Lefatše la Paradeise
Jehova o tla felisa bobe bohle boo Satane a bo entseng. Jehova o entse Jesu Morena holim’a lefatše lohle. Tlas’a bobusi ba hae, lefatše le tla etsoa hore e be paradeise.—Daniele 7:13, 14; Luka 23:43, NW.
Jehova o tšepisa lintho tsena:
NALA EA LIJO: “Lefatše le melisitse lijo tsa lona. Molimo, Molimo oa rōna, o tla re hlohonolofatsa.” “Nala ea mabele e tla ba teng lefatšeng holim’a lithaba, liqoapi tsa ’ona li hoase.”—Pesaleme ea 67:6; 72:16.
HA HO SA TLA BA LE NTOA: “Tlong, le bohe liketso tsa Jehova, kamoo a sentseng lefatše kateng. O felisitse lintoa le ho isa pheletsong ea lefatše.”—Pesaleme ea 46:8, 9.
HA HO SA TLA BA LE BATHO BA BABE: “Hobane ba bolotsana ba tla felisoa . . . Ho se ho se hokae, ’me molotsana o tla ba sieo; u tla qamaka tulo tsa hae, empa o tla be a setse a le sieo.”—Pesaleme ea 37:9, 10.
HA HO SA TLA BA LE HO KULA, MASOABI, KAPA LEFU: “Ke moo mahlo a lifofu a tla tutuboloha, litsebe tsa ba thibaneng litsebe li bulehe. Sehlotsa se tla tlōla joale ka khama, leleme la semumu le tla bina.”—Esaia 35:5, 6.
“Molimo o tla ba le bona ka sebele sa oona, e be Molimo oa bona. Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona; lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng; ’me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko; hobane tsa pele li fetile.”—Tšenolo 21:3, 4.
Le ka mohla Jehova ha a bue leshano, ha a tšoane le Satane le bademona. Ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo a e tšepisang e tlameha ho phethahala. (Luka 1:36, 37) Jehova oa u rata ’me o batla hore u phele Paradeiseng eo a tla e etsa. Kahoo iteanye le Lipaki tsa Jehova e le hore u ithute ho eketsehileng ka linnete tse tsotehang tse fumanoang ka Lentsoeng la Molimo. Haeba u sebelisa ’nete bophelong ba hao, u tla lokolloa botlamuoeng ba lintho tsa bohata, tumela-khoela, le ho hloka tsebo. Ka mor’a nako, u tla be u lokolloe botlamuoeng ba sebe le lefu. Ho joalokaha Jesu a itse: “Le tla tseba ’nete, ’me ’nete e tla le lokolla.”—Johanne 8:32.