Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 4/98 leq. 1
  • Tšebeletso ea Rōna—Pontšo ea Lerato la ’Nete

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tšebeletso ea Rōna—Pontšo ea Lerato la ’Nete
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lerato la ’Nete Lea Putsa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Mokhoa oa ho Atleha Tšebeletsong ea Bopula-maliboho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Se Boleloang ke ho Rata Baahelani ba Rōna
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Le Matlafatsoe ke Lerato
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
km 4/98 leq. 1

Tšebeletso ea Rōna—Pontšo ea Lerato la ’Nete

1 Ka tšebeletso ea rōna re bontša ho utloa ha rōna melao e ’meli e meholo ka ho fetisisa. (Mat. 22:37-39) Lerato la rōna ho Jehova le re susumelletsa ho bua hantle ka eena. Lerato la rōna ho baahisani ba rōna le re susumelletsa ho ba khothalletsa ho batla tsebo ea thato ea Molimo le merero ea hae, e le hore le bona ba ka rata Jehova le ho ipeha mocheng oa ho fumana moputso oa bophelo bo sa feleng. Ka hona, ka tšebeletso ea rōna re tlotlisa lebitso la Jehova le ho abela baahisani ba rōna tšepo ea bohlokoa ea ’Muso. E, tšebeletso ea rōna ke pontšo ea lerato la rōna la ’nete ho Molimo le batho.

2 Lerato la rōna le re susumelletsa ho bua le batho ba mefuta eohle le ba maemo ’ohle. (1 Bakor. 9:21-23) Mohlala: Moholo e mong oa Mokreste nakong eo a palamang sefofane o ile a lula pel’a moprista oa Roma e K’hatholike. Moholo enoa o ile a etsa hore moprista a tsoe molomo ka ho botsa lipotso tse seng kae ka bohlale eaba o lebisa puisano ’Musong. Ha moprista eo a theoha sefofaneng, o ne a amohetse libuka tsa rōna tse peli. E bile phello e babatsehang hakaakang ea pontšo ea lerato la ’nete la moholo eo ho moahisani oa hae!

3 Lerato la ’Nete le re Susumelletsa ho Bolela: Ba kopanelang mosebetsing oa bopula-maliboho bo thusang le ba kamehla ka sebele ba bontša lerato la ’nete ho Molimo le ho moahisani. Kamehla bo-pula-maliboho ba nehelana ka nako ea bona le matla a bona bakeng sa ho thusa ba bang moeeng. Ke eng se ba susumelletsang ho etsa see? Pula-maliboho e mong o ile a re: “Kea tseba hore lerato ke tholoana ea moea oa Molimo. Kahoo, ntle ho lona, nka be ke se ’neteng ho hang, ho feta moo nka be ke sa atleha joaloka pula-maliboho. Lerato le nketsa hore ke amehe ka batho, ke falimehele litlhoko tsa bona, ’me ke ananela hore batho ba arabela leratong.” Jesu o ile a bontša lerato le joalo ho batho. Ka nako e ’ngoe ha eena le barutuoa ba hae ba khathetseng ba ne ba ea sebakeng se itseng ho ea ‘phomola hanyenyane,’ letšoele le ile la ba fihlela pele moo. Jesu o ile a etsa eng? “A susumetsoa ke khauho bakeng sa bona,” o ile a behella litlhoko tsa hae ka thōko molemong oa ho ba “ruta lintho tse ngata.”—Mar. 6:30-34.

4 Esita leha batho ba hana litaba tse molemo tseo re li bolelang, re latsoa thabo ea ka hare, ka ho tseba hore ka lebaka la ho susumetsoa ke lerato, re entse sohle se matleng a rōna ho ba thusa ho fumana poloko. Ha qetellong kaofela ha rōna re ahloloa ke Kreste, re tla thabela hore ebe re ile ra bontša lerato la ’nete ka ho ‘phetha bosebeletsi ba rōna ka botlalo.’—2 Tim. 4:5.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela