O ile a utloisisa se hlokahalang ’me a qalisa ho tla libokeng ka mehla. O ile a ho fumana ho le molemo haholo ho ba teng ho hoo e ka bang sebokeng se seng le se seng haesale ho tloha ka nako eo.
Ho utloa batho ba bang ba hlalosa tumelo linthong tseo le uena u li lumelang ke ho khothatsang ho boetse ho joalo ha u bona kamoo tumelo e joalo e fetotseng bophelo ba bona. Pauluse o ne a tseba sena ka phihlelo ea hae ea botho, ’me o ile a ngolla phutheho e Roma: “Hobane ke hlolohetsoe ho le bona, ke tle ke le sitse ka molemo o mong oa moea, le tle le tiisoe; ke ho re, ha ke e-na le lōna, re tšelisane ka tumelo e leng ho lōna le ho ’na.” (Ba-Roma 1:11, 12) Ha e le hantle, e bile lilemo-lemo pele Pauluse a ka etela Roma, ’me ha a ho etsa, e ne e le motšoaruoa matsohong a Maroma. Empa ha a bona baena ba tsoang Roma ba neng ba tsamaile lik’hilomithara tse fetang 60 ho tloha motseng ho tla mo khahlametsa, “ha Pauluse a ba bona, a leboha Molimo, a beta pelo.”—Liketso 28:15.
Ho Fumana Lijo tsa Moea Linakong tse Mahlonoko
Ha a ntse a lebetsoe joaloka motšoaruoa Roma, Pauluse o ile a ngolla Baheberu ka hore ba se ke ba tlohela ho bokana ha bona ’moho. Ke habohlokoa ho rōna hore ebe o ile a phaella ka mantsoe ana: “Haholo etsoe le bona letsatsi le ntse le atamela.” (Ba-Heberu 10:25) Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa phehella ho bontša ka Mangolo hore selemo sa 1914 se ile sa tšoaea qaleho ea nako ea bofelo ba lefatše lena le hore “letsatsi la kahlolo le la thipitlo ea batho ba se nang bomolimo” le atametse. (2 Petrose 3:7, NW) Ho ea ka buka ea Bibele ea Tšenolo, ha Diabolose a ne a ntšoa leholimong qalehong ea nako ea bofelo, o ne a halefile haholo ’me a “tloha ho ea loantša masala . . . e leng ba bolokileng litaelo tsa Molimo, ba nang le bopaki ba Jesu Kreste.” (Tšenolo 12:7-17) Ka hona, ho boloka litaelo tsa Molimo ho thata ka ho khethehileng hona joale; ho hlokahala re bokane le balumeli-’moho le rōna ka hohle kamoo ho ka etsahalang. Liboka li tla re thusa ho matlafatsa tumelo le lerato la rōna ho Molimo e le ho hanela litlhaselo tsa Diabolose.
Lerato le tumelo ho Molimo ha li tšoane le mehaho e lulang e le teng hang ha e se e hahiloe. Ho e-na le hoo, li tšoana le lintho tse phelang tse hōlang butle-butle ka phepo ea ka mehla empa li pona le ho shoa haeba li lapisoa. Ke ka lebaka leo Jehova a fanang ka lijo tsa moea ka mehla ho matlafatsa batho ba hae. Kaofela ha rōna re hloka lijo tse joalo, empa ke hokae moo re ka li fumanang ka ntle ho mokhatlong o hlophisitsoeng oa Molimo le libokeng tsa oona? Ha ho ’nģ’e ’ngoe.—Deuteronoma 32:2; Mattheu 4:4; 5:3.
Jesu o ile a phahamisa potso e ka re thusang ho bona kamoo a fepang phutheho ea Bokreste. O ile a botsa: “Ana ke mang mohlanka ea khabane, ea bohlale, eo morena oa hae a ’meileng moalosi oa bahlanka ba hae ho ba nea lijo nakong ea teng? Ho lehlohonolo mohlanka eo morena oa hae, mohla a fihlang, a tla mo fumana a etsa joalo.” (Mattheu 24:45, 46) Ke mang eo Jesu a ileng a mo khetha lekholong la pele la lilemo hore a fepe balateli ba hae, ’me ke mang eo a ileng a mo fumana a ntse a ba fepa ka botšepehi ha a khutla a le matleng a ’Muso? Ka ho totobetseng, ha ho motho ea neng a phetse ka lilemo tseo tse makholo. Bopaki bo supa hore mohlanka eo e bile phutheho ea Bakreste ba tlotsitsoeng ka moea, joalokaha sechaba sa Iseraele e ne e le mohlanka oa Molimo linakong tsa pele ho mehla ea Bokreste. (Esaia 43:10) E, Jesu o fana ka lijo tsa rōna tsa moea ka sehlopha seo sa lefatšeng ka bophara sa Bakreste ba tlotsitsoeng ka moea, seo kajeno se abang lijo tsa moea ka liphutheho tsa sebaka ka seng tsa Lipaki tsa Jehova.
Tokisetso ea Jesu ea mocha oa phepelo ea lijo tsa moea e ile ea hlalosoa ka ho tsoelang pele ke moapostola Pauluse: “Eitse hobane a nyolohele leholimong, o isitse kholehong ba holehiloeng ba bangata, ’me o neile batho lineo. ’Me e sa le eena ea beileng ba bang baapostola, ba bang baprofeta, ba bang baboleli ba Evangeli, ba bang balisa le baruti, ho phethisisa bahalaleli, ho etsa tšebetso ea bolisa, ho hahisa ’mele oa Kreste; re tle re be re finyelle bohle bonngoeng ba tumelo le ba tsebo ea mora oa Molimo, re be re fihlele boholo ba monna ea phethehileng, le tekano ea boemo bo phethehileng ba Kreste.”—Ba-Efese 4:8, 11-13.
Haholo-holo e ne e le ka har’a liphutheho tsa sebaka ka seng—libokeng—moo ‘limpho tsena tsa banna’ li neng li haha baena. Ka mohlala, Antioke, “Juda le Silase le bona, e ne e le baprofeta, ba khothatsa baena ka lipolelo tse ngata, ’me ba ba tiisa.” (Liketso 15:32) Lipuo tse fanoang ke banna ba tšoanelehang moeeng kajeno ka ho tšoanang li tla matlafatsa tumelo ea rōna e le hore e se ke ea pona kapa ea tapa.
E ka ’na eaba ke ’nete hore re entse tsoelo-pele e ntle ka lebaka la thuso ea botho ea setho se seng sa phutheho esita le hoja e ka ’na eaba re ntse re e-s’o qalise ho ba teng libokeng. Bibele e re ho na le nako ea hore “le tšoaneloa ke ho rutoa litaba tsa bonyenyane, tseo litaba tsa Molimo li qaloang ka tsona; ’me le . . . ba tšoaneloang ho feptjoa ka lebese, e seng ka lijo tse tiileng.” (Ba-Heberu 5:12) Empa motho a ke ke a lula e le ea lokelang ho feptjoa ka lebese ka ho sa feleng. Liboka tsa Bokreste li fana ka lenaneo le tsoelang pele la taeo ea Bibele le etselitsoeng ho boloka lerato ho Molimo le tumelo ho eena li phela hammoho le ho fana ka thuso e sebetsang ha re sebelisa “keletso eohle ea Molimo.” (Liketso 20:27, NW) Hona ke ho fetang “lebese.” Bibele e tsoela pele ho re: “Lijo tse tiileng ke tsa banna ba tiileng, e leng bao likelello tsa bona li lemaletseng ho khetha ho hotle le ho hobe, ke ho sebelisoa hona.” (Ba-Heberu 5:14) Libokeng ho hlahlobisisoa lintlha tse ngata tseo mohlomong e neng e ke ke ea e-ba karolo ea thupelo ea motheo ea thuto ea lehae ea Bibele, tse kang lithuto tsa bohlokoa tsa boprofeta ba Bibele tsa temana ka temana le lipuisano tse kenelletseng tsa kamoo re ka etsisang Molimo bophelong ba rōna.
Likhopotso tsa Jehova—Li Joaloka Lentsoe ka Mor’a Hao
Ka lithuto tse joalo tsa phutheho, Jehova o re hopotsa ka mehla hore na re lokela ho ba batho ba mofuta ofe. Likhopotso tse joalo ke tsa bohlokoahali. Ka ntle ho tsona re sekamela habonolo boithating, boikhohomosong, le meharong. Likhopotso tse tsoang Mangolong li tla re thusa ho thabela likamano tse atlehileng le batho ba bang hape le Molimo ka boeena. Mongoli oa Pesaleme ea 119:59, o ile a ipolela: “Ke nahana metsamao ea ka, ke lebisetsa maoto a ka likeletsong tsa hao.”
Ha re e-ba teng libokeng tsa Bokreste ka mehla, re latsoa phethahatso ea boprofeta ba Jehova bo fanoeng ka Esaia bo reng: “Moruti oa hao e Moholo a ke ke a hlola a iphihla, ’me mahlo a hao etlaba mahlo a bonang Moruti oa hao e Moholo. ’Me u tla utloa lentsoe kamor’a hao le re: ‘Tsela ke eona ena. Tsamaeang ho eona lōna batho.’” Jehova o talimile tsoelo-pele ea rōna ’me haeba re kheloha o re tšoaea phoso ka lerato. (Esaia 30:20, 21, NW; Ba-Galata 6:1) ’Me o fana haesita le ka thuso e eketsehileng ho feta mona.
Ho Fumana Moea o Halalelang ka Phutheho
Ka ho ba teng ka mehla libokeng tsa Bokreste le Lipaki tsa Jehova, re matlafatsoa ka moea o halalelang oa Molimo, o lutseng holim’a batho ba hae. (1 Petrose 4:14) Ho feta mona, balebeli ba Bakreste ba ka phuthehong ba khethiloe ka moea o halalelang. (Liketso 20:28) Matla ana a sebetsang a tsoang ho Molimo a na le tšusumetso e matla holim’a Mokreste. Bibele e re: “Tholoana ea moea ke lerato, thabo, khotso, mamello, mosa, molemo, tumelo, bonolo, boitšoaro.” (Ba-Galata 5:22, 23, NW) Moea o halalelang, o sebetsang ka mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo, o tla boela o re thuse ho fumana kutloisiso e hlakileng ka ho babatsehang ka seo Jehova a se boloketseng ba mo ratang. Ka mor’a hore a hlalose hore batho ba hlahelletseng ba tsamaiso ena ea lintho ba ke ke ba utloisisa merero ea Molimo, Pauluse o ile a ngola: “Molimo o li senoletse rōna ka moea oa oona.”—1 Ba-Korinthe 2:8-10.
Ntle ho lijo tsa moea tse matlafatsang tumelo, phutheho e fana ka koetliso ho ba lakatsang ho kopanela mosebetsing oa sehlooho oa phutheho. Ke ofe oo?
Koetliso e Fanoang ke Phutheho
Phutheho ea Bokreste hase mokhatlo oa boithabiso oo ho oona batho ba mpang ba thabela boithabiso feela ’me mohlomong ba bile ba khothaletsana ho phela bophelo bo molemonyana. Jesu o laetse phutheho hore e ise litaba tse molemo tsa ’Muso ho ba phelang lefifing la moea. (Liketso 1:8; 1 Petrose 2:9) Ho tloha letsatsing leo o thehiloeng ka lona, ka Pentekonta ea 33 C.E., e ne e le mokhatlo o hlophisitsoeng oa baboleli. (Liketso 2:4) Na u kile oa ba le phihlelo ea ho leka ho bolella motho e mong ka merero ea Jehova empa oa hlōleha ho mo kholisa? Liboka tsa phutheho li fana ka koetliso ea botho tsebong ea ho ruta. Ka ho ithuta mehlala ea Bibele, re ithuta kamoo re ka ralang motheo oa kutloisisano oo re ka behang mabaka ho tsoa ho oona, kamoo re ka sebelisang Mangolo e le motheo oa mabaka a tšehetsang bopaki tabeng e tšohloang, le kamoo ho ka thusoang ba bang ho beha mabaka ka ho sebelisa lipotso le lipapiso. Tsebo e joalo e ka u thusa ho latsoa thabo e ke keng ea lekanngoa ea ho thusa motho ho utloisisa ’nete ea Bibele.
Lefatšeng lena le harasantsoeng ke ntoa, le le itšoereng hampe, phutheho ea Bokreste ke tširelo ea ’nete ea moea. Le hoja e entsoe ka batho ba sa phethahalang, ke setšabelo sa khotso le lerato. Ka hona, e-ba teng ka mehla libokeng tsohle tsa eona ’me u latsoe ka bouena bonnete ba mantsoe a mopesaleme: “Bonang! Ho hotle ’me ho monate hakaakang ha baena ba phela hammoho ba kopane! . . . Jehova o laetse tlhohonolofatso hore e be teng, esita le bophelo ka nako e sa feleng.”—Pesaleme ea 133:1, 3, NW.