Thuto ea 5
Metsoalle ea Molimo e Tla Phela Paradeiseng
Paradeise ha e na ho tšoana le lefatše leo re phelang ho lona hona joale. Ha ho mohla Molimo a kileng a rata hore lefatše le tlale likhathatso le masoabi, bohloko le mahlomola. Nakong e tlang, Molimo o tla etsa lefatše paradeise. Paradeise e tla ba joang? A re boneng seo Bibele e se buang:
Batho ba molemo. Paradeise e tla ba lehae la metsoalle ea Molimo. E tla etsetsana lintho tse molemo. E tla phela ka litsela tsa Molimo tse lokileng.—Liproverbia 2:21.
Nala ea lijo. Paradeiseng, ho ke ke ha e-ba le tlala. Bibele e re: “Ho tla ba le lijo-thollo [kapa, lijo] tse ngata lefatšeng.”—Pesaleme ea 72:16.
Matlo a matle le mosebetsi o thabisang. Lefatšeng la Paradeise, lelapa le leng le le leng le tla ba le lehae la lona. E mong le e mong o tla etsa mosebetsi o thabisang e le kannete.—Esaia 65:21-23.
Khotso lefatšeng ka bophara. Batho ba ke ke ba hlola ba loana le ho shoela ntoeng. Lentsoe la Molimo le re: “[Molimo] o felisa lintoa.”—Pesaleme ea 46:8, 9.
Ho phela hantle ’meleng. Bibele ea tšepisa: “Ha ho moahi [oa Paradeiseng] ea tla re: ‘Kea kula.’” (Esaia 33:24) Hape, ha ho na ho ba le sehole kapa sefofu kapa sethōlō kapa semumu.—Esaia 35:5, 6.
Ho fela ha bohloko, masoabi le lefu. Lentsoe la Molimo le re: “Lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele li fetile.”—Tšenolo 21:4.
Batho ba babe ba tla be ba felile. Jehova oa tšepisa: “Ba khopo, ba tla felisoa lefatšeng; ’me ha e le ba bolotsana, ba tla tlosoa ho lona.”—Liproverbia 2:22.
Batho ba tla ratana ’me ba hlomphane. Leeme, khatello, meharo le lehloeo, ha li sa tla hlola li e-ba teng. Batho ba tla momahana ’me ba phele tumellanong le litsela tsa Molimo tse lokileng.—Esaia 26:9.