Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 3/98 leq. 8
  • Kenya ka ho ba Bang Tšepo ea Bophelo bo sa Feleng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Kenya ka ho ba Bang Tšepo ea Bophelo bo sa Feleng
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tsebo e Tsoang ho Molimo e Araba Lipotso Tse Ngata
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1997
  • “Sena se Bolela Bophelo bo sa Feleng”
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
  • Linehelano Tse ka Sebelisoang Tšebeletsong ea Tšimo
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2005
  • Boela Bakeng sa ho Pholosa ba Bang
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1996
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1998
km 3/98 leq. 8

Kenya ka ho ba Bang Tšepo ea Bophelo bo sa Feleng

1 Le hoja motho a ile a batla litsela tsa ho fokotsa botsofali le ho lelefatsa bophelo ba hae, botsofali le lefu li sa ntse li ke ke tsa qojoa. Re leboha hakaakang hore Bibele e hlalosa lebaka leo batho ba tsofalang le ho shoa ka lona, esita le kamoo tšenyo e bakiloeng ke botsofali le lefu li tla felisoa kateng. Linnete tsena li fanoe ka mokhoa o kholisang bukeng ea Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng. Buka ena ka ho hlakileng e arabela lipotso tse rarahaneng tse mabapi le bophelo le lefu, ’me e lebisa ’mali nakong eo Paradeise e tla tsosolosoa ka eona.

2 Ka March re tla nehelana ka buka ea Tsebo ka boikemisetso ba ho qalisa lithuto tsa mahae tsa Bibele. (Mat. 28:19, 20) Joale re tla etsa maeto a ho boela ho bohle ba bontšang thahasello molaetseng oa ’Muso. Ka tsela ena re ka kenya ka ho ba bang tšepo ea bophelo bo sa feleng. (Tite 1:2) Ho finyella sena, mohlomong re ka fumana litlhahiso tse latelang li thusa.

3 Leetong la pele, mohlomong u ka botsa potso ena:

◼ “Na u kile ua ipotsa hore na ke hobane’ng ha batho ba labalabela ho phela nako e telele? [Emela karabelo.] Bakreste, Mabuddha, Mahindu, Mamosleme le ba bang kaofela ba na le tšepo ea bophelo ka mor’a lefu.” Phetla buka ea Tsebo khaolong ea 6, “Ke Hobane’ng ha Re Tsofala ’me Re E-shoa?,” ’me u bale serapa sa 3. Mo behele mabaka ka mangolo a qotsitsoeng. Mabapi le lipotso tse peli tse qetellong ea serapa, botsa mong’a ntlo hore na a ka rata ho iphumanela likarabo ka boeena. Haeba a lakatsa ho etsa joalo, tsoela pele ho tšohla lirapa tse seng kae tse latelang. U se u qalile thuto! Tsamaisa buka ka monehelo oa R4,00 ’me u etse litokisetso tsa ho khutla, haholo-holo nakong ea letsatsi kapa a mabeli ho tla tšohla likarabo.

4 Ha u khutlela moo u tsamaisitseng buka ea “Tsebo,” u ka re:

◼ “Ke khutlile hore re tl’o tšohla lipotso tse peli tse mabapi le lefu tseo re ileng ra li siea li sa arabeloa.” Hopotsa mong’a ntlo lipotso tseo. Joale tšohlang boitsebiso bo khaolong ea 6 tlas’a sehloohoana, “Morero o Mobe oa Bolotsana.” Ho itšetlehile ka maemo, tsoela pele ka thuto kapa u sebelise potso ea ho qetela qetellong ea serapa sa 7 ho rala motheo oa puisano e latelang. Etsa litokisetso tse tiileng tsa ho khutla. Neha mong’a ntlo sememo, ’me ka bokhutšoanyane u hlalose kamoo ho tšoaroang liboka tsa phutheho. Ka mofuthu mo memele ho tla libokeng.

5 Mosebetsing oa ntlo le ntlo kapa bopaking bo sa reroang, mohlomong u ka qalisa puisano ka ho re:

◼ “Na u kile ua ipotsa hore na bokamoso bo fuparetse batho hammoho le lefatše eng? [Emela karabelo.] Bibele e akaretsa bokamoso ka lentsoe le le leng—Paradeise! E hlalosa hore qalong, Molimo o ile a etsa karoloana ea lefatše paradeise e ntle moo a ileng a beha banyalani bao a neng a ba bōpile. Ba ne ba lokela ho tlatsa lefatše lohle, ’me butle-butle ba le fetole paradeise. Hlokomela tlhaloso ena ea hore na e ne e le joang.” Phetla buka ea Tsebo leqepheng la 8, ’me u bale serapa sa 9, tlas’a sehloohoana, “Bophelo Paradeiseng.” Joale tšohla lintlha tse serapeng sa 10, ’me u bale lengolo le qotsitsoeng la Esaia 55:10, 11. Ithaopele ho ntšetsa puisano pele ka seo bophelo bo tlang ho ba sona Paradeiseng e tsosolositsoeng le hore le akaretse serapa sa 11-16 hammoho. Tsamaisa buka ka monehelo oa R4,00. Khothalletsa motho eo ho ipalla ka boeena, ’me u etse litokisetso tsa ho kopana hape le ho tšohla sena.

6 Haeba thuto e sa qalisoa ketelong ea pele, u ka leka ho etsa joalo ha u khutlela ka ho re:

◼ “Joalokaha re ile ra tšohla puisanong ea rōna ea ho qetela, ke morero oa Molimo hore lefatše lohle le fetoloe paradeise. Sena se phahamisa potso, Paradeise eo e tla ba joang?” Phetla buka ea Tsebo khaolong ea 1, ’me le ithute serapa sa 11-16, tlas’a sehloohoana, “Bophelo Paradeiseng e Tsosolositsoeng.” Ka mor’a moo mo bontše setšoantšo se leqepheng la 4-5, ’me u botse motho eo haeba a ka lakatsa ho phela tikolohong e ntle joalo. Joale bala mōla oa pele serapeng sa 17 leqepheng la 10. Ho itšetlehile ka maemo, ntšetsa thuto pele kapa u bolele hore ketelong ea hao e latelang u tla hlalosa se hlokahalang hore motho a phele Paradeiseng e tsosolositsoeng. Mo siele sememo, hlalosa kemiso ea liboka ’me ka mofuthu u memele motho eo ho tla Holong ea ’Muso.

7 Buka ea Tsebo ke kofuto e babatsehang eo re ka e sebelisang ho senolela ba bang “bophelo bo sa feleng” boo Molimo a bo tšepisitseng. Ho khanna ha hao lithuto tsa lehae tsa Bibele le batho ho ka kenya ka ho bona tšepo ena e hlollang e bululetsoeng ke Molimo “ea ke keng a bua leshano.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela