Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • kl khao. 1 maq. 6-11
  • U ka ba le Bokamoso bo Thabileng!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U ka ba le Bokamoso bo Thabileng!
  • Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • BOPHELO BO SA FELENG!
  • BOPHELO PARADEISENG
  • BOPHELO PARADEISENG E TSOSOLOSITSOENG
  • TSEBO LE BOKAMOSO BA HAO
  • Tsela ea ho Khutlela Lehaeng la Paradeise
    Tsoha!—1997
  • “Re Tla Kopana Paradeiseng!”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
  • Paradeise
    Tsoha!—2013
  • Metsoalle ea Molimo e Tla Phela Paradeiseng
    U ka ba Motsoalle oa Molimo!
Bala Tse Ling
Tsebo e Isang Bophelong bo sa Feleng
kl khao. 1 maq. 6-11

Khaolo ea 1

U ka ba le Bokamoso bo Thabileng!

1, 2.’Mōpi oa hao o u batlela eng?

Ho kopuoa ka matsoho ka mofuthu ke eo u mo ratang. Ho keketeha ka thabo nakong ea lijo tse monate le metsoalle e ratehang. Monyaka oa ho shebella ha bana ba hao ba bapala ba thabile. Linako tse kang tsena ke linako tse thabisang bophelong. Leha ho le joalo, ho ba bangata ho bonahala bophelo bo hlahisa letoto la mathata a tebileng. Haeba u bile le phihlelo e joalo, e-ba sebete.

2 Ke thato ea Molimo hore u be le thabo e sa feleng tlas’a maemo a molemohali tikolohong e babatsehang. Ena hase toro feela, hobane Molimo o hlile o fana ka senotlolo sa bokamoso bo joalo bo thabisang. Senotlolo seo ke tsebo.

3. Ke tsebo efe eo e leng senotlolo sa thabo, hona ke hobane’ng ha re ka tiisa hore Molimo a ka fana ka tsebo eo?

3 Re bua ka mofuta o khethehileng oa tsebo o phahametseng hōle bohlale ba batho. Ke “tsebo ea Molimo.” (Liproverbia 2:⁠5) Hoo e ka bang lilemo tse 2 000 tse fetileng, mongoli oa Bibele o ile a re: “Ntlo e ’ngoe le e ’ngoe e hahoa ke motho ea itseng, empa ea hahileng lintho tsohle ke Molimo.” (Baheberu 3:⁠4) Nahana ka tsebo eo Moetsi oa lintho tsohle e tlamehang ebe o na le eona! Bibele e bolela hore Molimo o bala linaleli tsohle le ho li thonya ka mabitso. Ke khopolo e hlollang hakaakang, kaha ho na le makholo a limilione tse likete a linaleli sehlopheng sa rōna sa linaleli, ’me litsebi tsa linaleli li bolela hore ho na le lihlopha tse ling tsa linaleli tse ka bang limilione tse likete li lekholo! (Pesaleme ea 147:⁠4) Molimo o boetse o tseba sohle ka rōna, ka hona ke mang e mong ea ka fanang ka likarabelo tse molemo lipotsong tsa bohlokoa tsa bophelo?​—⁠Matheu 10:⁠30.

4. Ke hobane’ng ha re lokela ho lebella hore Molimo a re fe litaelo tse re tataisang, hona ke buka efe e khotsofatsang tlhoko ee?

4 Nahana ka banna ba babeli ba lekang ho lokisa likoloi tsa bona. A ferekane, monna e mong o beha meja fatše. E mong o lokisa bothata boo a khutsitse, o sotha senotlolo, ’me oa bososela ha enjine e luma ’me e sebetsa hantle. U ne u ke ke ua ba le bothata ba ho nahana hore na ke mang ho banna ba babeli bana ea neng a e-⁠na le buka ea litaelo e tsoang ho baetsi ba koloi eo. Na ha ho utloahale hore Molimo o ne a tla fana ka litaelo hore li re tataise bophelong? Joalokaha u tseba, Bibele e ipolela e le sona seo hantle​—⁠buka ea litaelo le tataiso e tsoang ho ’Mōpi oa rōna, e reretsoeng ho nehelana ka tsebo ea Molimo.​—⁠2 Timothea 3:⁠16.

5. Tsebo e fuperoeng ke Bibele ke ea bohlokoa hakae?

5 Haeba boipolelo ba Bibele e le ’nete, nahana hore na ke letlotlo le lekaakang la tsebo leo buka eo e nang le lona! Ho Liproverbia 2:​1-⁠5, e re khothalletsa ho batla bohlale, re bo cheke joalokaha re ne re tla etsa ka letlotlo le patiloeng​—⁠eseng mobung oa monahano oa batho, empa Lentsoeng la Molimo ka sebele. Haeba re batla moo, re tla ‘fihlela tsebo ea Molimo.’ Kaha Molimo o utloisisa likhaello le litlhoko tsa rōna, o re fa taelo e tla re thusa ho phela bophelo bo nang le khotso le bo thabileng. (Pesaleme ea 103:​14; Esaia 48:​17) Ho feta moo, tsebo ea Molimo e re fa litaba tse molemo tse thabisang.

BOPHELO BO SA FELENG!

6. Jesu Kreste o ile a fana ka tiiso efe mabapi le tsebo ea Molimo?

6 Motho ea tsebahalang haholo historing, Jesu Kreste, o ile a hlalosa tšobotsi ena ea tsebo ea Molimo ka mantsoe a hlakileng. O ile a re: “Sena se bolela bophelo bo sa feleng, ho tsoela pele ba ithuisa tsebo ka uena, Molimo feela oa ’nete, le ka eo u mo romileng, Jesu Kreste.” (Johanne 17:⁠3) Nahana​—⁠tsebo e isang bophelong bo sa feleng!

7. Ke bopaki bofe bo teng ba hore Molimo o ne a sa rera hore re shoe?

7 Se ke ua potlakela ho qhelela bophelo bo sa feleng ka thōko e le toro feela. Ho e-⁠na le hoo, sheba tsela eo ’mele oa motho o entsoeng ka eona. Ka ho babatsehang o etselitsoe ho latsoa, ho utloa, ho fofonela, ho bona, le ho ama. Ho na le ho hongata lefatšeng ho thabisang kutlo ea rōna​—⁠lijo tse monate, pina e monate ea linonyana, lipalesa tse nkhang hamonate, ponahalo e ntle ea naha, botsoalle bo thabisang! ’Me boko ba rōna bo makatsang bo feta hōle computer e khōlōhali, hobane bo re nolofalletsa ho ananela le ho thabela lintho tsohle tse joalo. Na u nahana hore ’Mōpi oa rōna o batla hore re shoe ’me re lahleheloe ke see sohle? Na e ne e ke ke ea e-⁠ba ho utloahalang ho fihlela qeto ea hore o batla hore re phele ka thabo le ho thabela bophelo ka ho sa feleng? Seo ke sona seo tsebo ea Molimo e ka se bolelang ho uena.

BOPHELO PARADEISENG

8. Bibele e re’ng ka bokamoso ba moloko oa batho?

8 Seo Bibele e se buang ka bokamoso ba lefatše le moloko oa batho se ka ’na sa akaretsoa ka lentsoe le le leng​—⁠Paradeise! Jesu Kreste o ile a bua ka eona ha a ne a bolella monna e mong ea shoang: “U tla ba le ’na Paradeiseng.” (Luka 23:​43) Ha ho pelaelo hore ho boleloa ha Paradeise ho ile ha hopotsa monna eo boemo bo thabisang ba batsoali ba rōna ba pele, Adama le Eva. Ha Molimo a ba bōpa, ba ne ba phethahetse ’me ba phela serapeng se kang serapa sa lifate le lipalesa seo ’Mōpi a neng a se entse le ho se lema. Ka ho loketseng se ne se bitsoa serapa sa Edene, e leng lebitso le bolelang thabo.

9. Ho ne ho le joang ho phela Paradeiseng ea mathomo?

9 Serapa seo e ne e le se thabisang hakaakang! E ne e le paradeise ea sebele. Har’a lifate tsa sona tse ntle ho ne ho e-⁠na le tse behang litholoana tse monate. Ha Adama le Eva ba hlahloba sebaka seo ba se busang, ba noa metsi a sona a monate, le ho khola litholoana lifateng tsa sona, ba ne ba se na lebaka la ho tšoenyeha ka ho hong kapa ho tšaba. Esita le liphoofolo li ne li se na kotsi, hobane Molimo o ne a beile monna le mosali oa hae hore ba li buse ka lerato kaofela ha tsona. Ho phaella moo, batho ba babeli ba pele ba ne ba e-⁠na le bophelo bo sehlahlo ba ’mele. Hafeela ba ne ba lutse ba utloa Molimo, bokamoso bo sa feleng, bo thabileng bo ne bo ba letetse. Ba ne ba filoe mosebetsi o khotsofatsang oa ho hlokomela lehae la bona le babatsehang la Paradeise. Ho feta moo, Molimo o ile a fa Adama le Eva taelo ea ho ‘tlatsa lefatše, le ho rena holim’a lona.’ Bona le bana ba bona ba ne ba lokela ho atolosa meeli ea Paradeise ho fihlela ha polanete eohle ea rōna e e-⁠ba sebaka se setle le se thabisang.​—⁠Genese 1:⁠28.

10. Ha Jesu a ne a bua ka Paradeise, o ne a hopotse eng?

10 Leha ho le joalo, ha Jesu a ne a bua ka Paradeise, o ne a sa lebella hore monna eo ea shoang a nahane ka nako e fetileng ea khale-khale. Che, Jesu o ne a bua ka bokamoso! O ne a tseba hore lehae lohle la rōna la lefatšeng le ne le tla fetoha paradeise. Kahoo Molimo o ne a tla phethahatsa morero oa hae oa mathomo bakeng sa moloko oa batho le lefatše la rōna. (Esaia 55:​10, 11) E, Paradeise e tla tsosolosoa! Ebe e tla ba joang? E re Lentsoe la Molimo, Bibele e Halalelang, le arabele.

BOPHELO PARADEISENG E TSOSOLOSITSOENG

11. Paradeiseng e tsosolositsoeng, ho tla etsahala’ng ka ho kula, botsofali le lefu?

11 Ho kula, botsofali, le lefu li ke ke tsa hlola li e-⁠ba teng. “Ke moo mahlo a lifofu a tla tutuboloha, litsebe tsa ba thibaneng litsebe li bulehe. Sehlotsa se tla tlōla joalo ka khama, leleme la semumu le tla bina.” (Esaia 35:​5, 6) “Molimo ka boeena o tla ba le [moloko oa batho]. ’Me o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, ’me lefu ha le sa tla hlola le e-⁠ba teng, leha e le ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-⁠ba teng. Lintho tsa pele li fetile.”​—⁠Tšenolo 21:​3, 4.

12. Ke hobane’ng ha re ka tiiseha hore tlōlo ea molao, pefo, le bokhopo li ke ke tsa e-⁠ba teng Paradeiseng ea kamoso?

12 Tlōlo ea molao, pefo, le bokhopo li tla fela ka ho sa feleng. “Ba bolotsana ba tla felisoa . . . Ho se ho se hokae, ’me molotsana o tla ba sieo . . . o tla be a setse a le sieo; empa ba bonolo ba tla rua lefatše.” (Pesaleme ea 37:​9-11) “Empa ba babe ba tla khaoloa holim’a lefatše, ba lonya ba fotholoe ho lona.”​—⁠Liproverbia 2:⁠22.

13. Molimo o tla tlisa khotso joang?

13 Khotso e tla ba teng lefatšeng ka bophara. “O [Molimo] felisitse lintoa le ho isa pheletsong ea lefatše, o robile liqha, a robakanya marumo.” (Pesaleme ea 46:⁠9) “Ea lokileng o tla atleha, ’me khotso e ea ’ne e ate ho isa ha khoeli e lesa ho ba teng.”​—⁠Pesaleme ea 72:⁠7.

14, 15. Bibele e re’ng ka matlo, mosebetsi, le lijo Paradeiseng e tsosolositsoeng?

14 Matlo a tla fumaneha le mosebetsi e be o khotsofatsang. “Ba tla haha matlo, ba lule ho ’ona . . . Ba ke ke ba haha matlo, osele a lula teng, leha e le ho hloma merara, osele a je tholoana tsa eona, hobane matsatsi a sechaba sa ka a tla lekana le matsatsi a lifate, ’me bakhethoa ba ka ba tla bona mesebetsi ea matsoho a bona e tsofalla ho bona. Ba ke ke ba sebeletsa lefeela, ba ke ke ba tsoala bana, ’me ba lahleheloa ke bona kapele.”​—⁠Esaia 65:​21-⁠23.

15 Lijo tse matlafatsang li tla ba teng ka bongata. “Nala ea mabele e tla ba teng lefatšeng holim’a lithaba, liqoapi tsa ’ona li hoase.” (Pesaleme ea 72:​16) “Lefatše le melisitse lijo tsa lona. Molimo, Molimo oa rōna, o tla re hlohonolofatsa.”​—⁠Pesaleme ea 67:⁠6.

16. Ke hobane’ng ha bophelo Paradeiseng e tla ba bo thabisang?

16 Bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise e tla ba bo thabisang. “Ba lokileng ba tla ja lefa la lefatše, ’me ba tla hlola ho lona ka ho sa feleng.” (Pesaleme ea 37:​29) “Naha e tšehla e tla thaba, le lona lefatše le omeletseng; mahalaopa a tla nyakalla, a mele lipalesa joalo ka leshoma.”​—⁠Esaia 35:⁠1.

TSEBO LE BOKAMOSO BA HAO

17. (a) U lokela ho etsa eng haeba bophelo Paradeiseng bo ipiletsa ho uena? (b) Re tseba joang hore Molimo o tla tlisa liphetoho tse khōlō lefatšeng?

17 Haeba bophelo Paradeiseng bo ipiletsa ho uena, u se ke ua lumella letho ho u thibela ho fumana tsebo ea Molimo. O rata moloko oa batho ’me o tla tlisa liphetoho tse hlokahalang ho etsa lefatše paradeise. Etsoe, haeba u ne u e-⁠na le matla a ho felisa masoabi le ho hloka toka ho atileng hakana lefatšeng, na u ne u ke ke ua etsa joalo? Na re tla lebella hore Molimo a etse ho ka tlaase? Ha e le hantle, Bibele e bua ka ho hlakileng ka nako eo Molimo a tlang ho tlosa tsamaiso ena e tletseng mofere-fere ’me a e nkele sebaka ka puso e phethahetseng, e lokileng. (Daniele 2:​44) Empa Bibele e etsa ho fetang ho re bolella ka tsena tsohle. E re bontša kamoo re ka pholohelang lefatšeng le lecha le tšepisitsoeng ke Molimo kateng.​—⁠2 Petrose 3:​13; 1 Johanne 2:⁠17.

18. Tsebo ea Molimo e ka u etsetsa eng hona joale?

18 Tsebo ea Molimo e ka boetse ea u tsoela molemo le hona joale. Lipotso tse tebileng le tse tšoenyang ka ho fetisisa tsa bophelo li ea arabeloa ka Bibeleng. Ho amohela tataiso ea eona ho tla u thusa ho hōlisa botsoalle le Molimo. Ke tokelo e khōlō hakaakang! ’Me sena se tla u nolofalletsa ho thabela khotso eo e leng Molimo feela ea fanang ka eona. (Baroma 15:​13, 33) Ha u qala ho fumana tsebo ena ea bohlokoa, u qalisa tsela ea boikemisetso ba bohlokoahali le bo putsang ba bophelo ba hao. Le ka mohla u ke ke ua ikoahlaela ho fumana tsebo ea Molimo e isang bophelong bo sa feleng.

19. Ke potso efe eo re tlang ho e tšohla khaolong e latelang?

19 Re buile ka Bibele e le buka e nang le tsebo ea Molimo. Empa, re tseba joang hore hase buka ea bohlale ba batho, empa ke ho hong ho hoholo ho feta? Re tla tšohla potso ena khaolong e latelang.

LEKA TSEBO EA HAO

Ke hobane’ng ha tsebo ea Molimo e ka u isa thabong e sa feleng?

Bophelo bo tla ba joang Paradeiseng e tlang ea lefatšeng?

Ke hobane’ng ha u tla rua molemo ka ho fumana tsebo ea Molimo hona joale?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela