Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 4/98 leq. 1
  • E-ba Teng Libokeng “Haholoanyane”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • E-ba Teng Libokeng “Haholoanyane”
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Hobane’ng ha re Lokela ho ba Teng Kamehla Libokeng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2016
  • Lebaka Leo ka Lona ho Hlokahalang Hore U be Teng Libokeng tsa Bokreste
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Liboka Tsa Lipaki Tsa Jehova li ka U Tsoela Molemo Joang?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
  • Kamoo Jehova a re Tsamaisang Kateng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
km 4/98 leq. 1

E-ba Teng Libokeng “Haholoanyane”

1 Kamehla ho kopana hammoho ho ’nile ha e-ba bohlokoa haholo ho batho ba Jehova. Baiseraele ba ne ba e-na le tempele le lisynagoge tseo e neng e le litsi tsa borapeli ba ’nete, thuto ea bomolimo le botsoalle bo thabisang. Ka ho tšoanang, Bakreste ba pele ha baa ka ba tlohela ho bokana hammoho. Ha likhatello le liteko li ntse li eketseha matsatsing ana a ho qetela a mahlonoko, le rōna re hloka matla a moea ao liboka tsa phutheho ea habo rōna li fanang ka ’ona—’me re a hloka “haholoanyane.” (Baheb. 10:25) Hlokomela mabaka a mararo a etsang hore re be teng libokeng.

2 Bakeng sa Botsoalle: Mangolo a re khothalletsa hore re tsoele pele ho ‘tšelisana le ho hahana.’ (1 Bathes. 5:11) Botsoalle ba bomolimo bo tlatsa likelello tsa rōna ka likhopolo tse molemo ’me bo re susumelletsa ho etsa mesebetsi e molemo. Empa haeba re itšehla thajana, re ka ba le tšekamelo ea ho nahana likhopolo tsa booatla, tsa boithati kapa esita le tsa boitšoaro bo bobe.—Liprov. 18:1.

3 Bakeng sa Thuto: Liboka tsa Bokreste li fana ka lenaneo le tsoelang pele la thuto ea Bibele le reretsoeng ho boloka lerato ho Molimo le ntse le phela lipelong tsa rōna. Li fana ka tataiso e sebetsang ea ho sebelisa “morero oohle oa Molimo.” (Lik. 20:27) Liboka li re koetlisa hore re be le tsebo ea ho bolela le ho ruta litaba tse molemo, e leng tsebo eo bohle re e hlokang haholoanyane hona joale bakeng sa ho latsoa thabo e khōlō ea ho fumana le ho thusa ba amohelang ’nete ea Bibele.

4 Bakeng sa Tšireletseho: Lefatšeng lena le khopo, phutheho ke setšabelo sa ’nete sa moea—sebaka sa khotso le lerato. Ha re le libokeng tsa phutheho, moea oa Molimo o ba le tšusumetso e matla ho rōna, o hlahisa litholoana tsa “lerato, thabo, khotso, tiisetso, mosa, molemo, tumelo, bonolo, boitšoaro.” (Bagal. 5:22, 23) Liboka li re matlafatsa hore re lule re tiile tumelong. Li re hlomella bakeng sa liteko tse larileng ka pele.

5 Ka ho tla libokeng kamehla, re latsoa seo mopesaleme a se hlalositseng, joalokaha se tlalehiloe ho Pesaleme ea 133:1, 3 (NW): “Bonang! Ho hotle hakaakang ’me ho thabisa hakaakang ha bara ba motho ba lula hammoho ba le bonngoeng!” Hohle moo batho ba Molimo ba sebeletsang teng le ho kopana teng kajeno, “ke moo Jehova a laetseng hore tlhohonolofatso ea hae e be teng‚ esita le bophelo ho isa nakong e sa feleng.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela